Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

KHAOLO EA 12

Jesu oa Kolobetsoa

Jesu oa Kolobetsoa

MATHEU 3:​13-17 MAREKA 1:​9-11 LUKA 3:​21, 22 JOHANNE 1:​32-34

  • JESU OA KOLOBETSOA EBILE E E-BA MOTLOTSUOA

  • JEHOVA O RE JESU KE MORA OA HAE

E se e le likhoeli tse tšeletseng Johanne Mokolobetsi a ruta ka ’Muso oa Molimo. Ka nako ena, Jesu o se a ka ba lilemo li 30 ’me o tla ho Johanne Nokeng ea Jordane. Ebe o tl’o etsa’ng? Ha aa tlela hore ba tl’o iqoqela ka litaba tsa bona kapa ho bona hore na mosebetsi oa hae o ea joang. O tletse hore Johanne a tl’o mo kolobetse.

Leha ho le joalo, Johanne oa hana, o re: “Ke ’na ea hlokang ho kolobetsoa ke uena, ’me uena u tla ho ’na?” (Matheu 3:​14) Johanne oa tseba hore Jesu ke Mora oa Molimo. Hopola hore ha Maria a ne a lebeletse Jesu, Johanne o ile a tlola ke thabo ka popelong ea ’mè oa hae Elizabetha nakong eo Maria a neng a lumelisa. Re kholisehile hore Elizabetha o ile a phetela Johanne ka taba ena. Mohlomong Johanne o ile a tseba le hore Gabriele o ile a phatlalatsa tsoalo ea Jesu, hape o ile a tseba le ka mangeloi a ileng a hlaha ho balisana bosiung ba mohla Jesu a hlahang.

Johanne oa utloisisa hore batho ba kolobetsoa hobane ba baketse libe tsa bona. Leha ho le joalo, Jesu eena ha a na sebe. Le hoja Johanne a hana ho mo kolobetsa, Jesu oa mo phehella o re: “Tlohela ho be joalo, lekhetlong lena, etsoe ka tsela eo ho re loketse ho phetha sohle se lokileng.”​—Matheu 3:15.

Jesu ha a kolobetsoe hobane a bakela libe tsa hae. Joale o kolobetsoa hobane’ng? O kolobetsoa hobane a bontša hore o ikemiselitse ho etsa thato ea Ntate oa hae. (Baheberu 10:​5-7) Haesale Jesu e le ’metli oa mapolanka, empa hona joale ke nako ea hore a qale ho etsa mosebetsi oo Ntate oa hae a mo rometseng hore a o etse lefatšeng. Na u nahana hore Johanne o lebelletse hore ho etsahale mohlolo ha Jesu a kolobetsoa?

Hamorao Johanne o re: “Ea nthometseng ho kolobetsa ka metsi o ile a re ho ’na, ‘Mang kapa mang eo u bonang moea o theohela holim’a hae ’me o lula, enoa ke eena ea kolobetsang ka moea o halalelang.’ ” (Johanne 1:​33) Johanne oa tseba hore ho na le motho eo e tla re ha a mo kolobetsa, moea o halalelang oa Molimo o theohele holim’a hae. Kahoo ho ka etsahala hore ebe Johanne ha aa ka makala ha “moea oa Molimo o theoha joaloka leeba o tla holim’a [Jesu],” ha a tsoa ka metsing.​—Matheu 3:16.

Ha Jesu a kolobetsoa ho etsahala mohlolo o fetang oo. ‘Maholimo aa buleha.’ Taba ee e bolela’ng? E ka ’na eaba e bolela hore ha Jesu a kolobetsoa, o hopola lintho tsohle tseo a neng a li tseba ha a le leholimong. Kahoo, joale o se a hopola lintho tseo Jehova a mo rutileng tsona pele a tla lefatšeng.

Ho feta moo, ha Jesu a kolobetsoa, ho hlaha lentsoe leholimong le re: “Enoa ke Mora oa ka, ea ratoang, eo ke mo amohetseng.” (Matheu 3:17) Ke lentsoe la mang leo? E ke ke eaba ke lentsoe la Jesu hobane ke enoa pel’a Johanne. Leo ke lentsoe la Molimo. Ho hlakile hore Jesu ha se Molimo ea matla ’ohle empa ke Mora oa Molimo.

Feela joalokaha Adama e ne e le mora oa Molimo, Jesu le eena ha a le lefatšeng, ke mora oa Molimo ea phethahetseng. Ka mor’a hore a bue ka kolobetso ea Jesu, morutuoa Luka o ile a re: “Ha [Jesu] a qala mosebetsi oa hae, o ne a ka ba lilemo li mashome a mararo, ’me kamoo maikutlo a neng a le kateng, e le mora oa Josefa, mora oa Heli, . . . mora oa Davida, . .  . mora oa Abrahama, . . . mora oa Noe, . . . mora oa Adama, mora oa Molimo.”​—Luka 3:​23-38.

Molimo o tšollela moea oa hae o halalelang holim’a Jesu ha a kolobetsoa. Kahoo Jesu oa utloisisa hore ke Mora oa Molimo ’me o tla khutlela leholimong. Ho tloha ka nako ena, Jesu o qala ho etsa mosebetsi oo Molimo a mo rometseng hore a o etse, kaha o se a ka ruta batho ’nete ka Molimo le ka tsela e isang bophelong. O phethela mosebetsi ona nakong eo a re shoelang.