Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

KHAOLO EA 47

Ngoanana o Phela Hape!

Ngoanana o Phela Hape!

Jairuse oa bona hore mosali ea neng a e-na le phallo ea mali o phekotsoe ke Jesu. Kahoo, o kholisehile hore Jesu a ka khona ho phekola morali oa hae, le hoja a belaela hore ‘morali oa hae o se a shoele.’ (Matheu 9:​18) Na ebe ho ntse ho e-na le tšepo ea hore morali oa hae a ka thuseha?

Ha Jesu a ntse a bua le mosali eo a qetang ho mo phekola, ho fihla banna ba tsoang ha Jairuse ba re ho eena: “Morali oa hao o shoele! U sa tšoenyetsa’ng Mosuoe?”​—Mareka 5:35.

Tseo ke litaba tse tetebetsang maikutlo. Monna enoa ea hlomphehang haholo sechabeng o selebaletsoe ’me ha ho na seo a ka se etsang. Morali oa hae ea mong to! o hlokahetse. Jesu oa utloa ha banna bana ba bua le Jairuse. O sheba ka ho Jairuse ’me o bua mantsoe ana a khothatsang: “U se ke ua tšaba, u mpe u bontše tumelo.”​—Mareka 5:36.

Joale Jesu o tsamaea le Jairuse ho ea ha hae. Ha ba fihla ba fumana ho le moferefere ebile ho le lerata. Ho na le batho ba llang le ho bokolla, ebile baa ikotla ke ho sareloa. Jesu o kena ka tlung ’me o bua ntho e makatsang, o re: “Ngoana e monyenyane ha aa shoa, empa o robetse.” (Mareka 5:​39) Ha Jesu a bua sena ba mo tlepa litšeho. Ba kholisehile hore ngoanana enoa o hlokahetse. Leha ho le joalo, Jesu o tla sebelisa matla ao Molimo a mo fileng ’ona ho bontša hore batho ba ka tsosoa bafung feela joalokaha ba ka tsosoa borokong bo tebileng.

Jesu o re motho e mong le e mong a tsoele kantle ho sale Petrose, Jakobo, Johanne le batsoali ba ngoanana ea hlokahetseng. Jesu o tsamaea le batho bana ba bahlano ’me ba ea ho ngoanana eo. O nka letsoho la hae o re: “ ‘Talitha kumi,’ eo, ha e fetoleloa, e bolelang: ‘Moroetsana, ke re ho uena, “Ema!” ’ ” (Mareka 5:​41) Hang-hang ngoanana oa tsoha ebile oa tsamaea. U se u ka inahanela feela hore na Jairuse le mosali oa hae ba ikutloa joang ha ba bona sena. E le ho bontša hore ehlile ngoanana enoa o tsohile bafung, Jesu o re ba mo fe lijo.

Makhetlong a mang, Jesu o ne a laela batho bao a ba phekotseng hore ba se ke ba bolella batho ba bang ka se etsahetseng, ’me le lekhetlong lena o bolella batsoali ba ngoanana enoa se tšoanang. Leha ho le joalo, ka lebaka la thabo, ba sitoa ho itšoara ’me litaba tsena li tsebahala “sebakeng seo sohle.” (Matheu 9:​26) Na uena u ne u ka khona ho le nyaea le kolobe ’me u boloke taba eo e le patuoe? Ena ke tlaleho ea bobeli e hlahang ka Bibeleng eo ho eona Jesu a tsosang motho bafung.