Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

KHAOLO EA 24

Jesu o Sebetsa Haholoanyane Galilea

Jesu o Sebetsa Haholoanyane Galilea

MATHEU 4:​23-25 MAREKA 1:​35-39 LUKA 4:​42, 43

  • JESU O HAOLA LE GALILEA LE BARUTUOA BA HAE BA BANÈ

  • BATHO BA BANGATA BA UTLOELA KA MOSEBETSI OA JESU

Jesu le barutuoa ba hae ba Kapernauma ’me ba phathahane haholo. Mantsiboea batho ba tlisa bakuli ho Jesu hore a ba phekole. Kahoo, Jesu o qetella a se na nako ea ho rapela ntate oa hae a le boinotšing.

Letsatsing le hlahlamang, Jesu o tsoha ka matjeke o batla sebaka seo a ka bang mong ho sona e le hore a ka rapela ntate oa hae. Ho e-s’o ee kae, barutuoa ba hae baa hlokomela hore ha a eo, ’me “Simone le ba nang le eena” baa mo tsoma. E ka ’na eaba Petrose o li hula nthau letšolong lena hobane Jesu o ne a fihletse ha hae.​—Mareka 1:​36; Luka 4:38.

Ha Petrose a fumana Jesu o re ho eena: “Bohle baa u batla.” (Mareka 1:​37) Ho hlakile hore batho ba Kapernauma ha ba batle ha Jesu a tsamaea hobane ba ananela mosebetsi oa hae, kahoo “ba leka ho mo thibela ho tloha ho bona.” (Luka 4:​42) Na Jesu o tletse lefatšeng ho etsa mehlolo feela? Hape na mosebetsi oa hae o lokela ho fella sebakeng see feela? Ha re utloe hore na o re’ng ka taba ena.

Ha Jesu a araba barutuoa ba hae o re: “A re eeng sebakeng se seng sesele, litoropong tse haufi tsa metsana, e le hore nka bolela le moo, kaha ke tsoile ka morero ona.” O boetse o re ho batho ba sa batleng ha a tsamaea: “Ke tla bolela litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo le metseng e meng, hobane ke rometsoe sena.”​—Mareka 1:​38; Luka 4:43.

Ha e le hantle, lebaka le ka sehloohong leo Jesu a tlileng lefatšeng ka lona ke ho ruta batho ka ’Muso oa Molimo. ’Muso ona o tla halaletsa lebitso la Ntate oa hae. Hape o tla felisa mafu ’ohle a batho. Jesu o fana ka bopaki ba hore ha e le hantle o rometsoe ke Molimo ha a folisa batho ka mohlolo. Ka tsela e tšoanang, lilemong tse ngata tse fetileng, Moshe le eena o ile a etsa mesebetsi e meholo e leng se neng se paka hore o rometsoe ke Molimo.​—Exoda 4:​1-9, 30, 31.

Jesu le barutuoa ba hae ba banè ba tloha Kapernauma ho ea ruta le metseng e meng. Barutuoa bana ke Petrose le mor’abo Andrease hammoho le Johanne le mor’abo Jakobo. Beke pejana, Jesu o ile a ba mema hore e be basebetsi-’moho le eena ba pele.

Mosebetsi oa Jesu le barutuoa bana ba banè o atleha haholo. Batho ba utloela ka Jesu le libakeng tse hole. “Tlaleho e mabapi le eena ea kena Syria eohle” le litoropong tse ling tse leshome tse bitsoang Dekapolise ho ea fihla ka nģane ho Noka ea Jordane. (Matheu 4:​24, 25) Batho ba bangata ba tsoang libakeng tsena, ho akarelletsa le ba tsoang Judea ba latela Jesu le barutuoa ba hae. Ba tlisa batho ba kulang hore Jesu a ba folise ’me Jesu ha a ba soetse. O folisa bohle ba kulang ’me o leleka bademona.