Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

KHAOLO EA 78

Lula U Itokisitse, Uena Mohlanka ea Tšepahalang!

Lula U Itokisitse, Uena Mohlanka ea Tšepahalang!

LUKA 12:​35-59

  • MOHLANKA EA TŠEPAHALANG O LOKELA HO LULA A ITOKISITSE

  • JESU O TLETSE HO BAKA KAROHANO

Jesu o hlalositse hore ke “mohlatsoana” feela o tla fumana sebaka ’Musong oa leholimo. (Luka 12:​32) Leha ho le joalo, ho fumana moputso ona ha se ntho eo ba lokelang ho e nka habobebe. Ha e le hantle, Jesu o tsoela pele ho hatisa bohlokoa ba hore motho a be le boikutlo bo nepahetseng e le hore e tle e be karolo ea ’Muso ona.

Kahoo, Jesu o eletsa barutuoa ba hae hore ba lule ba itokiselitse ho khutla ha hae. O re: “Matheka a lona a ke a tlangoe ’me mabone a lona a ke a tuke, ’me le be joaloka batho ba letetseng mong’a bona ha a khutla lenyalong, e le hore ha a fihla ’me a kokota hang-hang ba ka mo bulela. Ho thaba makhoba ao monghali ha a fihla a a fumanang a lebetse!”​—Luka 12:​35-37.

Barutuoa ba utloisisa hantle boikutlo boo Jesu a batlang hore ba be le bona. Bahlanka bao a buang ka bona ba malala-a-laotsoe, ba emetse ho khutla ha mong’a bona. Jesu oa hlalosa o re: “Haeba [mong’a bona] a fihla tebelong ea bobeli [e leng ho tloha ka hora ea borobong bosiu ho ea ka khitla], esita le haeba e le ho ea boraro [e leng ho tloha ka khitla ho ea ho hora ea boraro mesong], ’me a a fumana a le joalo, ho thaba ’ona!”​—Luka 12:38.

Ha se feela hore keletso ena e re batho e be basebetsi kapa bahlanka ba ntlo ba mafolofolo. Sena se hlaka ha Jesu, Mor’a motho a ikenyeletsa papisong ena. O re ho barutuoa ba hae: “Le lona, le lule le lokile, hobane Mor’a motho o tla ka hora eo le sa nahaneng hore e ka ba eona.” (Luka 12:​40) Hamorao Jesu o tla tla ’me o batla hore balateli ba hae, haholo-holo bao e leng karolo ea “mohlatsoana,” ba lule ba itokisitse.

Petrose o batla ho utloisisa hantle seo Jesu a se bolelang, kahoo oa mo botsa o re: “Morena, na papiso ee u e bolella rona kapa le bohle?” Ho e-na le hore a arabe Petrose ka ho toba, Jesu o etsa papiso e batlileng e tšoana le ea pele, o re: “Ha e le hantle ke mang eo e leng motsamaisi ea tšepahalang, ea masene, eo mong’a hae a tla mo beha hore a okamele sehlopha sa hae sa bahlanka hore a ’ne a ba fe tekanyo ea bona ea lijo ka nako e tšoanetseng? Ho thaba lekhoba leo, haeba mong’a lona ha a fihla a le fumana le etsa joalo! Kannete kea le bolella, o tla le beha hore le okamele lintho tsohle tsa hae.”​—Luka 12:​41-44.

Papisong eo Jesu a e entseng pejana, ho hlakile hore ke eena “monghali,” e leng Mor’a motho. Ke ho utloahalang hore , “motsamaisi ea tšepahalang” ke banna bao e leng karolo ea “mohlatsoana” ba tla fuoa ’Muso. (Luka 12:​32) Mona Jesu o re litho tse ling tsa sehlopha sena li tla fa bahlanka ba hae lijo, e leng “tekanyo ea bona ea lijo ka nako e tšoanetseng.” Kahoo, Petrose le barutuoa ba bang ba mametseng Jesu ba ka etsa qeto ea hore ho na le nako eo ka eona Mor’a motho a tla tla ka eona. Ka nako eo ho tla etsoa litlhophiso tsa hore balateli ba Jesu, e leng ‘sehlopha sa bahlanka sa monghali,’ se rutoe.

Jesu o hatisa ka tsela e ’ngoe e fapaneng hore na ke hobane’ng ha barutuoa ba hae ba lokela ho lula ba falimehile le hore ba hlokomele boitšoaro ba bona. Lebaka ke hore ho ka etsahala hore boitšoaro ba bona bo hlephe ho isa boholeng ba hore ba hanyetse bara le barali ba bo bona. O re: “Empa haeba lekhoba leo le ka re ka pelong ea lona, ‘Mong’a ka o lieha ho tla,’ ’me la qala ho otla bahlanka le makhabunyane, la ja la noa la tahoa, mong’a lekhoba leo o tla tla ka letsatsi leo le sa mo lebellang ka lona le ka hora eo le sa e tsebeng, ’me o tla le fa kotlo e matla ka ho fetisisa ’me a le abele karolo le ba sa tšepahaleng.”​—Luka 12:​45, 46.

Jesu o re o tletse “ho qala mollo lefatšeng.” Ho joalo, kaha o bua ka litaba tse etsang hore ho be le phehisano e chesang, e etsang hore lithuto tsa bohata le lineano li che lore! Ho feta moo, li arola batho bao ho lebeletsoeng hore ba utloane, kaha li arola “ntate khahlanong le mora le mora khahlanong le ntate, ’mè khahlanong le morali le morali khahlanong le ’m’ae, ’mè matsale khahlanong le ngoetsi ea hae le ngoetsi khahlanong le ’mè matsale oa eona.”​—Luka 12:​49, 53.

Mantsoe ana a ne a tobisitsoe ho baapostola ba hae. Ka mor’a moo Jesu o bua le letšoele. Batho ba bangata ba hanne ho amohela bopaki ba hore ke Mesia, kahoo o re ho bona: “Ha le bona leru le nyoloha likarolong tse ka bophirimela, hang-hang le re, ‘Sefefo sea tla,’ ’me ho ba joalo. ’Me ha le bona hore moea oa boroa oa foka, le re, ‘Ho tla ba le leqhubu la mocheso,’ ’me le ba teng. Baikaketsi, le tseba ho hlahloba ponahalo ea ka ntle ea lefatše le leholimo, empa ho tla joang hore ebe ha le tsebe ho hlahloba nako ee?” (Luka 12:​54-56) Ho hlakile hore ha baa itokisa.