Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

KHAOLO EA 67

“Ha ho Mohla Motho e Mong a Kileng a Bua Tjena”

“Ha ho Mohla Motho e Mong a Kileng a Bua Tjena”

JOHANNE 7:​32-52

  • BALAOLI BA RONGOA HO EA TŠOARA JESU

  • NIKODEMASE O BUELLA JESU

Jesu o ntse a le Jerusalema Moketeng oa Litabernakele (kapa oa Maphephe). O thabetse hore “ba bangata ho bongata ba beha tumelo ho eena.” Leha ho le joalo, seo ha se thabise baeta-pele ba bolumeli. Ba romela balaoli ba sebetsang e le mapolesa a bolumeli hore ba il’o tšoara Jesu. (Johanne 7:​31, 32) Ho ntse ho le joalo, Jesu ha a leke ho ipata.

Ho e-na le hoo, Jesu o tsoela pele a ruta batho phatlalatsa Jerusalema. O re: “Ke tsoela pele ke e-na le lona ka nakoana e eketsehileng pele ke e-ea ho Ea nthomileng. Le tla mpatla, empa le ke ke la mphumana, ’me moo ke leng teng le ke ke la tla.” (Johanne 7:​33, 34) Bajuda ha ba utloisise seo Jesu a se bolelang, kahoo baa ipuoa ba re: “Monna enoa o rera ho ea hokae, hoo re ke keng ra mo fumana? Ha a rere ho ea ho Bajuda ba qhalakaneng har’a Bagerike le ho ruta Bagerike, na ha ho joalo? Polelo ee eo a e buileng e bolela’ng, ‘Le tla mpatla, empa le ke ke la mphumana, ’me moo ke leng teng le ke ke la tla’?” (Johanne 7:​35, 36) Leha ho le joalo, Jesu o bua ka ho shoa ha hae le ho tsosetsoa leholimong, ’me lira tsa hae li ke ke tsa mo sala morao.

Letsatsi la bosupa le fihlile le sa hane. Hoseng ho hong le ho hong matsatsing ana a mokete, moprista o nile a tšela metsi a tsoang Letamong la Siloame ka har’a beisine e le hore a ka phallela karolong e tlaase ea aletare ea tempele. Mohlomong Jesu o leka ho hopotsa batho ka tloaelo ena ha a re: “Haeba leha e le mang a nyoriloe, a ke a tle ho ’na ’me a noe. Ea behang tumelo ho ’na, feela joalokaha Lengolo le boletse, ‘Melapo ea metsi a phelang e tla phalla ho tsoa karolong ea hae e ka hare-hare.’ ”​—Johanne 7:​37, 38.

Jesu o bua ka se tla etsahala ha baapostola ba hae ba tlotsoa ka moea o halalelang ’me ba bitsetsoa ho ea phela leholimong. Ho tlotsoa hona ho etsahala ka mor’a hore Jesu a shoe. Ho qala ka letsatsi la Pentekonta selemong se latelang, molapo oa metsi a fanang ka bophelo o tla qala ho phalla ha baapostola ba tlotsitsoeng ka moea ba bolella batho ’nete.

Batho ba utloang ha Jesu a ruta ba re: “Kannete-nete enoa ke eena Moprofeta.” Ba bang ba re: “Enoa ke eena Kreste.” Leha ho le joalo, ba bang ba re: “Ha e le hantle Kreste ha a tsoe Galilea, na ha ho joalo? Na Lengolo ha lea re Kreste o tsoa baneng ba Davida, le hore o tsoa Bethlehema motsana oo Davida a neng a le ho oona?”​—Johanne 7:​40-42.

Ka hona, letšoele ha le lumellane ka maikutlo. Le hoja ho e-na le ba batlang hore Jesu a tšoaroe, ha ho le ea mong ea itetang sebete sa ho mo tšoara. Ha balaoli ba khutlela ho baeta-pele ba bolumeli ba le matsoho, baprista ba ka sehloohong le Bafarisi baa ba botsa ba re: “Ke hobane’ng ha le sa ka la mo tlisa?” Balaoli ba araba ka ho re: “Ha ho mohla motho e mong a kileng a bua tjena.” Baeta-pele ba bolumeli baa ba soma le ho ba rohaka ba re: “Le lona ha lea khelosoa, na ha ho joalo? Ha ho le ea mong oa babusi kapa oa Bafarisi ea behileng tumelo ho eena, na ha ho joalo? Empa bongata bona bo sa tsebeng Molao ke batho ba rohakiloeng.”​—Johanne 7:​45-49.

Joale Nikodemase eo e leng Mofarisi le setho sa Sanhedrine o beta pelo ’me o buella Jesu. Lilemong tse peli le halofo tse fetileng, Nikodemase o ile a tla ho Jesu bosiu ’me a bontša hore o na le tumelo ho eena. Nikodemase o re: “Molao oa rona ha o ahlole motho ntle leha o utloile ho eena pele le ho tseba seo a se etsang, na ha ho joalo?” Ba ikemela ka ho re’ng? Ba re: “Ha u tsoe Galilea le uena, na ha ho joalo? Batla ’me u bone hore ha ho moprofeta ea tla hlahisoa Galilea.”​—Johanne 7:​51, 52.

Mangolo ha a bolele ka ho toba hore ho na le moprofeta ea tla tsoa Galilea. Leha ho le joalo, Lentsoe la Molimo le boletse hore Kreste o tsoa moo. Le boetse la profeta hore “leseli le leholo” le tla bonahala “Galilea ea lichaba.” (Esaia 9:​1, 2; Matheu 4:​13-17) Ho ekelletsa moo, joalokaha ho ile ha boleloa esale pele, Jesu o hlahetse Bethlehema, hape ke setloholo sa Davida. Le hoja Bafarisi ba tseba taba ena, ho ka etsahala hore ebe ke bona ba ikarabellang ka ho hasa maikutlo a fosahetseng ka Jesu.