Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

KHAOLO EA 50

Ba Koetlisetsoa ho Bolela le Har’a Mahloriso

Ba Koetlisetsoa ho Bolela le Har’a Mahloriso

MATHEU 10:​16–11:1 MAREKA 6:​12, 13 LUKA 9:6

  • JESU O KOETLISA BAAPOSTOLA BA HAE ’ME OA BA ROMA

Jesu o fa baapostola ba hae litaelo tse hlakileng le tse utloahalang tsa hore na ba lokela ho etsa mosebetsi oa boboleli joang. Leha ho le joalo, ha a felle moo. Ka mosa o ba lemosa ka bahanyetsi ba bona o re: “Bonang! Ke le romela le le joaloka linku har’a liphiri . . . Itebeleng khahlanong le batho, etsoe ba tla nehelana ka lona makhotleng a libaka, ’me ba tla le shapa ka lisynagogeng tsa bona. Le tla hulanyetsoa ka pel’a babusisi le marena ka lebaka la ka.”​—Matheu 10:​16-18.

Barutuoa ba Jesu ba ka ’na ba thulana le mahloriso empa o ba khothatsa ka tšepiso ena: “Ha ba nehelana ka lona, le se ke la tšoenyeha ka hore na le tla bua joang kapa eng, kaha seo le tla se bua le tla se fuoa ka hora eo, etsoe hase lona ba buang, empa ke moea oa Ntat’a lona o buang ka lona . . . Mor’abo motho o tla nehelana ka mor’abo lefung, le ntate a nehelane ka ngoana oa hae lefung, ’me bana ba tla tsohela batsoali matla ’me ba tla etsa hore ba bolaoe. Le tla hlouoa ke batho bohle ka lebaka la lebitso la ka, empa ea mameletseng ho fihlela bofelong ke eena ea tla pholoha.”​—Matheu 10:​19-22.

Kaha mosebetsi oa ho ruta batho ka ’Muso oa Molimo ke oa bohlokoa ka ho fetisisa, Jesu o hatisa bohlokoa ba ho ba masene e le hore ba lule ba e-na le bolokolohi ba ho bolela. O re: “Ha ba le hlorisa motseng o mong, le balehele ho o mong, etsoe kannete ke re ho lona, ho hang le ke ke la phetha ho potoloha le metse ea Iseraele ho fihlela Mor’a motho a fihla.”​—Matheu 10:23.

Jesu o fa baapostola ba hae litaelo le likeletso ebile o ba khothatsa ka tsela e tsotehang. Leha ho le joalo, litaelo tsena li boetse li lokela ho mameloa ke balateli ba Jesu ba tla etsa mosebetsi oa boboleli ka mor’a hore a shoe le ho tsosoa bafung. Re elelloa sena mantsoeng a Jesu ha a re barutuoa ba hae ba tla “hlouoa ke batho bohle,” eseng feela ke batho bao baapostola ba rongoeng ho bona. Hape, ha ho moo re utloang ho thoe baapostola ba ile ba hulanyetsoa ka pel’a mebuso le marena nakong ena e khutšoanyane eo ba neng ba ntse ba bolela Galilea kapa hona hore ba malapa a bona ba ile ba nehela ka bona hore ba bolaoe.

Ho hlakile hore Jesu ha aa nahana ka lintho tse tla etsahala hang-hang ha a bua lintho tsena ho baapostola ba hae. Hopola hore o ile a re barutuoa ba hae ba ke ke ba qeta mosebetsi oa bona “ho fihlela Mor’a motho a fihla.” Seo Jesu a se bolelang ke hore barutuoa ba hae ba ke ke ba qeta mosebetsi oa ho bolela ka ’Muso oa Molimo pele a tla e se e le Morena ea tlotlisitsoeng le moahloli ea khethiloeng ke Molimo.

Baapostola ha baa lokela ho makala ha ba kopana le bahanyetsi ha ba ntse ba etsa mosebetsi oa boboleli hobane Jesu o re: “Morutuoa ha a ka holimo ho mosuoe oa hae, leha e le hore lekhoba le ka holimo ho morena oa lona.” Taba ena e hlakile. Kaha batho baa mo hlekefetsa le ho mo hlorisa ha a bolela ka ’Muso oa Molimo, barutuoa ba hae ha baa lokela ho lebella ho tšoaroa ka tsela e fapaneng. O boetse o re: “Le se ke la tšaba ba bolaeang ’mele empa ba ke ke ba bolaea moea, empa ho e-na le hoo le tšabe ea ka timetsang moea le ’mele Gehena.”​—Matheu 10:​24, 28.

Jesu ke mohlala o motle tabeng ena. O ile a mamella ka sebete ha a bolaoa ke lira tsa hae ho e-na le hore a sekisetse botšepehi ba hae ho Jehova. Ke Molimo Ea Matla ’Ohle ea ka khonang ho timetsa “moea” oa motho (tšepo ea ho phela nakong e tlang) kapa ea ka mo tsosang e le hore a ka phela ka ho sa feleng. E tlameha ebe taba ena e tiisa baapostola ’moko.

Joale Jesu o etsa papiso e le ho bontša hore Jehova o rata balateli ba hae ebile oa ba tsotella. O re: “Na lirobele tse peli ha li rekisoe ka chelete ea tšepe ea bohlokoa bo bonyenyane? Empa leha ho le joalo ha ho le se seng sa tsona se tla oela fatše kantle le hore Ntat’a lona a tsebe. . . . Ka hona le se ke la tšaba, le ba bohlokoa ho feta lirobele tse ngata.”​—Matheu 10:​29, 31.

Molaetsa oo barutuoa ba o bolelang o tla baka likarohano ka malapeng, kaha ba bang ba tla o amohela, ha ba bang ba tla o latola. Jesu o re: “Le se ke la nahana hore ke tletse ho tlisa khotso lefatšeng.” Setho sa lelapa se lokela ho ba sebete haeba se amohela ’nete ea Bibele. Jesu oa eketsa o re: “Ea ratang ntate kapa ’mè ho mpheta ha a ntšoanele, le ea ratang mora kapa morali ho mpheta ha a ntšoanele.”​—Matheu 10:​34, 37.

Leha ho le joalo, ba bang ba tla amohela barutuoa ba hae ka liatla tse peli. O re: “Mang kapa mang ea fang e mong oa ba banyenyane bana senoelo feela sa metsi a batang hore a noe kahobane e le morutuoa, kannete kea le bolella, ho hang a ke ke a lahleheloa ke moputso oa hae.”​—Matheu 10:42.

Jesu o hlomeletse barutuoa ba hae ka hohle-hohle ka ho ba fa litaelo, litlhokomeliso le likhothatso. Kahoo “ba pholletsa le sebaka seo ho tloha motsaneng o mong ho ea ho o mong, ba bolela litaba tse molemo ’me ba phekola hohle.”​—Luka 9:6.