Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

KHAOLO EA 62

Thuto ea Bohlokoa ea Boikokobetso

Thuto ea Bohlokoa ea Boikokobetso

MATHEU 17:​22–18:5 MAREKA 9:​30-37 LUKA 9:​43-48

  • JESU O BOETSE O PROFETA KA LEFU LA HAE

  • O LEFA LEKHETO KA CHELETE E TSOANG MOLOMONG OA TLHAPI

  • KE MANG EA TLA BA MOHOLO KA HO FETISISA ’MUSONG?

Ka mor’a hore Jesu a fetohe sebopeho le hore a phekole moshanyana ea neng a e-na le modemona Cesarea Filipi, o theohela Kapernauma. Ka lenyele, o tsamaea le barutuoa ba hae e le hore ho se be le ‘mang ea tsebang.’ (Mareka 9:​30) Sena se mo fa monyetla oa hore a thuse barutuoa ba hae hore ba be malala-a-laotsoe bakeng sa lefu la hae le mosebetsi oo ba tla o etsa ka mor’a teng. O re: “Mor’a motho o reretsoe ho ekeloa matsohong a batho, ba tla mo bolaea, ’me ka letsatsi la boraro o tla tsosoa.”​—Matheu 17:​22, 23.

Taba ena ha se lehoetla litsebeng tsa barutuoa, kahoo ha baa lokela ho makala. Lebaka ke hore Jesu o ne a ile a bua ka hore o tla bolaoa, le hoja Petrose a ile a hana ho lumela hore seo se tla etsahala. (Matheu 16:​21, 22) Hape, barutuoa ba bararo ba Jesu ba ile ba bona ha a fetoha sebopeho ’me ba utloa puisano e buang ka “ho tloha ha hae.” (Luka 9:​31) Le hoja ba sa utloisise ka ho feletseng hore na Jesu o bolela’ng, ba “sareloa haholo” ka lebaka la seo a se buang. (Matheu 17:​23) Leha ho le joalo, ba tšaba ho mo botsa lipotso tse ngata ka taba ena.

Hamorao ba fihla Kapernauma, e leng moo Jesu a eang teng khafetsa le moo boholo ba baapostola ba hlahang teng. Ha ba fihla moo, banna ba bokellang lekhetho la tempele ba tla ho Petrose. Ba re: “Na mosuoe oa lona ha a lefe [lekhetho] la lidrakema tse peli?” (Matheu 17:​24) Mohlomong ha ba bua tjena ba leka ho qosa Jesu ka hore ha a lefe lekhetho.

Petrose o ba araba ka ho re: “E, oa le lefa.” Koana ntlong moo Jesu a leng teng, o se a ntse a tseba hore na ho etsahetse’ng. Ha Petrose a kena ka tlung, Jesu ha a emele hore a tsoe ka taba, empa oa mo botsa o re: “U nahana joang, Simone? Marena a lefatše a amohela lekhetho la thepa kapa lekhetho la hlooho ho bo-mang? Ho bara ba ’ona kapa ho basele?” Petrose o araba ka ho re: “Ho basele.” Kahoo Jesu o re ho eena: “Joale, ka sebele, bara ba lokolohile lekhethong.”​—Matheu 17:​25, 26.

Ntate oa Jesu ke Morena oa bokahohleng ebile ke Eena ea rapeloang tempeleng. Kahoo, ka molao, Mor’a Molimo ha a tlangoe ke letho ho patala lekhetho la tempele. Jesu o re: “Empa e le hore re se ke ra etsa hore ba khoptjoe, uena e-ea leoatleng, u lahlele selope, ’me u nke tlhapi ea pele e nyolohang ’me, ha u e ahlamisa, u tla fumana chelete ea tšepe ea statera. U e nke ’me u ba fe eona bakeng sa ka le uena.”​—Matheu 17:27.

Hamorao barutuoa baa kopana ’me ba botsa Jesu hore na ke mang ea tla ba moholo ka ho fetisisa ’Musong. Banna bana ba ne ba tšaba ho botsa Jesu ka lefu la hae le ntseng le atamela. Leha ho le joalo, ba sebete sa ho mo botsa ka hore na ke mang ea tla ba moholo ’Musong. Jesu o tseba seo ba se nahanneng. Ba ne ba se ba ile ba pheha khang ka taba ena ha ba ntse ba saletse morao leetong la bona le eang Kapernauma. Kahoo, oa ba botsa o re: “Le ne le phehisana ka’ng tseleng?” (Mareka 9:​33) Barutuoa ba soabela ho mo araba, kahoo ba thola tu! hobane baa tseba hore ba ne ba phehile khang ka hore na ke mang e moholo har’a bona. Qetellong, baapostola ba botsa Jesu potso eo esale ba neng ba ntse ba buisana ka eona, ba re: “Ha e le hantle ke mang e moholo ’Musong oa maholimo?”​—Matheu 18:1.

Hoa makatsa hore ebe barutuoa ba phehile khang ka taba ea mofuta ona le hoja ba bile le Jesu le ho mo mamela ka lilemo tse ka bang tharo. Leha ho le joalo, ha baa phethahala, hape ba holetse sebakeng seo batho ba nkang maemo bolumeling e le ntho ea bohlokoa. Ho feta moo, Petrose o ne a sa tsoa utloa ha Jesu a mo tšepisa “linotlolo” tsa leholimo. Na ebe see se etsa hore a ikutloe a phahametse ba bang? E ka ’na eaba Jakobo le Johanne ba ikutloa ka tsela e tšoanang kaha ba ile ba bona ha Jesu a fetoha sebopeho.

Ho sa tsotellehe hore na ba ikutloa joang, Jesu o ba soaea mohlahare. O bitsa ngoana e monyenyane, o mo emisa har’a bona ’me o re ho bona: “Ntle le hore le sokolohe ’me le be joaloka bana ba banyenyane, ho hang le ke ke la kena ’Musong oa maholimo. Ka hona, mang kapa mang ea tla ikokobetsa joaloka ngoana enoa e monyenyane ke eena e moholo ’Musong oa maholimo, ’me mang kapa mang ea amohelang ngoana e mong e monyenyane tjena ka lebitso la ka le ’na oa nkamohela.”​—Matheu 18:​3-5.

Eo ke tsela e tsotehang hakaakang ea ho ruta! Jesu ha a halefele barutuoa ba hae ka hore ba meharo ebile ba rata maemo. Ho e-na le hoo, o ba ruta ka seo ba se bonang. Bana ba banyenyane ha se batho ba maemo ebile ha baa phahama ho hang. Kahoo, Jesu o ruta barutuoa ba hae hore ba lokela ho inka ba sa phahama joaloka bana. Joale Jesu o phethela thuto ena ka ho re: “Ea itšoarang joaloka e monyenyane har’a lona kaofela ke eena e moholo.”​—Luka 9:​48.