Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

KHAOLO EA 43

Lipapiso Tse Buang ka ’Muso

Lipapiso Tse Buang ka ’Muso

MATHEU 13:​1-53 MAREKA 4:​1-34 LUKA 8:​4-18

  • JESU O ETSA LIPAPISO KA ’MUSO

Ho bonahala Jesu a le Kapernauma ha a khalemela Bafarisi. Hamorao oa tloha o ea haufi le Leoatle la Galilea moo a kopanang le letšoele. Jesu o palama sekepe o se tlosa lebopong, ’me o qalella ho ruta batho ka ’Muso oa Molimo. O ba ruta ka mehlala le lipapiso tse ’maloa. Bamameli ba hae ba tseba libaka kapa lintho tseo a buang ka tsona lipapisong tsa hae, kahoo ho ba bonolo hore ba utloisise lintlha tse ngata tse buang ka ’Muso oa Molimo.

Jesu o qala ka ho etsa papiso ea mojali ea jalang peo. Peo e ’ngoe e oela pel’a tsela ’me e jeoa ke linonyana. E ’ngoe e oela majoeng moo ho se nang mobu o mongata. Methapo e sitoa ho nama, le limela ha li hlaha li chesoa ke letsatsi ebe lia omella. Peo e ’ngoe eona e oela har’a meutloa e bipetsang limela ha li hlaha. Qetellong e ’ngoe e oela mobung o motle. E beha litholoana, “ena tse lekholo, eane tse mashome a tšeletseng, e ’ngoe tse mashome a mararo.”​—Matheu 13:8.

Papisong e ’ngoe, Jesu o bapisa ’Muso oa Molimo le ha monna a jala peo. Ho sa tsotellehe hore na monna enoa e robetse kapa o shebile, peo ea mela. Hore na joang, “ha a tsebe.” (Mareka 4:​27) E ikholela ka boeona ’me e hlahisa lijo-thollo tseo a ka li kotulang.

Jesu o etsa papiso e ’ngoe ea boraro e ntseng e bua ka ho jala. Monna o jala peo e ntle empa “ha batho ba ntse ba robetse,” sera sa hae sea tla ’me se jala mofoka har’a koro. Makhoba a hae aa mo botsa hore na a hlaole mofoka. Ha a araba makhoba a hae o re: “Che, esere ha le ntse le bokella mofoka, la tšoha le o fotholella le koro. Li tloheleng li hole hammoho ho fihlela ha ho kotuloa, ’me ka nako ea kotulo ke tla bolella bakotuli: Pele bokellang mofoka ’me le o tlame mangata hore o chesoe, joale le e’o bokellela koro ka tlung ea ka ea polokelo.”​—Matheu 13:​24-30.

Bamameli ba bangata ba Jesu ba tseba ka temo. O boetse o bua ka ntho e ’ngoe hape eo ba e tsebang, e leng thollo e nyenyane ea mosetareta. E ba sefate se seholo hoo linonyana li ka lulang makaleng a sona. Jesu o re ka thollo ena: “ ’Muso oa maholimo o joaloka thollo ea mosetareta, eo motho e mong a ileng a e nka ’me a e lema tšimong ea hae.” (Matheu 13:​31) Leha ho le joalo, Jesu ha a rute ka limela. O etsa papiso e bontšang kholo e hlollang, hore peo e nyenyane e ka hola hore e be ntho e kholohali!

Jesu o bua ka ntho e ’ngoe eo bamameli ba hae ba bangata ba e tsebang. O bapisa ’Muso oa maholimo le “tomoso, eo mosali a ileng a e nka ’me a e pata litekanyong tse tharo tse kholo tsa phofo, ho fihlela hlama eo kaofela e betse.” (Matheu 13:​33) Le hoja tomoso e patiloe, e belisa hlama eohle ’me e etsa hore e kokomohe. Qetellong e kokomoha haholo le hoja motho a ke ke a elelloa ha sena se ntse se etsahala.

Ka mor’a ho etsa lipapiso tsena, Jesu o qhala letšoele ’me o khutlela moo a lulang. Leha ho le joalo, barutuoa ba hae ba tla ho eena hore ba utloisise hore na lipapiso tsena li bolela’ng.

