Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

KHAOLO EA 49

O Ruta Galilea Ebile o Koetlisa Baapostola

O Ruta Galilea Ebile o Koetlisa Baapostola

MATHEU 9:​35–10:​15 MAREKA 6:​6-11 LUKA 9:​1-5

  • JESU O KHUTLELA GALILEA

  • O ROMELA BAAPOSTOLA HORE BA IL’O BOLELA

Jesu o se a qetile lilemo tse ka bang peli a ithukhubetsa mosebetsing oa ho ruta. Na joale ee ke nako ea hore a je monakalali oa keboleloa? Ho fapana le sena, Jesu o eketsa mosebetsi oa hae ka hore a etele “metse le metsana eohle, a ruta ka lisynagogeng tsa eona le ho bolela litaba tse molemo tsa ’Muso ’me a phekola lefu la mofuta o mong le o mong le mefokolo ea mofuta o mong le o mong.” (Matheu 9:​35) Seo a se bonang sea mo kholisa hore thota e sa namme ka pel’a hae. Leha ho le joalo, o tla khona ho finyella batho ba eketsehileng joang?

Ha Jesu a ntse a tsamaea libakeng tse fapa-fapaneng, oa hlokomela hore batho ba hloka ho khothatsoa le ho thusoa hore ba be le kamano le Molimo. Ba tšoana le linku tse se nang molisa, tse sohlokehileng le tse qhalakaneng. Oa ba hauhela ’me o re ho barutuoa ba hae: “E, kotulo e kholo, empa basebetsi ha ba bakae. Ka hona, le kope Mong’a kotulo hore a romele basebetsi kotulong ea hae.”​—Matheu 9:​37, 38.

Jesu o tseba tharollo. O romela baapostola ba hae ba 12, o ba arola ka bobeli ’me ba etsa lipane tse tšeletseng. Ha a qeta o ba fa litaelo tse hlakileng, o re: “Le se ke la tloha ho ea kena tseleng ea lichaba, hape le se ke la kena motseng oa Basamaria, empa, ho e-na le hoo, le tsoele pele le ea linkung tse lahlehileng tsa ntlo ea Iseraele. Ha le ntse le e-ea, le bolele, le re, ‘ ’Muso oa maholimo o atametse.’ ”​—Matheu 10:​5-7.

’Muso oo ba lokelang ho ruta ka oona ke oo Jesu a buileng ka oona thapelong ea mohlala. Ka ho re ‘ ’Muso o atametse,’ ho boleloa hore Morena ea khethiloeng ke Molimo e leng Jesu Kreste o teng. Ke’ng e tla bontša hore kannete barutuoa ba Jesu ke baemeli ba ’Muso oo? Jesu o ba fa matla a ho phekola ba kulang le a ho tsosa bafu, ’me ha baa lokela ho lefisa mang kapa mang. Joale lintho tseo ba li hlokang tse kang lijo ba tla li nka hokae?

Jesu o bolella barutuoa ba hae hore ba se ke ba nka letho bakeng sa leeto lena. Ha baa lokela ho nka khauta, silevera kapa koporo ka mekotleng ea bona. Ha ba hloke le ho nka lijo bakeng sa leeto, esita le liaparo tse ling tsa ka hare kapa meqathatso. Hobane’ng? Jesu oa ba tiisetsa o re: “Mosebetsi o tšoaneloa ke lijo tsa hae.” (Matheu 10:​10) Ba tla fumana lintho tseo ba li hlokang pele moo ba eang ho batho bao ba tla kopana le bona ba ananelang molaetsa oa bona. Jesu o re: “Kae kapa kae moo le kenang lapeng, le lule moo ho fihlela le tsoa sebakeng seo.”​—Mareka 6:10.

Jesu o boetse o fana ka litaelo tsa hore na ba etse’ng ha ba fihla ho beng ba matlo ba bua ka molaetsa oa ’Muso. O re: “Ha le kena ka tlung, le lumelise ba ntlo eo, ’me haeba ntlo eo e tšoaneleha, khotso ea lona eo le e lakaletsang eona e ke e be ho eona, empa haeba e sa tšoanelehe, khotso e tsoang ho lona e ke e khutlele ho lona. Kae kapa kae moo mang kapa mang a sa le amoheleng kapa a sa mameleng mantsoe a lona, ha le tsoa ntlong eo kapa motseng oo le hlohlore lerole maotong a lona.”​—Matheu 10:​12-14.

Ho ka etsahala hore motse kapa motsana oohle o se ke oa amohela molaetsa oa bona. Ho tla etsahala’ng ka motse o joalo? Jesu o re o tla fumana kahlolo e matla. Oa hlalosa o re: “Kannete ke re ho lona, ho tla mamelleha haholo bakeng sa naha ea Sodoma le Gomora ka Letsatsi la Kahlolo ho feta bakeng sa motse oo.”​—Matheu 10:​15.