Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

KHAOLO EA 19

Jesu o Ruta Mosali oa Mosamaria

Jesu o Ruta Mosali oa Mosamaria

JOHANNE 4:​3-43

  • JESU O RUTA MOSALI OA MOSAMARIA LE BA BANG

  • BORAPELI BOO MOLIMO A BO AMOHELANG

Jesu le barutuoa ba hae ba tsoa Judea ba ea Galilea, ’me ba paroletsa le seterekeng sa Samaria. Letsatsi le hlohong tsa mengala ’me ba khathetse. Kahoo, ba phomola haufi le toropo ea Sikare pel’a seliba seo mohlomong se chekiloeng ke Jakobo kapa seo a ileng a hira batho hore ba se cheke lilemong tse ngata tse fetileng. Seliba sena se ntse se le teng le mehleng ena haufi le toropo ea Nablus.

Ha Jesu a phomotse selibeng, barutuoa ba hae ba ea toropong e haufi ho ea reka lijo. Ha ba qeta ho tsamaea, ho fihla mosali oa Mosamaria a tl’o kha metsi. Jesu o re ho eena: “Mphe metsi ke noe.”​—Johanne 4:7.

Bajuda le Basamaria ha ba okhelane mollo ho hang ka lebaka la lehloeo le tebileng le teng lipakeng tsa bona. Kahoo, mosali enoa oa makala o re: “Ho tla joang hore uena, le hoja u le Mojuda, u nkope se nooang, ha ’na ke le mosali oa Mosamaria?” Ha Jesu a mo araba o re: “Haeba u ne u tsebile mpho e sa lefelloeng ea Molimo le hore na ke mang ea reng ho uena, ‘Mphe metsi ke noe,’ u ka be u mo kopile, ’me a ka be a u file metsi a phelang.” Leha ho le joalo, mosali enoa o re ho eena: “Mohlomphehi, ha u na leha e le nkho ea ho kha metsi, ’me seliba se tebile. Ka hona, metsi aa a phelang ao u nang le oona a tsoa mohloling ofe? Ha u moholo ho moholo-holo oa rona Jakobo, ea ileng a re fa seliba sena le eo eena hammoho le bara ba hae le likhomo tsa hae ba ileng ba noa ho sona, na ha ho joalo?”​—Johanne 4:​9-12.

Jesu o re ho mosali oa Mosamaria: “E mong le e mong ea noang metsi ana o tla boela a nyoroe. Mang kapa mang ea noang metsi ao ke tla mo fa ’ona ho hang a ke ke a nyoroa le ka mohla, empa metsi ao ke tla mo fa ’ona a tla fetoha ka ho eena seliba sa metsi a tšikhunyang ho fana ka bophelo bo sa feleng.” (Johanne 4:​13, 14) Le hoja Jesu a khathetse, o ikemiselitse ho ruta mosali enoa oa Mosamaria thuto ea bohlokoa e pholosang bophelo.

Mosali oa Mosamaria o re ho Jesu: “Mohlomphehi, mphe metsi ana, e le hore ke se ke ka nyoroa kapa ka ’na ka tla sebakeng sena ho kha metsi.” Ho bonahala eka joale Jesu o fetola moqoqo, o re: “Tsamaea, u bitse monna oa hao ’me u tle sebakeng sena.” Ha mosali oa Mosamaria a araba o re: “Ha ke na monna.” Jesu ha a mo araba o re: “U boletse hantle, ‘Ha ke na monna.’ Etsoe u bile le banna ba bahlano, ’me monna eo u nang le eena hona joale ha se monna oa hao.” E tlameha ebe Jesu o tšositse mosali enoa ka hore ebe o tseba litaba tsena ka eena.​—Johanne 4:​15-18.

Mantsoe ana a Jesu a bontša mosali oa Mosamaria hore ha e le hantle Jesu ha se motho feela ea tloaelehileng. Ka ho makala o re: “Mohlomphehi, kea lemoha hore u moprofeta.” O tsoela pele ho bontša hore o na le thahasello linthong tsa Molimo, o re: “Baholo-holo ba rona ba ile ba rapela thabeng ena [Thaba ea Gerizime], empa lona [Bajuda] le re Jerusalema ke sona sebaka seo batho ba tšoanelang ho rapela ho sona.”​—Johanne 4:​19, 20.

Jesu oa mo hlalosetsa hore ha e le hantle sebaka sa borapeli ha se sona sa bohlokoa. O re ho eena: “Mosali, ntumele, hora ea tla eo ka eona le ke keng la rapela Ntate thabeng ena kapa Jerusalema, . . . hora ea tla, ’me ke eona hona joale, eo ka eona barapeli ba ’nete ba tla rapela Ntate ka moea le ka ’nete, etsoe, ka sebele, Ntate o batla ba joalo hore ba mo rapele.”​—Johanne 4:​21, 23, 24.