BA RUA MOLEMO LIPAPISONG TSA JESU

Barutuoa ba Jesu ba kile ba mo utloa ha a etsa lipapiso empa eseng tse ngata hakana ka nako e le ’ngoe. Ba re ho eena: “Ke hobane’ng ha u bua le bona u sebelisa lipapiso?”​—Matheu 13:10.

Lebaka le leng ke hore a phethahatse boprofeta ba Bibele. Matheu o re: “O ne a sa bue le bona kantle ho papiso, e le hore ho ka phethahala se ileng sa buuoa ka moprofeta ea ileng a re: ‘Ke tla ahlamisa molomo oa ka ka lipapiso, ke tla phatlalatsa lintho tse patiloeng ho tloha ho thehoeng ha lefatše.’ ”​—Matheu 13:​34, 35; Pesaleme ea 78:2.

Leha ho le joalo, ho na le lebaka le leng le etsang hore Jesu a rute ka lipapiso. Li senola se ka lipelong tsa batho. Batho ba bangata ba thahasella Jesu hobane feela a ipabola ka ho pheta lipale ebile a etsa mehlolo. Ha ba mo nke e le Morena eo ba lokelang ho mo hlompha le ho mo latela ka lipelo tsohle. (Luka 6:​46, 47) Ha ba batle ho lumella molaetsa oa Jesu hore o ba finyelle lipelo e le hore ba ka fetola tsela eo ba nahanang ka eona le eo ba etsang lintho ka eona.

Jesu o araba barutuoa ba hae ka ho re: “Ke ka lebaka lena ke buang le bona ke sebelisa lipapiso, hobane, ho talimeng, ba talimela lefeela, ’me ho utloeng, ba utloela lefeela, hape ha ba utloisise, ’me boprofeta ba Esaia bo phethahala ho bona, bo reng: ‘. . .Lipelo tsa batho bana li fetohile tse sa amoheleng letho.’ ”​—Matheu 13:​13-15; Esaia 6:​9, 10.

Taba ena ha e bolele hore bamameli bohle ba Jesu ba joalo. Jesu o re: “Kannete ke re ho lona, Baprofeta le banna ba lokileng ba bangata ba ile ba lakatsa ho bona lintho tseo le li bonang ’me ha baa ka ba li bona, le ho utloa lintho tseo le li utloang ’me ha baa ka ba li utloa.”​—Matheu 13:​16, 17.

Baapostola ba 12 le barutuoa ba bang ba Jesu ba tšepahalang ba na le lipelo tse mamelang. Ke kahoo Jesu a reng: “Le nehiloe ho utloisisa liphiri tse halalelang tsa ’Muso oa maholimo, empa batho bao ha baa ho nehoa.” (Matheu 13:​11) Ka lebaka la hore barutuoa ba Jesu ba labalabela ho utloisisa lipapiso tsena, Jesu oa ba hlalosetsa hore na papiso ea mojali e bolela’ng.

Jesu o re, “peo ke lentsoe la Molimo.” (Luka 8:​11) Mobu oona ke pelo. Lintho tsena ke tsona tse ka sehloohong tse tla ba thusa ho utloisisa papiso ena.

Jesu oa hlalosa hore na peo e oeleng mobung o hataketsoeng o pel’a tsela e emela’ng. O re: “E haufi le tsela ke ba utloileng, joale Diabolose oa tla ’me o tlosa lentsoe leo lipelong tsa bona e le hore ba se ke ba lumela ’me ba pholoha.” (Luka 8:​12) O re peo e oetseng mobung o majoe eona e emela lipelo tsa batho ba amohelang lentsoe ka thabo, empa lentsoe ha le tebele lipelong tsa bona. O tsoela pele o re: “Ka mor’a hore ho tsohe matšoenyeho kapa mahloriso ka lebaka la lentsoe,” baa khoptjoa. Ebe ha ‘nako ea teko’ e tla, mohlomong ba hanyetsoa ke litho tsa lelapa kapa batho ba bang, baa oa.​—Matheu 13:​21; Luka 8:13.

