Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

KHAOLO EA 90

“Tsoho le Bophelo”

“Tsoho le Bophelo”

JOHANNE 11:​17-37

  • JESU OA FIHLA KA MOR’A HORE LAZARO A SHOE

  • “TSOHO LE BOPHELO”

Jesu o tsoa Perea, ’me o se a le haufi le ho kena motseng oa Bethani, e leng motse o bohole ba lik’hilomithara tse tharo ka bochabela ho Jerusalema. Maria le Maretha, e leng likhaitseli tsa Lazaro, ba siame ka lebaka la lefu la khaitseli ea bona. Ho na le batho ba bangata ba tlileng ho tl’o ba tšelisa.

Motho e mong o bolella Maretha hore Jesu o ntse a atamela, ’me Maretha oa mo khahlanyetsa. Maretha o bolella Jesu lintho tseo eena le ngoan’abo e ka ’nang eaba ba ne ba ntse ba li nahana ka matsatsi ana a mane, o re: “Morena, hoja u ne u le teng mona khaitseli ea ka e ka be e sa shoa.” Leha ho le joalo, taba ena ha e bolele hore ha a na tšepo. Ha a tsoela pele o re: “Kea tseba hore lintho tse ngata tseo u li kopang ho Molimo, Molimo o tla u fa tsona.” (Johanne 11:​21, 22) O na le tšepo ea hore Jesu a ka ’na a thusa khaitseli ea hae.

Jesu ha a mo araba o re: “Khaitseli ea hao e tla tsoha.” Maretha o etsa qeto ea hore mohlomong Jesu o bua ka tsoho ea bafu nakong e tlang, e leng tšepo eo Abrahama le ba bang ba neng ba e-na le eona. Kahoo o bontša hore le eena o lumela taba eo ka ho re: “Kea tseba hore o tla tsoha tsohong ka letsatsi la ho qetela.”​—Johanne 11:​23, 24.

Leha ho le joalo, na ebe ho na le thuso eo Jesu a ka fanang ka eona hona joale? Jesu o hopotsa Maretha hore o na le matla ao Molimo a mo fileng ’ona a ho tsosa bafu, o re: “Ea bontšang tumelo ho ’na, esita le hoja a ka shoa, o tla phela, e mong le e mong ea phelang ’me a bontša tumelo ho ’na ho hang a ke ke a shoa le ka mohla.”​—Johanne 11:​25, 26.

Jesu ha a bolele hore barutuoa ba hae ba neng ba ntse ba phela ka nako eo ba ne ba ke ke ba shoa. Esita le eena o lokela ho shoa, joalokaha a boleletse barutuoa ba hae. (Matheu 16:​21; 17:​22, 23) Jesu o hatisa ntlha ea hore batho ba nang le tumelo ho eena ba ka ba le tšepo ea ho tla phela ka ho sa feleng. Ba bangata ba bona ba tla fumana tšepo ena ka mor’a hore ba tsosoe bafung. Leha ho le joalo, batho ba tšepahalang ba tla beng ba ntse ba phela nakong ea bofelo ba ka ’na ba se ke ba shoa ho hang. Batho ba nang le tumelo ho eena ba ka kholiseha hore ha ba shoa ba tla tsoha.

Leha ho le joalo, na Jesu ea sa tsoa re, “Ke ’na tsoho le bophelo,” a ka tsosa Lazaro, ea seng a e-na le matsatsi a shoele? Jesu o botsa Maretha o re: “Na u lumela see?” Maretha o re: “E, Morena, ke lumetse hore ke uena Kreste Mora oa Molimo, ea tlang lefatšeng.” Maretha o kholisehile hore ho na le seo Jesu a ka se etsang letsatsing lona leo, kahoo o potlakela hae ’me o bua le Maria lekunutung o re: “Mosuoe o teng ’me oa u bitsa.” (Johanne 11:​25-28) Hang-hang, Maria o tloha hae, o ea ho Jesu a setsoe morao ke batho ba bang ba nahanang hore o ea lebitleng la Lazaro.

Leha ho le joalo, Maria o ea ho Jesu, o fihla a itihela maotong a hae ’me o pheta mantsoe a tšoanang le a Maretha, o re: “Morena, hoja u ne u le teng mona, khaitseli ea ka e ka be e sa shoa.” Ha Jesu a bona Maria le letšoele le mo potolohileng le lla, le eena o ameha maikutlo ’me a qala ho bobola le ho lla. Ketsahalo ena e ama le batho ba shebeletseng. Leha ho le joalo, ba bang baa botsa ba re: ‘Haeba Jesu o ile a khona ho tutubolla mahlo a monna oa sefofu, na o ne a ke ke a khona ho folisa monna eo?’​—Johanne 11:​32, 37.