Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

KHAOLO EA 89

Ha Jesu a le Tseleng e Eang Judea, o Ruta Motseng oa Perea

Ha Jesu a le Tseleng e Eang Judea, o Ruta Motseng oa Perea

LUKA 17:​1-10 JOHANNE 11:​1-16

  • HO BA SESOSA SA KHOPISO HO TEBILE HAKAE?

  • TŠOARELA ’ME U BE LE TUMELO

Ka nakoana, Jesu o ne a le sebakeng se seng se “ka mose ho Jordane,” se bitsoang Perea. (Johanne 10:​40) Ho se hokae, o tl’o leba ka boroa ho ea Jerusalema.

Jesu ha a tsamaee a le mong. O tsamaea le barutuoa ba hae, hammoho le “bongata bo boholo,” ho akareletsa le babokelli ba lekhetho le baetsalibe. (Luka 14:​25; 15:1) Bafarisi le bangoli ba nyatsang lintho tseo Jesu a li buang le tseo a li etsang, le bona ba teng. Ho na le lintho tse ngata tseo ba ka nahanisisang ka tsona ka mor’a hore ba mamele lipapiso tsa Jesu tsa nku e lahlehileng, mora ea lahlehileng, le ea monna oa morui le Lazaro.​—Luka 15:2; 16:14.

Jesu o bua le barutuoa ba hae ka ho toba, mohlomong a ntse a hopotse mantsoe a nyefolang le a somang ao bahanyetsi ba hae ba sa tsoa a bua. O khutlela ho tse ling tsa lintho tseo a li rutileng ha a le Galilea.

Ka mohlala, Jesu o re: “Ho ke ke ha qojoa hore lisosa tsa ho khoptjoa li tle. Leha ho le joalo, ho malimabe eo li tlang ka eena! . . . Ikeleng hloko. Haeba mor’eno a etsa sebe u mo khalemele ka matla, ’me haeba a baka u mo tšoarele. Esita le haeba a u siteloa ka makhetlo a supileng ka letsatsi ’me a khutlela ho uena ka makhetlo a supileng, a re, ‘Ke bakile,’ u mo tšoarele.” (Luka 17:​1-4) Mantsoe ana a qetellang a ka ’na a hopotsa Petrose potso eo a ileng a e botsa e mabapi le ho tšoarela ho fihlela makhetlong a supileng.​—Matheu 18:21.

Na barutuoa ba tla khona ho latela mantsoe aa a Jesu? Ha ba kopa Jesu ba re, “Re fe tumelo e eketsehileng,” Jesu oa ba tiisetsa o re: “Haeba le ne le e-na le tumelo e boholo ba thollo ea mosetareta, le ne le tla re ho sefate sena sa monokotšoai o motšo, ‘Fothoha ’me u lengoe ka leoatleng!’ ’me se ne se tla le mamela.” (Luka 17:​5, 6) Esita le ka tumelo e nyenyane feela motho a ka finyella lintho tse kholo.

Jesu o tsoela pele ho ba ruta thuto ea bohlokoa e mabapi le ho se inkele holimo, o re ho baapostola: “Ke mang ho lona ea nang le lekhoba le lemang kapa le hlokomelang mohlape ea tla re ho lona ha le tsoa tšimong, ‘Tloo mona hang-hang ’me u otle ka lehlakore tafoleng’? Ho e-na le hoo, na a ke ke a re ho lona, ‘Ntokisetse ho hong hore ke je lijo tsa ka tsa shoalane, u apare foreskoto ’me u ntšebeletse ho fihlela ke qeta ho ja le ho noa, ’me ka mor’a moo u ka ja oa noa’? A ke ke a leboha lekhoba leo hobane le ile la etsa lintho tseo le li abetsoeng, na ha ho joalo? Kahoo le lona, ha le entse lintho tsohle tseo le li abetsoeng, le re, ‘Re makhoba a se nang molemo. Seo re se entseng ke seo re neng re tšoanela hore ebe re se entse.’ ”​—Luka 17:​7-10.

Mohlanka e mong le e mong oa Molimo o lokela ho utloisisa bohlokoa ba ho etelletsa pele lithahasello tsa Molimo bophelong. Ho feta moo, e mong le e mong o lokela ho hopola monyetla oo a nang le ’ona oa ho sebeletsa Molimo e le karolo ea lelapa la hae.

Ho bonahala eka hang ka mor’a moo, moromuoa ea ronngoeng ke Maria le Maretha oa fihla. Ke likhaitseli tsa Lazaro, ’me ba lula Bethani e Judea. Moromuoa eo o re: “Morena, bona! eo u mo ratang oa kula.”​—Johanne 11:​1-3.

Le hoja Jesu a qeta ho utloa hore motsoalle oa hae Lazaro o kula hampe haholo, ha a bonahale a tšoenyehile haholo. Ho e-na le hoo, o re: “Boloetse bona ha bo ise lefung, empa ke bakeng sa thoriso ea Molimo, e le hore Mora oa Molimo a ka tlotlisoa ka bona.” O tsoela pele a ntse a lutse moo ka matsatsi a mabeli, ’me o re ho barutuoa ba hae: “A re keneng Judea hape.” Barutuoa baa hana ba re: “Rabi, morao tjena Bajudea ba ne ba batla ho u tlepetsa ka majoe, ’me na u ea moo hape?”​—Johanne 11:​4, 7, 8.

Jesu oa ba araba o re: “Ho na le lihora tse leshome le metso e ’meli tsa motšehare, na ha ho joalo? Haeba leha e le mang a tsamaea motšehare ha a thule letho, hobane o bona leseli la lefatše lena. Empa haeba leha e le mang a tsamaea bosiu, o thula ho hong, hobane leseli ha le eo ho eena.” (Johanne 11:​9, 10) Ho bonahala Jesu a bolela hore nako eo Molimo a e behileng ea hore a qete mosebetsi oa hae lefatšeng ha e e-s’o fele. Ho fihlela ka nako eo, Jesu o lokela ho sebelisa nako e seng kae e setseng ka botlalo.

Jesu o tsoela pele o re: “Motsoalle oa rona Lazaro o phomotse, empa ke ea moo ho mo tsosa borokong.” Kamoo ho bonahalang kateng, barutuoa ba nahana hore Lazaro o mpa a robetse feela ’me o tla tsoha, kahoo ba re: “Morena, haeba a phomotse, o tla fola.” Jesu o ba joetsa ka ho toba o re: “Lazaro o shoele . . . Empa a re eeng ho eena.”​—Johanne 11:​11-15.

Thomase oa elelloa hore Jesu a ka ’na a bolaoa ha a fihla Judea, empa o batla ho mo tšehetsa, kahoo o re ho barutuoa ba bang: “Le rona a re eeng, e le hore re ka shoa le eena.”​—Johanne 11:​16.