Peo e oetseng har’a meutloa eona e emela’ng? Jesu o bolella barutuoa ba hae hore e emela batho ba utloileng lentsoe empa ka masoabi “matšoenyeho a tsamaiso ena ea lintho le matla a thetsang a maruo a bipetsa lentsoe.” (Matheu 13:​22) Ba ne ba amohetse lentsoe lipelong tsa bona empa joale lea bipetsoa ’me ha le behe litholoana.

Jesu o hlalosa mofuta oa ho qetela oa mobu e leng o motle. O emela ba utloang lentsoe ’me ba le amohela lipelong tsa bona ebe ba batla ho le utloisisa. Phello e ba hore ba “beha litholoana.” Ka lebaka la maemo a bona a fapaneng a kang lilemo kapa bophelo, ba ke ke ba beha litholoana tse lekanang. E mong o tla hlahisa tse 100, e mong tse 60 ha e mong a hlahisa tse 30. Jehova o hlohonolofatsa “bao ka mor’a ho utloa lentsoe ka pelo e ntle le e molemo, ba le bolokang ’me ba beha litholoana ka mamello.”​—Luka 8:15.

E tlameha mantsoe ana e le a khathollang haholo ho barutuoa ba Jesu ba mo kopileng hore a ba hlalosetse hore na lipapiso tsena li bolela’ng. Hona joale ba utloisisa hantle hore na lipapiso tsena li bolela’ng. Jesu o batla hore ba utloisise lipapiso tsa hae e le hore le bona ba khone ho ruta ba bang. Oa ba botsa o re: “Lebone ha le tlisetsoe hore le behoe ka tlas’a baskete e lekanyang kapa ka tlas’a bethe, na ha ho joalo?” O tsoela-pela o re: “Le tlisetsoa ho behoa holim’a seluloana sa lebone, na ha ho joalo?” Joale o re ho bona: “Mang kapa mang ea nang le litsebe ho mamela, a ke a mamele.”​—Mareka 4:​21-23.

BA HLOHONOLOFATSOA KA LITHUTO TSE EKETSEHILENG

Ka mor’a hore Jesu a hlalosetse barutuoa ba hae ka papiso ea mojali, ba batla ho ithuta lintho tse ling hape. Ba re: “Re hlalosetse papiso ea mofoka tšimong.”​—Matheu 13:36.

Kaha ba batla ho utloisisa, baa bontša hore ba fapane le letšoele lena le lebopong. Kamoo ho bonahalang kateng, letšoele lena lea utloa empa ha le na tabatabelo ea ho tseba hore na lipapiso tsena li bolela’ng le hore na li ka le tsoela molemo joang. Le khotsofalletse ho mamela lipapiso feela.

Jesu o bontša phapang pakeng tsa letšoele lena le lebopong le barutuoa ba hae ba batlang ho ithuta ka ho eketsehileng, o re: “Elang hloko seo le se utloang. Ka ntho e lekanyang eo le lekanyetsang ka eona, le tla lekanyetsoa ka eona, e, le tla ekeletsoa ho eketsehileng.” (Mareka 4:​24) Barutuoa ba hae ba tsepamisitse likelello tsa bona ho seo ba se utloang ho eena. Ba bontša Jesu thahasello e kholo ebile ba mamela ka hloko ha a ruta, kahoo o ba putsa ka hore a ba rute ka ho eketsehileng le hore a ba hlakisetse lithuto tsa hae.

Joale, oa ba hlalosetsa hore na papiso ea koro le mofoka e bolela’ng, o re: “Mojali oa peo e ntle ke Mor’a motho, tšimo ke lefatše, ha e le peo e ntle, bana ke bara ba ’Muso, empa mofoka ke bara ba ea khopo, ’me sera se ileng sa o jala ke Diabolose. Kotulo ke qetello ea tsamaiso ea lintho, ’me bakotuli ke mangeloi.”​—Matheu 13:​37-39.

