Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

KHAOLO EA 39

Ho Malimabe Moloko o sa Bakeng

Ho Malimabe Moloko o sa Bakeng

MATHEU 11:​16-30 LUKA 7:​31-35

  • JESU O NYATSA METSE E ITSENG

  • O IMOLLA BATHO LE HO BA KHATHOLLA

Jesu o hlompha Johanne Mokolobetsi haholo. Leha ho le joalo, boholo ba batho ba ikutloa joang ka Johanne? Jesu o re: “Moloko oo ke tla o bapisa le mang? O joaloka bana ba banyenyane ba lutseng limmarakeng ba hoeletsang balekane ba bona ba bapalang le bona, ba re, ‘Re ile ra le letsetsa lekolilo, empa ha lea ka la tjeka, re ile ra bokolla, empa ha lea ka la ikotla ka ho sareloa.’ ”​—Matheu 11:​16, 17.

Jesu o bolela’ng? O hlalosa seo a se bolelang ka ho re: “Johanne o tlile a sa je a sa noe, empa leha ho le joalo batho ba re, ‘o na le modemona’, Mor’a motho o ile a fela a tla a ja a noa, ho ntse ho le joalo batho ba re, ‘bonang! Motho oa monyollo le ea ineheletseng ho noa veine, motsoalle oa babokelli ba lekhetho le baetsalibe.’ ” (Matheu 11:​18, 19) Ha e le hantle Johanne o phetse joaloka Monazari, a sa noe veine. Leha ho le joalo, moloko ona o re o na le modemona. (Numere 6:​2, 3; Luka 1:​15) Ka lehlakoreng le leng, Jesu o phela joaloka batho ba bang. O ja le ho noa ka tsela e itekanetseng, empa o qosoa ka hore ke monyollo. Ho bonahala ho le thata ho khotsofatsa batho bana!

Jesu o tšoantša moloko ona le bana ba banyenyane ba limmarakeng ba hanang ho tantša ha bana ba bang ba letsa lekolilo kapa ba hanang ho sareloa ha bana ba bang ba bokolla. Jesu o re: “Leha ho le joalo, bohlale bo pakoa ke mesebetsi ea bona hore bo lokile.” (Matheu 11:​16, 19) “Mesebetsi” ke bopaki boo Johanne le Jesu ba faneng ka bona bo bontšang hantle hore liqoso tsena ke tsa bohata.

Ka mor’a hore Jesu a re moloko ona ke o sa mameleng, o nyatsa metse ea Korazine, Bethsaida le Kapernauma moo a entseng mehlolo e mengata. Jesu o re hoja ebe o entse mehlolo ena Foenisia metseng ea Tyre le Sidone, batho ba moo ba ka be ba bakile. O boetse o bua ka batho ba Kapernauma moo e seng e le nako a lula teng. Esita le batho bana ha baa ka ba baka. O re ka bona: “Ho tla mamelleha haholo bakeng sa naha ea Sodoma ka Letsatsi la Kahlolo ho feta bakeng sa lona.”​—Matheu 11:24.

Jesu o tlotlisa ntate oa hae ea patetseng lithuto tsa hae “ba bohlale le ba nang le kelello” empa a li senolela ba ikokobelitseng joaloka bana. (Matheu 11:​25) O mema batho bana ba ikokobelitseng ka mofuthu o re: “Tloong ho ’na, lona bohle ba sehlang le ba imetsoeng, ’me ke tla le khatholla. Jarang joko ea ka ’me le ithute ho ’na, kaha ke na le maikutlo a bonolo ’me ke ikokobelitse pelong, ’me le tla fumanela meea ea lona khatholoho. Etsoe joko ea ka e mosa le mojaro oa ka o bobebe.”​—Matheu 11:​28-30.

Ke joang ho ka thoeng Jesu oa khatholla? Baeta-pele ba bolumeli ba imelitse batho ka meetlo e boima le ka ho thatafatsa melao ea Sabatha. Ka lehlakoreng le leng, Jesu eena o ruta batho ka thato ea Molimo e tla ba lokolla meetlong ena e sehloho. O boetse o lopolla le ba imetsoeng ka lebaka la ho hatelloa ke bo-ralipolotiki le ba nyahameng ka lebaka la sebe. Jesu oa ba bolella hore na ke joang ba ka tšoareloang libe le ho ba metsoalle ea Molimo.

Batho bohle ba amohelang joko ea Jesu ba ka inehela ho Molimo ’me ba sebeletsa Ntate oa rona ea mosa le ea nang le kutloelo-bohloko. Ho sebeletsa Molimo ha se mojaro o boima hobane melao ea hae ha e boima.​—1 Johanne 5:3.