Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

KHAOLO EA 32

Ke’ng e Lumelloang ke Molao ka Sabatha?

Ke’ng e Lumelloang ke Molao ka Sabatha?

MATHEU 12:​9-14 MAREKA 3:​1-6 LUKA 6:​6-11

  • MONNA EA OMELETSENG LETSOHO O PHEKOLOA KA SABATHA

Ka Sabatha e ’ngoe, Jesu o ea synagogeng, mohlomong e Galilea. Ha a fihla o fumana monna ea omeletseng letsoho le letona. (Luka 6:6) Bangoli le Bafarisi ba shebile Jesu ka mahlo a nchocho. Ba mo botsa potso e bontšang hantle seo ba se nahanneng. Ba re: “Na ho lumelloa ke molao ho phekola ka Sabatha?”​—Matheu 12:10.

Baeta-pele ba bolumeli ba Sejuda ba lumela hore motho a ka phekoloa ka Sabatha hafeela bophelo ba hae bo le kotsing. Mohlala, ha ho molaong ho otlolla kapa ho tlamisa motho ka Sabatha hobane bophelo ba motho eo ha bo kotsing. Ho hlakile hore bangoli le Bafarisi ha ba botse Jesu potso eo hobane ba utloela monna enoa bohloko. Ba batla lebaka leo ba ka qosang Jesu ka lona.

Jesu o tseba menahano ea bona e fosahetseng. Oa bona hore ba lumela mekhoeng e feteletseng e sa thehoang mangolong e khahlanong le ho etsa mesebetsi e metle ka Sabatha. (Exoda 20:​8-10) Jesu o se a ntse a kile a nyatsuoa ka lebaka la mesebetsi ea hae e metle. O etsa hore bohle ba bone ha a khalemela Bafarisi bana, kahoo o re ho monna ea omeletseng letsoho: “Phahama ’me u tle bohareng.”​—Mareka 3:3.

Ha Jesu a retelehela ka ho bangoli le Bafarisi o re: “Motho e tla ba ofe har’a lona ea nang le nku e le ’ngoe eo, haeba e oela ka sekoting ka Sabatha, a ke keng a e tšoara ’me a e nyollela ka ntle?” (Matheu 12:​11) Nku e tšoana le letsete la chelete. Haeba e oela ka sekoting ’me e tlohelloa ho fihlela hosane, e ka ’na ea shoa ’me seo e ka ba tahlehelo e kholo. Ha e le hantle Bibele e re: “Ea lokileng o hlokomela moea oa phoofolo ea hae e ruuoang.”​—Liproverbia 12:10.

Joale Jesu oa hlalosa o re: “Motho ke oa bohlokoa hakaakang ho feta nku! Kahoo ho lumelloa ke molao ho etsa ntho e ntle ka sabatha.” (Matheu 12:​12) Ho hlakile hore Jesu o tla be a sa tlole molao oa Sabatha haeba a phekola monna eo. Baeta-pele ba bolumeli ba sitoa ho hanana le litaba tsa Jesu tse utloahalang le tse bontšang hore o na le kutloelo-bohloko. Kahoo ba thola tu!

Jesu o ba ea ka mahlo ka khalefo a bile a hlomohile ka lebaka la menahano ea bona a fosahetseng. Joale o re ho monna ea omeletseng letsoho: “Otlolla letsoho la hao.” (Matheu 12:​13) Ha a le otlolla lea fola. Taba ena e thabisa monna enoa haholo. Leha ho le joalo, batho ba batlang ho qosa Jesu ba ikutloa joang?

Ho e-na le hore Bafarisi ba thabe hore monna ea neng a omeletse letsoho o folile, hang-hang ba “tšoara seboka le balateli ba sehlopha sa Heroda khahlanong le [Jesu], e le hore ba mo timetse.” (Mareka 3:6) Ho bonahala mokha ona oa lipolotiki o tšehetsoa ke ba bang ba sehlopha sa bolumeli sa Basaduse. Ha e le hantle, Basaduse le Bafarisi ha ba utloane empa hona joale ba momahane hobane sera sa bona ke Jesu.