Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

KHAOLO EA 59

Mor’a Motho ke Mang?

Mor’a Motho ke Mang?

MATHEU 16:​13-27 MAREKA 8:​22-38 LUKA 9:​18-26

  • JESU O PHEKOLA MONNA EA FOUFETSENG

  • PETROSE O TLA FUOA LINOTLOLO TSA ’MUSO

  • JESU O RE O TLA SHOA A BE A TSOSOE BAFUNG

Jesu o fihla Bethsaida le barutuoa ba hae. Batho ba tlisa monna ea foufetseng ho Jesu ’me ba mo kopa hore a ame monna eo e le hore a ka fola.

Jesu o tšoara monna eo ka letsoho ’me o mo tataisetsa ka ntle ho motse. Ka mor’a hore a mo tšoele ka mathe mahlong, oa mo botsa o re: “Na ho na le seo u se bonang?” Monna eo o re: “Ke bona batho, hobane ke hlokomela se bonahalang eka ke lifate, empa lia tsamaea.” (Mareka 8:​23, 24) Jesu o beha matsoho a hae mahlong a monna enoa ’me o bona ka ho hlaka. O re monna enoa a ee lapeng empa o mo laela hore a se ke a kena motseng.

Ka mor’a moo, Jesu le barutuoa ba hae ba ea motseng o ka leboea o bitsoang Cesarea Filipi. Ha ba ea moo, ba lokela ho tsamaea tsela e moepa e bolelele ba lik’hilomithara tse ka bang 40. Motse oo o phahametse leoatle ka limithara tse 350 ’me ha u le moo, u ka bona Thaba ea Hermone e ka leboea-bochabela e koahetsoeng ke lehloa litlhorong tsa eona. Mohlomong leeto lena le nka matsatsi a ’maloa.

Ha ba le tseleng, Jesu o ea boinotšing ho ea rapela. Ho setse likhoeli tse ka bang robong kapa leshome pele a shoa, ’me o tšoenyehile ka barutuoa ba hae. Ba bang ba sa tsoa khaotsa ho mo latela, ha ba bang ho bonahala ba ferekane kapa ba nyahame. Mohlomong baa ipotsa hore na ke hobane’ng ha a hanne ha batho ba leka ho mo etsa morena kapa hore na ke hobane’ng ha a sa fana ka pontšo e hlakileng ea hore na ha e le hantle ke mang.

Ha barutuoa ba tla moo a ntseng a rapella teng, Jesu oa ba botsa o re: “Batho ba re Mor’a motho ke mang?” Ba re: “Ba bang ba re ke Johanne Mokolobetsi, ba bang ba re ke Elia, ho ntse ho le joalo ba bang ba re ke Jeremia kapa e mong oa baprofeta.” Ehlile batho ba nahana hore e mong oa banna bana o tsohile bafung ’me o se a phela e le Jesu. Jesu o botsa barutuoa ba hae potso e fatang maikutlo, o re: “Leha ho le joalo, lona le re ke mang?” Kapele-pele Petrose oa mo araba o re: “U Kreste, Mora oa Molimo ea phelang.”​—Matheu 16:​13-16.

Jesu o re Petrose a thabe hobane Molimo o mo senoletse taba ena ’me o phaella ka ho re: “Ke re ho uena, u Petrose, ’me holim’a lefika lena ke tla haha phutheho ea ka, ’me liheke tsa Hadese li ke ke tsa e hlola ka matla.” Jesu o bolela hore o tl’o haha phutheho ’me litho tsa eona li ke ke tsa lula lebitleng ho-ea-ho-ile haeba li lula li tšepahala. O tšepisa Petrose o re: “Ke tla u fa linotlolo tsa ’Muso oa maholimo.”​—Matheu 16:​18, 19.

Jesu ha a fe Petrose maemo a pele har’a baapostola ba bang kapa hona hore o mo etsa motheo oa phutheho. Jesu ke eena Lejoe leo phutheho ea hae e tla hahoa holim’a lona. (1 Bakorinthe 3:​11; Baefese 2:​20) Leha ho le joalo, Petrose o tl’o fuoa linotlolo tse tharo. Ka tsela e itseng, o tla ba le mosebetsi oa ho bulela lihlopha tsa batho monyetla oa hore li kene ’Musong oa maholimo.

Petrose o ne a tla sebelisa senotlolo sa pele ka Pentekonta ea selemo sa 33 e le ho bontša Bajuda ba bakileng le ba sokolohileng seo ba lokelang ho se etsa e le hore ba pholohe. O ne a tla sebelisa senotlolo sa bobeli ho bulela Basamaria ba lumelang ho Jesu monyetla oa ho kena ’Musong oa Molimo. Ka selemo sa 36, Petrose o ne a tla sebelisa senotlolo sa boraro ho atolosa monyetla oo ho Balichaba ba sa bollang, e leng Korneliase, le ba bang.​—Liketso 2:​37, 38; 8:​14-17; 10:​44-48.

Puisanong ena, baapostola ba Jesu baa tšoenyeha ha a ba bolella hore haufinyane o tla utloisoa bohloko a be a bolaeloe Jerusalema. Petrose ha a utloisise hore Jesu o tla tsosetsoa leholimong, kahoo o mo nkela ka thoko ’me oa mo khalemela, o re: “Ikhauhele, Morena, ho hang u ke ke ua ba le qetello ena.” Leha ho le joalo, Jesu o oa mo furalla ’me o re: “Suthela ka mor’a ka, Satane! U khopiso ho ’na, hobane u nahana menahano ea batho, eseng ea Molimo.”​—Matheu 16:​22, 23.

Jesu o bitsetsa batho ba bang bao e seng baapostola haufi ’me oa ba hlalosetsa hore ho ke ke ha e-ba bonolo ho ba molateli oa hae. O re: “Haeba mang kapa mang a batla ho ntšala morao, a ke a itatole ’me a nke thupa ea hae ea tlhokofatso a ntatele a sa khaotse. Etsoe mang kapa mang ea batlang ho pholosa moea oa hae o tla lahleheloa ke oona, empa mang kapa mang ea lahleheloang ke moea oa hae ka lebaka la ka le litaba tse molemo o tla o pholosa.”​—Mareka 8:​34, 35.

Ha e le hantle, balateli ba Jesu ba tlameha ho ba sebete ba be ba itele e le hore Jesu a ba amohele. Jesu o re: “Mang kapa mang ea hlajoang ke lihlong ka lebaka la ka le mantsoe a ka molokong ona o febang le o nang le sebe, Mor’a motho le eena o tla hlajoa ke lihlong ka lebaka la hae ha a fihla ka khanya ea Ntat’ae a e-na le mangeloi a halalelang.” (Mareka 8:​38) Ha e le hantle, ha Jesu a tla, “o tla buseletsa e mong le e mong ho ea ka boitšoaro ba hae.”​—Matheu 16:​27.