Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

KHAOLO EA 42

Jesu o Khalemela Bafarisi

Jesu o Khalemela Bafarisi

MATHEU 12:​33-50 MAREKA 3:​31-35 LUKA 8:​19-21

  • JESU O BUA KA “PONTŠO EA MOPROFETA JONASE”

  • BARUTUOA BA HAE BA HAUFI LE EENA HO FETA LELAPA LABO

Bangoli le Bafarisi ba re Jesu ha a leleke bademona ka matla a Molimo, kahoo ba ka ’na ba iphumana ba nyefotse moea o halalelang. Na ebe ba tla nka lehlakore la Molimo kapa la Satane? Jesu o re: “Le etsa hore sefate se be setle le litholoana tsa sona e be tse ntle kapa le etsa hore sefate e be se bolileng le litholoana tsa sona e be tse bolileng, etsoe sefate se tsejoa ka litholoana tsa sona.”​—Matheu 12:33.

Ke booatla ho lumela hore ketso e ntle joaloka ho leleka bademona ke litholoana tsa hore Jesu o sebeletsa Satane. Thutong ea Thabeng, Jesu o ile a hlakisa hore sefate se setle se hlahisa litholoana tse ntle eseng tse bolileng. Joale Bafarisi ba beha litholoana tse joang ha ka leshano ba qosa Jesu? Ba bontša hore ba bolile. Jesu o re ho bona: “Malinyane a bo-marabe, le ka bua lintho tse molemo joang, athe le khopo? Etsoe molomo o bua ho tsoa ho se tletseng pelong.”​—Matheu 7:​16, 17; 12:34.

Mantsoe a rona a bontša hantle seo lipelo tsa rona li leng sona, ’me re tla ahloloa ka lintho tseo re li nahanang. Ke kahoo Jesu a reng: “Ke le bolella hore polelo e ’ngoe le e ’ngoe e sa ruiseng molemo eo batho ba e buang, ba tla ikarabella malebana le eona ka Letsatsi la Kahlolo, kaha ka mantsoe a hao ho tla boleloa hore u lokile, ’me ka mantsoe a hao u tla nyatsuoa.”​—Matheu 12:​36, 37.

Le hoja Jesu a etsa lintho tse ntle tse ngata, bangoli le Bafarisi ba batla se fetang seo, ba re: “Mosuoe, re batla ho bona pontšo e tsoang ho uena.” Ho sa tsotellehe hore na ba kile ba mo bona a etsa mehlolo kapa che, ho na le lipaki tse ngata tse boneng ka mahlo ha a etsa mehlolo ena. Kahoo Jesu o re ho baeta-pele bana ba bolumeli: “Moloko o khopo le o febang o ntse o tsoela pele ho batla pontšo, empa ha ho pontšo eo o tla e fuoa haese pontšo ea moprofeta Jonase.”​—Matheu 12:​38, 39.

Jesu ha a ba siee ba ntse ba ingoaea lihlooho. O re: “Feela joalokaha Jonase a ile a ba ka mpeng ea tlhapi ea tonanahali ka matsatsi a mararo le masiu a mararo, kahoo Mor’a motho o tla ba pelong ea lefatše ka matsatsi a mararo le masiu a mararo.” Jonase o ile a koenngoa ke tlhapi e kholo empa ha a tsoa ka ho eona ho ne ho le joalokaha eka o tsoha bafung. Jesu o profeta hore le eena o tla shoa ’me a tsosoe ka letsatsi la boraro. Hamorao ha sena se etsahala, baeta-pele ba Bajuda ba hana “pontšo ea moprofeta Jonase” ’me ha ba bake. (Matheu 27:​63-66; 28:​12-15) Ho fapana le bona, “batho ba Ninive” ba ile ba baka ka mor’a hore Jonase a ba bolelle molaetsa oa Molimo. Kahoo, ba tla bontša hore moloko ona ke oa baetsalibe. Jesu o boetse o re mohlala oa mofumahali oa Sheba le oona o tla ba ahlola. O ile a batla ho utloa bohlale ba Solomone ’me a hlolloa ha a bo utloa. Joale Jesu o re: “Ho hong ho fetang Solomone ho teng mona.”​—Matheu 12:​40-42.

Jesu o tšoantša moloko ona o khopo le monna eo modemona a tsoang ho eena. (Matheu 12:​45) Monna enoa ha a tlatse sekheo sena ka lintho tse ntle, kahoo moea o khopo o khutla o e-na le meea e meng e supileng e khopo ho o feta. Ka ho tšoanang, sechaba sa Baiseraele se ne se hloekisitsoe ’me se fetohile joaloka monna eo moea o sa hloekang o neng o tsoile ho eena. Leha ho le joalo, sechaba seo ha sea ka sa mamela baprofeta ba Molimo ’me sa hanyetsa le Jesu eo ho hlakileng hore o na le moea oa Molimo. Sena se bontša hore maemo a sechaba sena a mabe ho feta a pele.

Ha Jesu a ntse a bua, ho fihla ’mè oa hae le bara babo, ’me ba ema ka mor’a letšoele. Batho ba lutseng pel’a Jesu ba re ho eena: “ ’M’ao le barab’eno ba eme ka ntle ba batla ho u bona.” Jesu o nka barutuoa ba hae ba le joaloka baena, likhaitseli le bo-’mè, ’me seo a se buang se bontša sona seo. O supa barutuoa ba hae o re: “ ’Mè le barab’eso ke ba utloang lentsoe la Molimo ’me ba le phetha.” (Luka 8:​20, 21) Hape oa bontša hore ho sa tsotellehe hore na kamano ea hae le beng ka eena ke ea bohlokoa hakae, setsoalle sa hae le barutuoa ba hae ke sa bohlokoa le ho feta. Hoa khothatsa ho tseba hore le rona re na le kamano e haufi le Bakreste ’moho le rona, haholo-holo ha batho ba re hanyetsa kapa ba re nyefola ba bile ba nyefola le mesebetsi ea rona e metle.