Ntho ea bohlokoa ho Ntate ha se hore na batho ba mo rapela ba le hokae, empa ke hore na ba mo rapela joang. Mosali enoa o bua a hloletsoe o re: “Kea tseba hore Mesia oa tla, ea bitsoang Kreste. Neng kapa neng ha a fihla, o tla re bolella lintho tsohle pepenene.”​—Johanne 4:25.

Jesu o mo senolela ’nete ea bohlokoa o re: “ ’Na ea buang le uena ke eena.” (Johanne 4:​26) Nahana feela! Har’a mpa ea motšehare, mosali o tl’o kha metsi selibeng ’me o kopana le Jesu. Jesu o utloa a mo ratile ebile o mo bolella ntho eo a e-s’o ka a e bolella mang kapa mang, ea hore ke eena Mesia.

BASAMARIA BA BANGATA BA LUMELA HO JESU

Ha barutuoa ba Jesu ba tsoa reka lijo, ba fumana Jesu moo ba mo siileng teng selibeng sa Jakobo a ntse a bua le mosali oa Mosamaria. Mosali enoa o siea nkho ea hae moo o khutlela motseng.

Ha mosali oa Mosamaria a fihla Sikare, o bolella batho lintho tseo Jesu a mo boleletseng tsona. O re ho bona: “Tloong mona, le bone motho ea mpoleletseng lintho tsohle tseo ke li entseng.” Mohlomong o batla ho tsosa thahasello ea bona, joale o re: “Na enoa mohlomong ha se eena Kreste?” (Johanne 4:​29) Potso ena ea bohlokoa ke eo esale batho ba batla ho tseba karabo ea eona. (Deuteronoma 18:​18) E susumetsa batho ba bangata hore ba batle ho bona Jesu ka bobona.

Ka nako ena barutuoa ba Jesu ba khothalletsa Jesu hore a je, empa ha a ba araba o re: “Ke na le lijo tseo ke lokelang ho li ja tseo le sa tsebeng ka tsona.” Joale barutuoa ba hae baa makala ’me ba qala ho botsana ba re: “Na ho na le ea mo tliselitseng letho le jeoang?” Jesu o ba hlalosetsa ka tsela eo ba ka e utloisisang o re: “Lijo tsa ka ke hore ke etse thato ea Ea nthomileng le hore ke qete mosebetsi oa hae.”​—Johanne 4:​32-34.

Mosebetsi oo Jesu a buang ka oona ha se oa ho kotula lijo-thollo, o tla etsahala ka mor’a likhoeli tse ’nè. O bua ka ho etsa barutuoa. Jesu o re ho bona: “Phahamisang mahlo ’me le talime masimo, hore a soeufetse bakeng sa kotulo. Mokotuli o se a amohela moputso le ho bokella litholoana bakeng sa bophelo bo sa feleng, e le hore mojali le mokotuli ba ka thaba hammoho.”​—Johanne 4:​35, 36.

Mohlomong Jesu oa hlokomela hore lintho tseo a li buileng ho mosali oa Mosamaria li etsa hore batho ba bangata ba behe tumelo ho eena. Mosali eo o ntse a bolella batho a re: “O mpoleletse lintho tsohle tseo ke li entseng.” (Johanne 4:​39) Ha batho ba Sikare ba fihla selibeng, ba kopa Jesu hore a lule ’me a bue le bona haleletsana. Kahoo Jesu o lumela ho qeta matsatsi a mabeli Samaria.

Ha Basamaria ba ntse ba mametse Jesu, ba bangata ba bona ba lumela ho eena. Ba re ho mosali oa Mosamaria: “Ha re sa lumela ka lebaka la puo ea hao, etsoe re ikutloetse ’me rea tseba hore monna enoa kannete-nete ke mopholosi oa lefatše.” (Johanne 4:​42) Mosali oa Mosamaria o re behetse mohlala oa hore ha re bolella batho ka Jesu, re bue lintho tse tla etsa hore ba be le thahasello ea ho batla ho tseba haholoanyane.

Re tla hopola hore ho setse likhoeli tse ’nè pele ho kotulo. Kamoo ho bonahalang kateng, ho ne ho kotuloa harese sebakeng sena ka nako ea selemo. Ho ka etsahala hore ebe ke khoeli ea November kapa December. Taba ena e bolela hore Jesu le barutuoa ba hae ba qetile likhoeli tse robeli ba le Judea, ba ruta ba bile ba kolobetsa ho tloha ka mor’a Paseka ea selemo sa 30. Joale ba ea habo bona Galilea. Ebe ho tl’o etsahala’ng ha ba fihla teng?