Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

KHAOLO EA 60

Kreste o Fetoha Sebopeho ’me Khanya ea Hae ea Bonahala

Kreste o Fetoha Sebopeho ’me Khanya ea Hae ea Bonahala

MATHEU 16:​28–17:​13 MAREKA 9:​1-13 LUKA 9:​27-36

  • PONO EA HA JESU A FETOHA SEPOPEHO

  • BAAPOSTOLA BA UTLOA LENTSOE LA MOLIMO

Jesu o Cesarea Filipi e bohole ba lik’hilomithara tse 25 ho tloha Thabeng ea Hermone. Ha a ntse a ruta batho, o bolella baapostola ntho e ʼngoe e makatsang. O re: “Kannete ke re ho lona ho na le ba bang ba emeng mona bao ho hang ba ke keng ba latsoa lefu pele ba bona Mor’a motho a tla ka ’Muso oa hae.”​—Matheu 16:28.

E tlameha ebe barutuoa baa ipotsa hore na Jesu o bolela’ng. Hoo e ka bang beke ka mor’a moo, o nka baapostola ba hae ba bararo e leng Petrose, Jakobo le Johanne ’me ba ea thabeng e phahameng. E ka ’na eaba ke bosiu hobane banna bao ba bararo ba tšoeroe ke boroko. Ha Jesu a ntse a rapela, o fetoha sebopeho ba ntse ba mo shebile. Baapostola ba bona sefahleho sa Jesu se khanya joaloka letsatsi ’me liaparo tsa hae li phatsima joaloka leseli, li le tšoeu toa!

Joale ho hlaha banna ba babeli bao re tlaleheloang hore ke “Moshe le Elia.” Ba qala ho bua le Jesu ka ‘ho tloha ha hae ho neng tla phethahala Jerusalema.’ (Luka 9:​30, 31) Ho bonahala ho tloha ha hae ho bolela ho shoa ha hae le ho tsoha bafung, e leng lintho tseo a neng a buile ka tsona pejana. (Matheu 16:​21) Puisano ena e paka hore, ho fapana le seo Petrose a ileng a se bua, Jesu o ne a ke ke a qoba lefu leo le tlotlollang.

Baapostola bana ba bararo ba se ba hlaphohetsoe ’me ba hlolletsoe ke seo ba se bonang le seo ba se utloang. Ntho ena ke pono, empa e shebahala e le ea sebele hoo Petrose a kenellang moqoqong ka ho re: “Rabi, ho hotle hore re be mona, kahoo a re hlomeng litente tse tharo, e ’ngoe bakeng sa hao ’me e ’ngoe bakeng sa Moshe ’me e ’ngoe bakeng sa Elia.” (Mareka 9:5) Na Petrose o batla hore litente li hlongoe e le hore pono ee e se ke ea fela kapele?

Ha Petrose a ntse a bua, leru le khanyang lea ba koahela. Lentsoe le hlahang lerung le re: “Enoa ke Mora oa ka, ea ratoang, eo ke mo amohetseng, mo mameleng.” Ha ba utloa lentsoe la Molimo, baapostola baa thothomela ke tšabo ’me ba itihela fatše ka lifahleho. Leha ho le joalo, Jesu o re ho bona: “Emang ’me le se ke la tšaba.” (Matheu 17:​5-7) Ha ba ema, ba bona Jesu feela. Pono e felile. Ha e e-ba hoseng ’me ba theoha thabeng, Jesu oa ba laela o re: “Ho se ke ha e-ba le eo le mo bolellang pono ena ho fihlela Mor’a motho a tsosoa bafung.”​—Matheu 17:9.

Taba ea hore Elia o hlahile ponong e qholotsa potso ho baapostola. Baa ipotsa hore na “ke hobane’ng ha bangoli ba re Elia o tla tla pele.” Jesu o araba ka ho re: “Elia o se a tlile ’me ha baa ka ba mo hlokomela.” (Matheu 17:​10-12) Jesu o bua ka Johanne Mokolobetsi ea ileng a etsa mosebetsi o tšoanang le oa Elia. Elia o ile a lokisetsa Elisha tsela joalokaha Johanne a ile a lokisetsa Jesu tsela.

Pono ena e matlafatsa Jesu le baapostola haholo. Ba bone bohashana ba khanya eo Kreste a tla ba le eona ’Musong. Kahoo, barutuoa ba bone “Mor’a motho a tla ka ’Muso oa hae,” feela joalokaha Jesu a ile a tšepisa. (Matheu 16:​28) Ha ba le thabeng, e “bile lipaki tse boneng ka mahlo tsa botle ba hae bo hlollang.” Le hoja Bafarisi ba ne ba batla pontšo e pakang hore Jesu ke eena eo e tla ba Morena ea khethiloeng ke Molimo, o ne a sa ba fe eona. Leha ho le joalo, barutuoa ba Jesu ba haufi-ufi ba ile ba lumelloa ho bona ha Jesu a fetoha sebopeho, e leng ntho e neng e paka hore boprofeta ba ’Muso bo tla phethahala. Ke ka lebaka leo Petrose a ileng a ngola hamorao a re: “Re na le lentsoe la boprofeta le tiisitsoeng haholoanyane.”​—2 Petrose 1:​16-19.