Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

KHAOLO EA 37

Jesu o Tsosa Mora oa Mohlolohali

Jesu o Tsosa Mora oa Mohlolohali

LUKA 7:​11-17

  • MOTHO O TSOSOA BAFUNG NAINE

Ka mor’a hore Jesu a phekole lekhoba la molaoli oa sesole, o tloha Kapernauma o ea Naine motseng o lik’hilomithara tse ka holimo ho 32 ka boroa-bophirima. Ha a tsamaee a le mong empa o na le barutuoa ba hae le batho ba bang ba bangata haholo. Mohlomong e se e le shoalane ha ba atamela Naine. Ha ba le moo ba bona Bajuda ba ’maloa ba le lepatong. Ba jarile setopo sa mohlankana ba se isa mabitleng.

Motho ea utloileng bohloko ka ho fetisisa har’a batho ba teng mona ke ’mè oa mohlankana ea hlokahetseng. ’Mè enoa ke mohlolohali ’me o hlokahalletsoe ke mor’a hae ea mong to! Bonyane ha monna oa hae a hlokahala o ne a setse ka mora oa hae. U se u ka inahanela feela hore na o ne a e-na le kamano e ikhethang hakae le mor’a hae, mohlomong o ne a e-na le tšepo ea hore ke eena ea tla mo hlokomela. Ka masoabi o hlokahetse. Ke mang ea tl’o sala le mohlolohali eo le ho mo tšehetsa?

Ha Jesu a bona mosali enoa o ameha maikutlo ka lebaka la bohloko bo tebileng boo a leng ho bona. Jesu o bua le mohlolohali enoa ka tsela e mosa le e mo tiisang ’moko, o re: “Khaotsa ho lla.” O etsa ho hong hape, o atamela setopo ’me oa se tšoara. (Luka 7:​13, 14) Tsela eo a etsang lintho ka eona e etsa hore batho bana ba oeleng ka phatla ba eme khekhenene! E ka ’na eaba baa ipotsa, ‘ebe ke hobane’ng ha a etsa see, hona o rera ho etsa’ng?’

Ebe batho ba tsamaeang le Jesu ba mo boneng ha a etsa mehlolo le ho folisa mafu a mangata ba ikutloa joang? Ho bonahala ba e-s’o ka ba bona ha Jesu a tsosa mang kapa mang. Le hoja nakong e fetileng bafu ba kile ba tsosoa, na Jesu a ka khona ho ba tsosa? (1 Marena 17:​17-23; 2 Marena 4:​32-37) Jesu o re: “Mohlankana, ke re ho uena, tsoha!” (Luka 7:​14) Ho etsahala sona seo. Mohlankana enoa oa phahama ebile oa bua! Jesu o mo tlisa ho ’mè oa hae ea ntseng a makaletse se qetang ho etsahala, le hoja a thabile haholo. Mosali enoa ha a sa le mong.

Ha batho ba bona hore moshanyana enoa oa phela, ba rorisa Jehova e leng mofani oa bophelo ba re: “Moprofeta e moholo o hlahisitsoe har’a rona.” Ba bang ba re: “Molimo o lebisitse tlhokomelo ea hae ho batho ba hae.” (Luka 7:​16) Litaba tsena tse monate li tsebahala naheng eohle, mohlomong li fihla le habo Jesu Nazaretha moo e ka bang lik’hilomithara tse leshome ho tloha mona. Litaba tsena li fihla le Judea.

Johanne Mokolobetsi o ntse a le teronkong ’me o na le thahasello e kholo mesebetsing eo Jesu a khonang ho e etsa. Barutuoa ba hae ba mo bolella ka mehlolo ea Jesu. Ha a utloa ka eona o etsa’ng?