Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

KHAOLO EA 96

Jesu o Araba ’Musi e Mocha Lilemong ea Ruileng

Jesu o Araba ’Musi e Mocha Lilemong ea Ruileng

MATHEU 19:​16-30 MAREKA 10:​17-31 LUKA 18:​18-30

  • MOHLANKANA EA RUILENG O BOTSA KA BOPHELO BO SA FELENG

Jesu o ntse a le Perea ’me o tseleng e eang Jerusalema. Mohlankana ea ruileng o mathela ho eena ’me o khumama ka pel’a hae. Mohlankana enoa ke “ ’musi,” mohlomong o sebetsa e le molaoli ea okamelang oa synagoge kapa e le setho sa Sanhedrine. Oa botsa o re: “Mosuoe ea Molemo, ke tla rua bophelo bo sa feleng ka ho etsa’ng?”​—Luka 8:​41; 18:​18; 24:20.

Jesu o mo arabela ka ho re: “Ke hobane’ng ha u mpitsa ea molemo? Ha ho ea molemo, haese a le mong, Molimo.” Mohlomong mohlankana enoa o sebelisa lentsoe ea “molemo” e le ho mo hlompha, e leng seo bo-rabi ba se etsang. Le hoja Jesu e le mosuoe ea molemo, o etsa hore mohlankana eo a hlokomele hore tlotla, “Molemo” e tšoanela Molimo feela.

Jesu oa mo eletsa o re: “Leha ho le joalo, haeba u batla ho kena bophelong, u boloke litaelo u sa khaotse.” Mohlankana eo oa mo botsa o re: “Life?” Jesu o qotsa melao e mehlano ho Melao e Leshome e buang ka ho bolaea, ho feba, ho utsoa, ho fana ka bopaki ba bohata, le ho hlompha batsoali. Jesu o tlatselletsa ka taelo ea bohlokoa ka ho fetisisa, o re: “U rate moahelani oa hao joalokaha u ithata.”​—Matheu 19:​17-19.

Mohlankana eo o re: “Ke bolokile tsena tsohle. Ke sa ntse ke haelloa ke eng?” (Matheu 19:​20) E ka ’na eaba o nahana hore ho hlokahala hore a etse ntho e ’ngoe e molemo le e kholo haholo e le hore a tšoanelehe hore a fumane bophelo ba sa feleng. Ha Jesu a hlokomela hore mohlankana enoa o botsa ka tieo, ‘o ikutloa a mo rata.’ (Mareka 10:​21) Leha ho le joalo, ho na le ntho e sitisang mohlankana enoa.

Mohlankana enoa o rata maruo a hae haholo, kahoo Jesu o re: “Ho haella ntho e le ’ngoe ho uena: E-ea, u rekise lintho tseo u nang le tsona ’me u fe mafutsana, ’me u tla ba le letlotlo leholimong, u tle ’me u be molateli oa ka.” Mohlankana enoa a ka fana ka chelete ea hae ho mafutsana a ke keng a khona ho mo lefa ebe e-ba morutuoa oa Jesu. Leha ho le joalo, e ka ’na eaba Jesu oa mo qenehela ha a ’mona a tsamaea a hlomohile. Lerato leo mohlankana enoa a ratang maruo le “matlotlo a mangata” a hae ka lona, le etsa hore a se ke a bona letlotlo la ’nete. (Mareka 10:​21, 22) Jesu o re: “E tla ba ntho e thata hakaakang bakeng sa ba nang le chelete ho kena ’Musong oa Molimo!”​—Luka 18:24.

Barutuoa ba makatsoa ke mantsoe ana a Jesu le seo a se buang hape ha a re: “Ha e le hantle, ho bonolo hore kamele e tsoe lesobeng la nale ea ho roka ho e-na le hore morui a kene ’Musong oa Molimo.” Sena se etsa hore barutuoa ba hae ba mo botse ba re: “Ke mang eo ho ka khonehang hore a pholohe?” Na ho pholoha ke ntho e thata hoo motho a ke keng a e khona? Jesu oa ba sheba ’me o re: “Lintho tse ke keng tsa khoneha ho batho lia khoneha ho Molimo.”​—Luka 18:​25-27.

Petrose o bontša hore bona ba khethile tsela e fapaneng le mohlankana ea ruileng, o re: “Bona! Re siile lintho tsohle ’me ra u latela, re tla fumana eng?” Jesu o ba bolella ka moputso oa khetho ea bona e nepahetseng o re: “Popong e entsoeng bocha, ha Mor’a motho a lula teroneng ea hae e khanyang, lona ba ntatetseng le lona le tla lula literoneng tse leshome le metso e ’meli, le ahlola meloko e leshome le metso e ’meli ea Iseraele.”​—Matheu 19:​27, 28.

Ho hlakile hore Jesu o nahanne ka nako e tlang ha lefatše le tla etsoa hore le tšoane le serapa sa Edene. Petrose le barutuoa ba bang ba tla fumana moputso oa ho busa le Jesu holim’a lefatše la Paradeise, e leng moputso o moholo ho feta ntho leha e le efe eo ba ka itellang eona.

Leha ho le joalo, barutuoa ba hae ba se ba ntse ba fumana meputso e meng hona joale. Jesu o re: “Ha ho ea siileng ntlo kapa mosali kapa barab’abo kapa batsoali kapa bana ka lebaka la ’Muso oa Molimo, eo ka tsela leha e le efe a ke keng a fumana ho eketsehileng ka makhetlo a mangata nakong ena, ’me tsamaisong ea lintho e tlang a fumane bophelo bo sa feleng.”​—Luka 18:​29, 30.

Hohle moo barutuoa ba hae ba eang, ba tla fumana lelapa la barapeli-’moho le bona ’me kamano ea bona e tla ba e matla ebile e le ea bohlokoa ho feta eo ba nang le eona le litho tsa malapa a bo bona. Ka bomalimabe, ho bonahala eka mohlankana enoa e mocha ea ruileng o tl’o hloloa ke tlhohonolofatso ena, ho akareletsa le moputso oa bophelo ’Musong oa Molimo oa leholimo.

Jesu o eketsa ka ho re: “Empa ba bangata ba pele e tla ba ba ho qetela ’me ba ho qetela e be ba pele.” (Matheu 19:​30) O bolela’ng?

Mohlankana enoa oa morui ke e mong oa ba “pele” kaha ke e mong oa baeta-pele ba Bajuda. Joaloka motho ea bolokang litaelo tsa Molimo, oa tšepisa ’me ho ka lebelloa ho hongata ho tsoa ho eena. Leha ho le joalo, o beha maruo le matlotlo ka pele ho ntho e ’ngoe le e ’ngoe bophelong. Ho fapana le hoo, batho ba tloaelehileng, ba bona ’nete le tsela e isang bophelong lithutong tseo Jesu a li rutang. Ka mantsoe a mang e ne e le ba ho “qetela,” empa hona tjena e e-ba ba “pele.” Ba ka lebella ka tjantjello ho lula literoneng leholimong le Jesu ba busa lefatše la Paradeise.