Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

KHAOLO EA 13

Re Ithuta’ng Litekong Tse Hlahetseng Jesu?

Re Ithuta’ng Litekong Tse Hlahetseng Jesu?

Moea o halalelang o isa Jesu lefeelleng la Judea hang-hang ka mor’a hore Johanne a mo kolobetse. Ho na le lintho tse ngata tseo a lokelang ho nahana ka tsona. Ha Jesu a kolobetsoa, ‘maholimo a ile a buleha.’ (Matheu 3:​16) Joale o hopola lintho tsohle tseo a ithutileng tsona le tseo a ileng a li etsa ha a le leholimong. Kahoo ehlile ho na le lintho tse ngata tseo a lokelang ho thuisa ka tsona.

Jesu o qeta matsatsi a 40 le masiu a 40 a le lefeelleng a sa je. O lapile haholo, kahoo Satane oa mo leka o re: “Haeba u mora oa Molimo, bolella majoe ana hore a fetohe mahobe.” (Matheu 4:3) Jesu oa tseba hore ke phoso ho sebelisa matla a hae a ho etsa mehlolo molemong oa ho ikhotsofatsa, kahoo oa hana.

Satane o leka Jesu hape. O re a itihele fatše a le sehlohlolong sa tempele e le hore mangeloi a ka mo kapa. Leha ho le joalo, Jesu o hana ho etsa mponeng. O qotsa mangolo ho bontša hore ke phoso ho leka Molimo ka tsela eo.

Satane o boetse o leka Jesu ka lekhetlo la boraro. O mo bontša mebuso eohle ea lefatše le khanya ea eona ’me o re ho eena: “Lintho tsena tsohle ke tla u fa tsona haeba u ka itihela fatše ’me ua nketsetsa ketso ea borapeli.” Jesu ha a qeaqee ’me o re ho eena: “Tloha, Satane!” (Matheu 4:​8-10) Ha a tsilatsile ha a lokela ho etsa qeto e nepahetseng. O hana liteko tsena tsa Satane hobane oa tseba hore o lokela ho rapela Jehova feela. Kahoo o khetha ho tšepahalla Jehova.

Ho na le seo re ithutang sona litekong tsena le tseleng eo Jesu a ileng a arabela ka eona. Ehlile Satane o teng oa phela, empa re ke ke ra khona ho mo bona. Taba ena ea bontša hore mebuso eohle e lefatšeng ke ea Satane ebile e laoloa ke eena. Na taba ee e ne e ka ba teko ho Jesu haeba lintho tsee e ne e se tsa Satane?

Satane o ile a re o ikemiselitse ho fa Jesu mebuso eohle ea lefatše hafeela a ka mo etsetsa ketso e le ’ngoe ea borapeli. Satane a ka re leka ka tsela e tšoanang, mohlomong ka ho re nonosa menyetla eo lefatše lena le ka re fang eona ea ho fumana maemo, borui, kapa matla. Re tla be re bontša hore re bohlale haeba re latela mohlala oa Jesu oa hore re lule re tšepahala ho Molimo ho sa tsotellehe liteko tseo re kopang le tsona. Leha ho le joalo, kaha Satane ha a tele, o ile a mo tlohela “ho fihlela nakong e ’ngoe e loketseng.” (Luka 4:​13) Le rona re ka etsahalloa ke ntho e tšoanang, kahoo re lokela ho lula re ikatetse.