Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

KHAOLO EA 30

Jesu o Amana Joang le Molimo?

Jesu o Amana Joang le Molimo?

JOHANNE 5:​17-47

  • MOLIMO KE NTATE OA JESU

  • BAFU BA TLA TSOHA

Ha Bajuda ba bang ba qosa Jesu ka hore o tlotse molao ka ho folisa monna e mong ka Sabatha, o ba araba ka ho re: “Ntate o ’nile a tsoela pele ho sebetsa ho fihlela joale, le ’na ke tsoela pele ho sebetsa.”​—Johanne 5:17.

Seo Jesu a se etsang ha se tlolo ea molao oa Molimo oa Sabatha. Ha a ruta batho le ho ba folisa, o etsisa mesebetsi ea Ntate oa hae e metle. Kahoo, Jesu o tsoela pele ho etsa lintho tse ntle letsatsi le letsatsi. Joale batho bana ba mo qosang ba koata le ho feta ha ba utloa tsela eo a ba arabang ka eona ’me ba batla ho mo bolaea. Ba halefisoa ke’ng?

Le hoja ba koatile hobane ba nka hore Jesu o tlotse Molao ka ho folisa motho ka Sabatha, ntho e ba halefisang le ho feta ke hore Jesu o ipitsa Mor’a Molimo. Ba nka Jesu a nyefola ha a ipitsa Mor’a Molimo ’me ho bona ho tšoana le ha a re o lekana le Molimo. Leha ho le joalo, Jesu ha aa tšoha, o ba hlalosetsa ka kamano e khethehileng e teng lipakeng tsa hae le Molimo, o re: “Ntate o rata Mora ’me o mo bontša lintho tsohle tseo a li etsang.”​—Johanne 5:20.

Molimo ke eena ea fanang ka bophelo. O ile a bontša sena nakong e fetileng ha a ne a thusa bahlanka ba hae hore ba tsose bafu. Jesu o boetse o re: “Etsoe feela joalokaha Ntate a tsosa bafu ’me a ba phelisa, kahoo Mora le eena o phelisa bao a batlang ho ba phelisa.” (Johanne 5:​21) Mantsoe ana a hae ke a bohlokoa ’me a fana ka tšepo. Jesu o se a ntse a tsosa batho bafung ka tsela ea tšoantšetso. Ke kahoo a reng: “Ea utloang lentsoe la ka ’me a lumela ea nthomileng o na le bophelo bo sa feleng, ’me ha a tle kahlolong empa o fetile lefung ho ea bophelong.”​—Johanne 5:24.

Ka nako ena, ha ho tlaleho e bontšang hore Jesu o se a kile a tsosa bafu empa o joetsa batho bana ba mo qosang hore ehlile ho na le batho ba tla tsoha. O re: “Hora ea tla eo ka eona bohle ba mabitleng a khopotso ba tla utloa lentsoe la hae ’me ba tsoe.”​—Johanne 5:​28, 29.

Ke ’nete hore Jesu o etsa mosebetsi o hlollang empa oa hlakisa hore Molimo o moholo ho eena. O re: “Nke ke ka etsa ntho le e ’ngoe e itsoelang ho ’na. . . . Ha ke batle thato ea ka, empa ke batla thato ea ea nthomileng.” (Johanne 5:​30) Leha ho le joalo, Jesu o hlalosa mosebetsi oa bohlokoa oo a o etsang e le ho phethahatsa morero oa Molimo. Lena ke lekhetlo la pele a bua ka taba ena phatlalatsa. Leha ho le joalo, batho bana ba qosang Jesu ba tseba bopaki bo bong hape kantle ho bona boo Jesu a buang ka bona. Jesu oa ba hopotsa o re: “Le rometse batho ho Johanne [Mokolobetsi], ’me o paketse ’nete.”​—Johanne 5:33.

Ho ka etsahala hore ebe batho bana ba qosang Jesu ba tseba mantsoe ao Johanne a ileng a a bua lilemong tse peli tse fetileng ho baeta-pele ba bolumeli ba Sejuda. O ile a re ho na le Ea tlang ka mor’a hae ’me eo o tla bitsoa “Moprofeta” le “Kreste.” (Johanne 1:​20-25) Jesu o ba hopotsa kamoo ba neng ba nka Johanne e le motho oa bohlokoa kateng. O re: “Ka nako e khutšoanyane le ne le rata ho thaba haholo leseling la hae.” (Johanne 5:​35) Leha ho le joalo, Jesu o fana ka bopaki bo matla ho feta boo Johanne Mokolobetsi a faneng ka bona.

Jesu o re: “Mesebetsi eo ke e etsang, [ho akarelletsa mohlolo oo a qetang ho o etsa oa ho folisa] ea mpaka hore Ntate o nthomile.” Ho feta moo, Jesu o re: “Ntate ea nthomileng o mpakile.” (Johanne 5:​36, 37) Ka mohlala, Molimo o ile a bontša hore Jesu ke Mor’a hae ha a ne a kolobetsoa.​—Matheu 3:17.

Ho hlakile hore batho ba qosang Jesu ha ba na lebaka le utloahalang la hore ba etse joalo. Mangolo ao ba ipolelisang ka hore baa a tseba aa paka hore na ke mang. Jesu o qetella ka ho re: “Hoja le ne le lumela Moshe le ne le tla ntumela, kaha o ile a ngola ka ’na. Empa haeba le sa lumele lingoliloeng tsa hae, le tla lumela lipolelo tsa ka joang?”​—Johanne 5:​46, 47.