Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

KHAOLO EA 76

Jesu o ja le Mofarisi

Jesu o ja le Mofarisi

LUKA 11:​37-54

  • JESU O NYATSA BOIKAKETSI BA BAFARISI

Ha Jesu a ntse a le Judea, o amohela memo ea ho ea lijong ha Mofarisi. Ho ka etsahala hore e ne e le lijo tsa motšehare eseng tsa mantsiboea. (Luka 11:​37, 38; bapisa le Luka 14:​12.) Ho ea ka tloaelo ea Bafarisi, pele ba ja ba qala pele ka ho hlatsoa matsoho ho fihlela litsoeng. Leha ho le joalo, Jesu ha a ba etsise. (Matheu 15:​1, 2) Ho hlapa matsoho ka tsela eo ho ne ho ke ke ha etsa hore a tlole Molao oa Molimo, le teng, Molao o ne o sa mo hloke hore a etse joalo.

Mofarisi enoa o makalitsoe ke hore Jesu ha a latele tloaelo eo ea bona. Ha Jesu a hlokomela o re: “Joale lona Bafarisi, le hloekisa bokantle ba senoelo le sejana, empa bokahare ba lona bo tletse tse tlatlapuoeng le bokhopo. Batho ba se nang kahlolo e molemo! Ea entseng bokantle o entse le bokahare, na ha ho joalo?”​—Luka 11:​39, 40.

Ho hlapa matsoho pele motho a ja ha se eona taba, empa taba ke boikaketsi ba bolumeli. Bafarisi le batho ba bang bao ka tloaelo ba hlapang matsoho ka tsela ena ea moetlo, ba hloleha ho hloekisa lipelo tsa bona tse khopo. Jesu oa ba eletsa o re: “Fanang ka lintho tse ka hare e le limpho tsa mohau, ’me, bonang! lintho tse ling kaofela li hloekile mabapi le lona.” (Luka 11:​41) Ha ho ’nete e fetang ena! Ho fana ho lokela ho tsoa pelong, eseng hobane motho a batla ho itlhahisa e le ea lokileng.

Ha ho bolele hore banna bana ha ba seatla se bulehileng. Jesu o hlakisa ntlha ea hae ka ho re: “Le fana ka karolo ea leshome ea koena le rue le ea meroho e meng kaofela, empa le feta toka le lerato la Molimo! Le ne le tlamehile ho etsa lintho tsena, empa eseng hore le siee lintho tseo tse ling.” (Luka 11:​42) Molao oa Molimo o ne o re ba lokela ho fana ka karolo ea leshome ea lihlahisoa tsohle tse tsoang masimong. (Deuteronoma 14:​22) Lihlahisoa tsena li ne li akareletsa koena, rue le litlama tse ling tse neng li sebelisetsoa ho natefisa lijo. Bafarisi ba ne ba tšepahalla ho patala karolo ena ea leshome ea lihlahisoa tsa bona, empa ba ne ba hlokomoloha Molao oa bohlokoa o akareletsang hore ba be le toka ba be ba ikokobetse ka pel’a Molimo.​—Mikea 6:8.

Jesu o tsoela pele o re: “Ho malimabe lona Bafarisi, hobane le rata litulo tse ka pele lisynagogeng le litumeliso limmarakeng! Ho malimabe lona, hobane le joaloka mabitla a khopotso a sa bonahaleng, hoo batho ba tsamaeang ho ’ona ’me ba sa ho tsebe!” (Luka 11:​43, 44) Batho ba ne ba ka iphumana ba tsamaile holim’a mabitla ao ebe e ba ba sa hloekang ho ea ka Molao. Mona Jesu o hlakisa taba ea hore ho se hloeke ha Bafarisi ha se ho totobetseng.​—Matheu 23:27.

Monna e mong ea tsebang Molao oa tletleba o re: “Mosuoe, ka ho bua lintho tsena ua re rohaka.” Banna ba kang enoa ba lokela ho lumela hore ba hloleha ho thusa batho. Jesu o re: “Ho malimabe lona ba rutehileng Molaong, hobane le imetsa batho ka mejaro eo ho leng thata ho e jara, empa ha le ame mejaro eo le ka o le mong oa menoana ea lona! Ho malimabe lona, hobane le haha mabitla a khopotso a baprofeta, empa baholo-holo ba lona ba ile ba ba bolaea!”​—Luka 11:​45-47.

Mejaro eo Jesu a buang ka eona ke melao eo Bafarisi ba iketselitseng eona le tsela eo ba hlalosang Molao ka eona. Banna bana ba thatafaletsa batho bophelo. Ba qobella batho hore ba boloke melao e ba imelang. Baholo-holo ba bona ba bolaile baprofeta ba Molimo, ho qala ka Abele. Joale banna bana ba bonahalang eka ba hlompha baprofeta ka ho ba ahela liemahale mabitleng a bona, ba etsisa hantle liketso tsa bo-ntat’a bona moholo. Ba batla le ho bolaea Moprofeta ea ka sehloohong oa Molimo. Jesu o re Molimo o tla ahlola moloko ona. Taba eo e phethahala lilemo tse 38 hamorao ka selemo sa 70.

Jesu o tsoela pele o re: “Ho malimabe lona ba rutehileng Molaong, hobane le ile la tlosa senotlolo sa tsebo, ha lea ka la kena, ’me ba kenang le ile la ba sitisa!” (Luka 11:​52) Banna bana ba lokelang ho ruta batho Lentsoe la Molimo, ke bona ba ba sitisang hore ba tsebe Molimo.

Bafarisi le bangoli ba itšoara joang? Ha Jesu a le mothating oa ho tsamaea, ba qala ho mo kharumela ka bohale le ho mo hloma lipotso. Ha ba mo botse lipotso hobane ba batla ho ithuta. Ho e-na le hoo, ba batla ho leka Jesu hore a bue ntho e ’ngoe feela e tla etsa hore ba mo tšoare.