Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

KHAOLO EA 26

“U Tšoaretsoe Libe”

“U Tšoaretsoe Libe”

MATHEU 9:​1-8 MAREKA 2:​1-12 LUKA 5:​17-26

  • JESU O TŠOARELA LIBE TSA MONNA EA HOLOFETSENG EBILE OA MO FOLISA

Batho ba tsoang libakeng tse hole ba se ba utloetse ka Jesu. Batho ba bang ba ea le libakeng tseo ho leng thata ho fihla ho tsona hore feela ba utloe ha Jesu a ruta le hore ba bone ha a etsa mehlolo. Ka mor’a matsatsinyana, Jesu o khutlela Kapernauma e leng moo a qetang boholo ba nako ea hae teng. Litaba tsa hore o khutlile li tsebahala hohle motseng ona o haufi le Leoatle la Galilea. Kahoo batho ba bangata ba tla moo a lulang. Ba bang ba bona ke Bafarisi le mesuoe ea Molao e tsoang Galilea le Judea, ho akareletsa le Jerusalema.

‘Ka lebaka leo ba bangata baa bokana, hoo ho seng ho se na sebaka, esita le pel’a monyako, ’me o qala ho ba bolella lentsoe.’ (Mareka 2:2) Joale ho etsahala ntho e ’ngoe e tsotehang. Ketsahalo ena e ka re thusa ho hlokomela hore Jesu o na le matla a ho felisa lintho tsohle tse re utloisang bohloko le hore a ka folisa mang kapa mang eo a batlang ho mo folisa.

Ha Jesu a ntse a ruta ka kamoreng e tletseng batho, banna ba banè ba tlisa monna ea shoeleng litho ka lempara. Banna bana ba batla hore Jesu a folise motsoalle oa bona. Leha ho le joalo, ha ba “khone ho mo tlisa ho Jesu ka lebaka la bongata.” (Mareka 2:4) U ka inahanela hore na taba ena e nyahamisa joang. Leha ho le joalo, ha ba tele. Ba hloella ka holim’a marulelo ’me ba phunya lesoba, ha ba qeta ba theolela lempara le nkileng monna enoa ea holofetseng ka tlung.

Na tšitiso ee e halefisa Jesu? Le hanyenyane! Ho e-na le ho ba halefela, o tsota tumelo ea bona ’me o re ho monna ea holofetseng: “U tšoaretsoe libe.” (Matheu 9:2) Na ehlile Jesu a ka tšoarela libe? Bafarisi le bangoli baa korotla ba re: “Ke hobane’ng ha monna enoa a bua ka mokhoa oo? Oa nyefola. Ke mang ea ka tšoarelang libe ha e se a le mong, Molimo?”​—Mareka 2:7.

Kaha Jesu o tseba seo ba se nahanneng, o re ho bona: “Ke hobane’ng ha le nahana lintho tsee ka lipelong tsa lona? Ke hofe ho bonolo, ho re ho motho ea shoeleng litho, ‘u tšoaretsoe libe,’ kapa ho re, ‘ema ’me u nke lempara la hao u tsamaee’?” (Mareka 2:​8, 9) Ka lebaka la sehlabelo seo Jesu a tla fana ka sona, a ka khona ho tšoarela libe.

Joale Jesu o bontša letšoele lena le batho ba mo nyefolang hore o na le matla a ho tšoarela batho libe. O re ho monna ea holofetseng litho: “Ke re ho uena, ema, u nke lempara la hao, ’me u ee lapeng la hao.” Monna enoa o tsoa hang-hang a nkile lempara la hae pontšeng ea batho bohle. Batho bohle ba hlolletsoe ’me ba tlotlisa Molimo ba re: “Le ka mohla ha re e-s’o bone ho kang hona.”​—Mareka 2:​11, 12.

Hlokomela hore Jesu o amahanya sebe le ho kula, ho tšoareloa libe le ho phela hantle ’meleng. Bibele e re ruta hore motsoali oa rona oa pele e leng Adama o ile a etsa sebe ’me kaofela ha rona re futsitse sebe sa hae ’me litla-morao tsa sona ke bokuli le lefu. Ha ’Muso oa Molimo o se o busa, Jesu o tla tšoarela libe tsa batho bohle ba ratang Molimo le ba mo sebeletsang. Kahoo bokuli bo tla fela.​—Baroma 5:​12, 18, 19.