Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

KHAOLO EA 10

Lelapa la bo Jesu le ea Jerusalema

Lelapa la bo Jesu le ea Jerusalema

LUKA 2:​40-52

  • JESU O BOTSA MESUOE LIPOTSO HA A LE LILEMO LI 12

  • JESU O BITSA JEHOVA “NTATE”

Ke nako ea selemo ’me lelapa la Josefa, beng ka eena, le metsoalle ba itokisetsa ho ea Jerusalema joalokaha ba etsa selemo le selemo. Ba ea moo bakeng sa mokete oa Paseka joalokaha Molao o laela. (Deuteronoma 16:​16) Ho tloha Nazaretha ho ea Jerusalema e ka ba lik’hilomithara tse 120. Ka nako ena batho ba maphatha-phathe, ba thabile ba itokisetsa leeto. Jesu o se a le lilemo li 12, ’me le eena o thabile, o tatetse ho fihla tempeleng.

Mokete oa Paseka ha o nke letsatsi le le leng hobane ka mor’a letsatsi la Paseka, ho qala mokete oa Mahobe a sa Lomosoang o nkang matsatsi a supileng. (Mareka 14:1) Matsatsi ana kaofela a nkoa e ntse e le nako ea Paseka. Nako eo lelapa la bo Jesu le e qetang le le tseleng e eang Jerusalema le ho khutla, le eo le e qetang moketeng Jerusalema e ka etsa libeke tse peli. Leha ho le joalo, selemong sena ba nka nako e teletsana ka lebaka la bothata bo amanang le Jesu. Bothata bona bo amana le seo ba se hlokomelang ha ba khutlela hae.

Nakong eo ba khutlelang hae, Maria le Josefa ba nahana hore Jesu o sehlopheng se pele sa metsoalle le beng ka bona. Leha ho le joalo, ha shoalane e tšoara ’me ba khefutsa, ha ba mo bone. Joale baa tsamaea ba il’o mo batla ho metsoalle ea bona, empa ha ba mo fumane. Ha ho na motho ea tsebang hore na o hokae. Kahoo ba etsa qeto ea ho khutlela Jerusalema ba il’o mo batla teng.

Ha Maria le Josefa ba fihla Jerusalema, ba sokola ho fumana Jesu ka matsatsi a mabeli kaofela. Qetellong, ba mo fumana ka mor’a matsatsi a mararo a le ka tempeleng. O lutse har’a mesuoe ea Bajuda ’me o ba mametse ka hloko, ebile o ba botsa lipotso. Mesuoe ena e hlolletsoe ke tsela eo a leng bohlale ka eona.

Maria o re ho Jesu: “Ngoana, ke hobane’ng ha u re entse tjee? Bona, ’na le ntat’ao re ’nile ra u batla re khathatsehile.”​—Luka 2:48.

Jesu o makatsoa ke hore batsoali ba hae ba ne ba sa tsebe hore na o hokae. O re: “Ke hobane’ng ha le ne le lokela ho tsamaea le mpatla? Na le ne le sa tsebe hore ke tla ba ka tlung ea Ntate?”​—Luka 2:49.

Ha Maria le Josefa ba se ba fumane Jesu, ba khutlela hae Nazaretha, ’me Jesu o tsoela pele a ntse a ba hlompha. O hola hantle ’meleng hape ke ngoana ea bohlale. Le hoja a ntse a le monyenyane, o ratoa ke Molimo le batho. O beha mohlala o motle ka ho etsa hore thato ea Jehova e tle pele bophelong ba hae le ka ho hlompha batsoali ba hae.