Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

KHAOLO EA 58

Jesu o Atisa Mahobe Hape o Fana ka Keletso Mabapi le Tomoso

Jesu o Atisa Mahobe Hape o Fana ka Keletso Mabapi le Tomoso

MATHEU 15:​32–16:​12 MAREKA 8:​1-21

  • JESU O FEPA BANNA BA 4 000

  • O LEMOSA KA TOMOSO EA BAFARISI

Matšoele-tšoele a phuthehetse ka bochabela ho Leoatle la Galilea seterekeng sa Dekapolise ho tla bona Jesu. Ba tletse ho tla mamela lithuto tsa Jesu ba be ba folisoe. Ba tlile le libaskete tse kholo tse tšetseng lintho tseo ba li hlokang.

Joale Jesu o re ho barutuoa ba hae: “Ke hauhela bongata bona, hobane e se e le matsatsi a mararo bo lutse pel’a ka ’me ha bo na letho leo bo le jang, haeba nka re bo ee malapeng a bona bo lapile, bo tla felloa ke matla tseleng. Ka sebele, bo bong ba bona bo tsoa hole.” Barutuoa baa botsa ba re: “Sebakeng see se thoko motho o tla khona ho khorisa batho baa ka mahobe a tsoang hokae?”​—Mareka 8:​2-4.

Jesu o re ho bona: “Le na le mahobe a makae?” Barutuoa ba araba ka ho re: “A supileng, le litlhapi tse nyenyane tse seng kae.” (Matheu 15:​34) Jesu o re batho ba lule fatše. O nka mahobe le litlhapi ’me oa rapela. Ha a qeta, o li fa barutuoa ba hae hore ba li abele batho. Batho bohle ba ja ho re ba khotsofale. Lijo tse setseng li tlala libaskete tse supileng tse kholo le hoja ho jele banna ba 4 000, basali le bana.

Ka mor’a hore Jesu a qhale letšoele, o palama sekepe le barutuoa ba hae ba ea Magadane lebopong le ka bophirima ho Leoatle la Galilea. Joale Bafarisi hammoho le lequloana la Basaduse ba leka Jesu ba re a etse pontšo e tsoang leholimong.

Kaha Jesu o tseba sepheo sa bona, o re: “Ha shoalane e tšoara le tloaetse ho re, ‘Boemo ba leholimo bo tla ba botle, kaha leholimo le bofubelu ba mollo’, ’me hoseng le re, ‘Kajeno boemo ba leholimo e tla ba ba mariha, ba pula, kaha leholimo le bofubelu ba mollo, empa le shebahala le le letšo.’ Le tseba ho hlalosa ponahalo ea leholimo, empa lipontšo tsa linako le sitoa ho li hlalosa.” (Matheu 16:​2, 3) Jesu o bolella Bafarisi le Basaduse hore ha ho pontšo eo ba tla e fuoa haese pontšo ea Jonase.

Jesu le barutuoa ba hae ba kena sekepeng ba ea Bethsaida lebopong le ka leboea-bochabela. Ha ba le tseleng, barutuoa baa hlokomela hore ba lebetse ho nka bohobe bo lekaneng. Ba na le lofo e le ’ngoe feela. Jesu o nahanne ka puisano eo a qetang ho ba le eona le Bafarisi le Basaduse ba tšehetsang Heroda. Joale o eletsa barutuoa ba hae o re: “Lulang le butse mahlo, le hlokomele tomoso ea Bafarisi le tomoso ea Heroda.” Ka phoso, barutuoa ba nahana hore o bua joalo hobane ba lebetse ho nka mahobe. Ha Jesu a hlokomela hore na ba nahanne’ng, o re: “Ke hobane’ng ha le phehisana ka hore ha le na mahobe?”​—Mareka 8:​15-17.

Jesu o sa tsoa fepa batho ba likete ka mahobe. Kahoo, e lokela ebe barutuoa baa tseba hore ha aa ameha ka hore bohobe ha bo eo. Oa ba botsa, o re: “Na ha le hopole, ha ke qhetsolela banna ba likete tse hlano mahobe a mahlano, le ile la nka libaskete tse kae tse tletseng lingoathoana?” Ba re ho eena: “Tse leshome le metso e ’meli.” Jesu o tsoela pele o re: “Ha ke qhetsolela banna ba likete tse ’nè a supileng, le ile la nka libaskete tse kae tsa mofaho tse tletseng lingoathoana?” Ba re ho eena: “Tse supileng.”​—Mareka 8:​18-20.

Jesu oa ba botsa: “Ho tla joang hore ebe ha le lemohe hore ke ne ke sa bue le lona ka mahobe? Empa itebeleng tomosong ea Bafarisi le Basaduse.”​—Matheu 16:11.

Qetellong, barutuoa baa utloisisa hore na Jesu o bua ka eng. Tomoso e etsa hore hlama e bele ’me bohobe bo kokomohe. Jesu o sebelisa tomoso ho tšoantša bobolu. O lemosa barutuoa ba hae hore ba itebele “thutong ea Bafarisi le Basaduse,” e nang le bobolu.​—Matheu 16:​12.