Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

KHAOLO EA 57

Jesu o Phekola Ngoanana le Monna ea sa Utloeng Litsebeng

Jesu o Phekola Ngoanana le Monna ea sa Utloeng Litsebeng

MATHEU 15:​21-31 MAREKA 7:​24-37

  • JESU O PHEKOLA MORALI OA MOSALI OA MOFOENISIA

  • O PHEKOLA MONNA EA SA KHONENG HO BUA HANTLE A BILE A SA UTLOE LITSEBENG

Ka mor’a ho nyatsa Bafarisi ka meetlo ea bona e bontšang boithati, Jesu oa tloha le barutuoa ba hae. Ba tsamaea tsela e telele, ba leba Tyre le Sidone tse seterekeng sa Foenisia ka leboea-bophirima.

Jesu o fumana ntlo eo a ka lulang ho eona, empa ha a batle hore batho ba tsebe hore o moo. Ka masoabi, le sebakeng sena o sitoa ho ipata. Mosali e mong oa Mogerike ea hlahetseng sebakeng sena o fumana Jesu ’me oa mo kopa o re: “Nkhauhele, Morena, Mora oa Davida. Morali oa ka o kenoe ke modemona hampe.”​—Matheu 15:​22; Mareka 7:26.

Ka mor’a nakoana, barutuoa ba Jesu ba re ho Jesu: “E-re a tsamaee, hobane o ntse a hoeletsa ka mor’a rona.” Jesu oa ba hlalosetsa hore na ke hobane’ng ha a iphapanyelitse mosali enoa. O re: “Ha kea romeloa ho bafe kapa bafe haese ho linku tse lahlehileng tsa ntlo ea Iseraele.” Leha ho le joalo, mosali enoa ha a tele, o tla ho Jesu ’me oa mo inamela o re: “Morena, nthuse!”​—Matheu 15:​23-25.

Kamoo ho bonahalang kateng, Jesu o leka tumelo ea mosali enoa ka ho bua ka tsela e fosahetseng eo Bajuda ba shebang balichaba ka eona. O re: “Ha hoa nepahala ho nka bohobe ba bana le ho bo akhella lintjanyana.” (Matheu 15:​26) Ha a re “lintjanyana” kapa malinyane, Jesu oa bontša hore o utloela batho bao eseng Bajuda bohloko. E tlameha ebe kutloelo-bohloko ea hae ea bonahala tseleng eo a shebahalang ka eona mahlong, hape ea utloahala le lentsoeng la hae.

Ho e-na le hore mosali enoa a utloisoe bohloko ke taba ena, ka boikokobetso o araba a ipapisitse le boikutlo boo bo fosahetseng ba Bajuda, o re: “E, Morena, empa ha e le hantle lintjanyana li ja makumane a oang litafoleng tsa beng ba tsona.” Jesu oa lemoha hore mosali enoa ha se moikaketsi ebile o ikokobelitse, kahoo o re: “Mosali, tumelo ea hao e kholo, ho ke ho etsahale ho uena joalokaha u lakatsa.” (Matheu 15:​27, 28) Le hoja morali oa hae a le sieo, ho etsahala sona seo. Ha mosali enoa a fihla hae, o fumana morali oa hae a robetse betheng ’me a folile, “modemona a tsoile.”​—Mareka 7:30.

Joale Jesu le barutuoa ba tloha Foenisia ’me ba ea ba lebile Nokeng ea Jordane. Kamoo ho bonahalang kateng, ba tšela Jordane kae-kae ka leboea ho Leoatle la Galilea ’me ba leba Dekapolise. Ha ba fihla moo, ba nyolohela thabeng empa letšoele lea ba fumana. Batho ba tlisa bakuli ba bona ba sa tsebeng ho tsamaea, ba holofetseng, ba foufetseng le ba sa tsebeng ho bua. Ba beha batho bana ba kulang maotong a Jesu ’me oa ba phekola. Batho ba hlolletsoe ke sena ’me ba leboha Molimo oa Iseraele.

Jesu o lebisa tlhokomelo ea hae ho monna ea sa utloeng litsebeng ebile a sa tsebe ho bua hantle. U se u ka inahanela hore na monna enoa o ikutloa joang ha a le har’a letšoele. Mohlomong Jesu oa hlokomela hore monna enoa ha aa phutholoha. Kahoo, o mo nkela ka thoko. Ha ba se ba le bang, Jesu oa mo bontša hore na o tl’o mo etsetsa’ng. O kenya menoana ka litsebeng tsa monna enoa ’me ka mor’a ho tšoela mathe o tšoara leleme la monna enoa. Joale Jesu o sheba leholimong ’me o re “Effatha,” e bolelang “buleha.” Ka ho cho joalo, monna enoa o se a khona ho utloa litsebeng ebile o se a khona ho bua hantle. Jesu ha a batle ha taba ena e ka tsebahala hobane o lakatsa hore batho ba lumele ho eena hobane ba iponetse lintho tseo a li etsang ba bile ba ikutloetse lintho tseo a li buang.​—Mareka 7:​32-36.

Batho ba ameha lipelo hoo ba salang ‘ba hlolloetsoe ka tsela e sa tloaelehang’ ha ba bona matla a Jesu a ho etsa mehlolo. Ba re: “O entse lintho tsohle hantle. O bile o etsa hore ba sa utloeng litsebeng ba utloe le ba sa khoneng ho bua ba bue.”​—Mareka 7:​37.