Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

KHAOLO EA 82

Mosebetsi oa Jesu Perea

Mosebetsi oa Jesu Perea

LUKA 13:​22–14:6

  • HO IKITLAELLETSA HO KENA KA MONYAKO O MOQOTETSANE

  • JESU O LOKELA HO SHOELLA JERUSALEMA

Jesu o ne a ntse a ruta le ho folisa batho Judea le Jerusalema. O ile a tšela Noka ea Jordane e le hore a ka ea motse le motse a ntse a ruta seterekeng sa Perea. Ho se hokae, o tla khutlela Jerusalema.

Ha a ntse a le Perea, monna e mong oa mo botsa o re: “Morena, na ba ntseng ba pholosoa ke ba seng bakae?” Mohlomong monna enoa o tseba ka phehisano e teng har’a baeta-pele ba bolumeli ea hore na ke ba bakae ba tla pholoha. Ho e-na le ho bua ka hore na ke ba bakae ba tlang ho pholoha, Jesu o bua ka se lokelang ho etsoa hore motho a bolokehe. O re: “Ikitlaetseng ka matla ho kena ka monyako o moqotetsane.” Ke hobane’ng ha ho hlokahala boikitlaetso? Jesu oa hlalosa o re: “Ba bangata, ba tla batla ho kena empa ba ke ke ba khona.”​—Luka 13:​23, 24.

Jesu o etsa papiso e le ho bontša hore ehlile ho hlokahala boikitlaetso. O re: “Hang ha mong’a ntlo a eme ’me a notletse monyako, ’me le qala ho ema ka ntle le ho kokota monyako, le re, ‘Mohlomphehi, re bulele.’ . . . Empa o tla bua ’me a re ho lona, ‘Ha ke tsebe hore na le tsoa hokae. Tlohang ho ’na, lona kaofela basebetsi ba ho se loke!’ ”​—Luka 13:​25-27.

Mona Jesu o bontša maqakabetsi a hlahelang motho ea iphihlelang morao, ka nako e ratoang ke eena ’me a fumana monyako o se o koetsoe ebile o notletsoe. O ne a lokela ho fihla ka nako le haeba ho ne ho le thata ho etsa joalo. Ka ho tšoanang, le batho ba bangata ba ka be ba ile ba rua molemo ka ho ba teng ha Jesu a ruta. Ba hlolehile ho nka monyetla oa ho etsa hore borapeli ba ’nete e be ntho e tlang pele bophelong ba bona. Boholo ba batho bao Jesu a rometsoeng ho bona ha ba amohele seo Molimo a ba fileng sona e le hore ba pholohe. Jesu o re ba tla ‘lla le ho tsikitlanya meno’ ha ba lahleloa ka ntle. Leha ho le joalo, batho ba tsoang “likarolong tse ka bochabela le tse ka bophirimela, le leboea le boroa,” ba tsoang lichabeng tsohle, “ba tla otla ka lehlakore tafoleng ’Musong oa Molimo.”​—Luka 13:​28, 29.

Jesu oa hlalosa o re: “Ho na le ba ho qetela [joaloka bao e leng balichaba le Bajuda ba hateletsoeng] bao e tla ba ba pele, ’me ho na le ba pele [Baeta-pele ba bolumeli ba motlotlo ka hore ke bana ba Abrahama] bao e tla ba ba ho qetela.” (Luka 13:​30) Batho ba se nang kananelo e tla ba ba ho “qetela” ka hore ha ba na ho ba teng ho hang ’Musong oa Molimo.

Bafarisi ba bang ba tla ho Jesu ba tl’o mo eletsa ba re: “Tsoa ’me u tlohe mona, hobane Heroda [Antipase] o batla ho u bolaea.” Mohlomong Morena Heroda ke eena ea qalileng ma-bare-bare ana e le hore Jesu a tle a balehe sebakeng sena. E ka ’na eaba Heroda o tšohile hore ka tsela e itseng o tla kenella polaong ea moprofeta e mong joalokaha a ile a kenella polaong ea Johanne Mokolobetsi. Leha ho le joalo, Jesu o re ho Bafarisi: “E-eang ’me le bolelle phokojoe eo, ‘Bona! Ke ntša bademona ’me ke phetha pholiso kajeno le hosasane, ’me ka letsatsi la boraro ke tla be ke qetile.’ ” (Luka 13:​31, 32) Ka ho bitsa Heroda “phokojoe,” e ka ’na eaba Jesu o ne a bapisa maqiti a hae le a phokojoe. Leha ho le joalo, a ke ke a lumella mang kapa mang hore a mo sebelise ka lepotlapotla, esita le haeba motho eo e le Heroda. O tlo phetha thomo eo a e filoeng ke Ntate oa hae ka nako e behiloeng ke Ntate oa hae eseng ke motho e mong.

Jesu o tsoela pele ka leeto la hae ho leba Jerusalema hobane joalokaha a boletse, “ha ho lumellehe hore moprofeta a timetsoe ka ntle ho Jerusalema.” (Luka 13:​33) Ha ho na boprofeta ba Bibele bo itseng Mesia o tlameha ho shoella motseng oo. Joale ke hobane’ng ha Jesu a bua ka ho bolaeloa teng? Hobane Jerusalema ke motse-moholo, moo litho tse 71 tsa lekhotla le phahameng la Sanhedrine li leng hona teng le moo batho ba qosoang ka ho ba baprofeta ba bohata ba ahloleloang teng. Hape ke moo mahlabelo a liphoofolo a nyeheloang teng. Kahoo Jesu oa elelloa hore e tla be e le ho sa amoheleheng hore a bolaeloe sebakeng se seng.

Jesu o re: “Jerusalema, Jerusalema, ’molai oa baprofeta le ea tlepetsang ka majoe ba rometsoeng ho eena, ke batlile hangata hakaakang ho bokella bana ba hao ka mokhoa oo khoho e bokellang litsuonyana tsa eona tlas’a mapheo a eona, empa le ne le sa batle! Bonang! Ntlo ea lona e tlohetsoe ho lona.” (Luka 13:​34, 35) Sechaba se hana mora oa Molimo, kahoo se lokela ho khola litholoana tsa seo.

Pele Jesu a fihla Jerusalema, moeta-pele oa Bafarisi o mo memela lijong lapeng ha hae ka Sabatha. Bohle ba memiloeng ba shebile ka hloko ho bona hore na Jesu o tla etsa’ng ka monna ea khotšeng seema (ha motho a tlala metsi ’meleng, haholo-holo litlhafung le maotong). Jesu o botsa Bafarisi le ba rutehileng molaong o re: “Na ho lumelloa ke molao ho phekola ka Sabatha kapa che?”​—Luka 14:3.

Ha ho na motho ea arabang. Jesu o folisa monna eo ’me oa ba botsa o re: “Ke mang ho lona eo, haeba mora oa hae kapa poho e oela ka selibeng, a ke keng a e nyollela ka ntle kapele-pele ka letsatsi la Sabatha?” (Luka 14:5) Ba ntse ba sa khone ho araba kaha o fana ka mabaka a utloahalang.