Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

KHAOLO EA 85

Ho Thaba ha Moetsalibe a Baka

Ho Thaba ha Moetsalibe a Baka

LUKA 15:​1-10

  • PAPISO EA NKU E LAHLEHILENG LE EA CHELETE EA TŠEPE E LAHLEHILENG

  • MANGELOI A LEHOLIMONG AA THABA

Ka makhetlo-khetlo nakong ea tšebeletso ea hae, Jesu o nile a hatisa bohlokoa ba ho ikokobetsa. (Luka 14:​8-11) O labalabela ho fumana banna le basali ba batlang ho sebeletsa Molimo ka boikokobetso. Ho fihlela joale, ba bang ba bona e ka ’na eaba ba ntse ba tsebahala e le baetsalibe.

Bafarisi le bangoli baa hlokomela hore batho bao ba nkang ba eiseha ba thabela Jesu le molaetsa oa hae. Ba re: “Monna enoa o amohela baetsalibe ’me o ja le bona.” (Luka 15:2) Bafarisi le bangoli ba inka ba phahametse batho ba bang ’me ba ba khella fatše joaloka tenane. Ho bontša kamoo ba nyatsang batho ba joalo kateng, ba sebelisa lentsoe la Seheberu ʽam ha·ʼaʹrets, e leng “batho ba lefatše” ha ba bua ka bona.

Ho fapana le bona, Jesu o tšoara batho bohle ka tsela e nang le seriti, e mosa le e nang le kutloelo-bohloko. Batho ba bangata ba khelloang fatše, ho akareletsa le ba bang ba tsebahalang ka hore ke baetsalibe, ba thabela ho mamela Jesu. Joale, Jesu o ikutloa joang ha batho ba mo nyatsa ka hore o thusa batho ba maemo a tlaase, hona o re’ng ha a araba batho baa ba mo nyatsang?

Re fumana karabo e hlakileng ha a etsa papiso ena e amang maikutlo, e tšoanang le eo a kileng a e etsa pejana ha a le Kapernauma. (Matheu 18:​12-14) Mona Jesu o bua joalokaha eka Bafarisi ke batho ba lokileng le ba sireletsehileng ka lesakeng la Molimo. Ka lehlakoreng le leng, o bua ka batho ba maemo a tlaase joalokaha eka ke batho ba hlahlathetseng le ba lahlehileng.

Jesu o re: “Ke motho ofe ho lona ea nang le linku tse lekholo, eo ha a lahleheloa ke e ’ngoe ea tsona, a ke keng a siea tse mashome a robong a metso e robong lefeelleng ’me a e’o batla e lahlehileng ho fihlela a e fumana? Ha a e fumane o e jara mahetleng ’me oa thaba. Ha a fihla lapeng o bokella metsoalle ea hae le baahelani ba hae, o re ho bona, ‘Thabang le ’na, hobane ke fumane nku ea ka e neng e lahlehile.’ ”​—Luka 15:​4-6.

Jesu o bolela’ng ka papiso ee? Oa hlalosa o re: “Kea le bolella hore ho tla ba le thabo e eketsehileng leholimong ka lebaka la moetsalibe a le mong ea bakang ho feta ka e bang teng ka lebaka la ba mashome a robong a metso e robong ba lokileng ba sa hlokeng pako.”​—Luka 15:7.

E tlameha ebe Bafarisi baa halefa ha Jesu a bua ka pako kaha ba inka ba lokile ’me ba utloa ho sa hlokahale hore ba bake. Nakong eo ba bang ba bona ba neng ba nyatsa Jesu lilemong tse seng kae tse fetileng, ha a ne a ja le babokelli ba lekhetho le baetsalibe, o ile a ba araba a re: “Ke tlil’o bitsa baetsalibe, eseng batho ba lokileng.” (Mareka 2:​15-17) Bafarisi ba iketsang eka ba lokile ba hloleha ho bona hore ba hloka ho baka, kahoo ha ba etse hore ho be le thabo leholimong. Taba ena e fapane hole le ha moetsalibe a baka e le kannete.

Ha Jesu a toboketsa ntlha ea hae ea hore ho ba le thabo leholimong ha moetsalibe a baka, o etsa papiso e ’ngoe, ea se ka etsahalang ka lapeng, o re: “Ke mosali ofe ea nang le lichelete tsa tšepe tsa drakema tse leshome, eo haeba a lahleheloa ke chelete ea tšepe ea drakema e le ’ngoe, a sa boneseng lebone le ho fiela ntlo ea hae ’me a e batle ka hloko ho fihlela a e fumana? Ha a e fumane o bokella basali bao e leng metsoalle le baahelani ba hae, o re, ‘Thabang le ’na, hobane ke fumane chelete ea tšepe ea drakema e neng e ntahlehetse.’ ”​—Luka 15:​8, 9.

Tlhaloso eo Jesu a fanang ka eona le lekhetlong lena e tšoana le eo a faneng ka eona papisong ea nku e lahlehileng. O re: “Ka tsela eo, kea le bolella, thabo ea hlaha har’a mangeloi a Molimo ka lebaka la moetsalibe a le mong ea bakang.”​—Luka 15:10.

Nahana feela, mangeloi a Molimo a tsotella baetsalibe ba bakang! Ka ho khetheha taba ena ke ea bohlokoa hobane baetsalibe ba bakang ’me ba fuoa sebaka ’Musong oa Molimo o leholimong, ba tla phahamela esita le mangeloi! (1 Bakorinthe 6:​2, 3) Leha ho le joalo, mangeloi ha a ba shoele mona. Joale re lokela ho ikutloa joang ha moetsalibe a khutlela ho Molimo, a bakile e le kannete?