Ka mor’a hore Jesu a hlalose hore na ntho e ’ngoe le e ’ngoe e papisong e bolela’ng, o hlalosa qetello. O re qetellong ea tsamaiso ea lintho, bakotuli, kapa mangeloi ba tla arola Bakreste ba kang mofoka ho “bara ba ’Muso.” “Ba lokileng” ba tla bokelloa ’me ba tla phatsima “ ’Musong oa Ntat’a bona.” Ho tla etsahala’ng ka “bara ba ea khopo”? Qetellong ba tla ‘lla le ho tsikitlanya meno’ ka lebaka la timetso e ba tjametseng.​—Matheu 13:​41-43.

Jesu o hlohonolofatsa barutuoa ba hae ka lipapiso tse ling tse tharo. Ha a qala o re: “ ’Muso oa maholimo o joaloka letlotlo le patiloeng tšimong, leo motho a ileng a le fumana ’me a le pata, ka lebaka la thabo eo a nang le eona oa ea ’me a rekise lintho tseo a nang le tsona ’me a reke tšimo eo.”​—Matheu 13:44.

O tsoela-pele o re: “ ’Muso oa maholimo o joaloka mohoebi ea tsamaeang ea batlang liperela tse ntle. Ha a fumana perela e le ’ngoe e theko e phahameng, a tloha ’me ka potlako a rekisa lintho tsohle tseo a neng a e-na le tsona ’me a e reka.”​—Matheu 13:​45, 46.

Lipapisong tsena tse peli, Jesu o bua ka motho ea ikemiselitseng ho tela lintho tse itseng e le hore a fumane letlotlo la bohlokoa. Kapelenyana mohoebi o “rekisa lintho tsohle tseo a neng a e-na le tsona” e le hore a ka reka perela e le ’ngoe ea boleng bo phahameng. Barutuoa ba Jesu ba utloisisa mohlala ona o buang ka perela ea boleng bo phahameng. Ka ho tšoanang, monna ea fumaneng letlotlo le patiloeng tšimong, o “rekisa lintho tseo a nang le tsona” ebe oa e reka. Mehlaleng ena, batho bana ka bobeli ho na le lintho tseo ba hlileng ba li batlang tseo ba li nkang e le letlotlo. Sena se ka bapisoa le lintho tseo motho a li telang e le hore e be motsoalle oa Molimo. (Matheu 5:3) Ba bang ba mametseng lipapiso tsa Jesu baa bontša hore ba ikemiselitse ho ba metsoalle ea Molimo le hore ba fela ba batla ho ba balateli ba hae.​—Matheu 4:​19, 20; 19:27.

Qetellong Jesu o tšoantša ’Muso oa maholimo le letlooa le tšoasang litlhapi tsa mefuta eohle. (Matheu 13:​47) Ha litlhapi li khethoa, tse ntle li tšeloa ka lijaneng ha tse mpe li lahloa. Jesu o re ho tla ba joalo qetellong ea tsamaiso ea lintho. Mangeloi a tla arola ba khopo ho ba lokileng.

Jesu o qalile ho tšoasa litlhapi tsa tšoantšetso ha a ne a mema barutuoa ba hae hore ebe “batšoasi ba batho.” (Mareka 1:​17) Leha ho le joalo, o re papiso ena ea letlooa e tla phethahala “qetellong ea tsamaiso ea lintho.” (Matheu 13:​49) Kahoo baapostola le barutuoa ba bang ba Jesu ba mametseng baa utloa hore ho na le lintho tse thahasellisang tse tla etsahala nakong e tlang.

Joale batho ba neng ba mametse lipapiso tsa Jesu ba se ba li utloisisa haholoanyane. Jesu oa bontša hore o ikemiselitse ho “hlalosetsa barutuoa ba hae lintho tsohle boinotšing.” (Mareka 4:​34) O “joaloka motho, mong’a ntlo, ea ntšang pokellong ea hae ea letlotlo lintho tse ncha le tsa khale.” (Matheu 13:​52) Jesu ha a etse lipapiso tsena hobane a batla ho bontša batho hore o tseba ho ruta. Ho e-na le hoo, o bolella barutuoa ba hae lintho tsa bohlokoa tse tšoanang le letlotlo la boleng bo phahameng. Kannete o feta “morupeli” leha e le ofe.