Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

KHAOLO EA 97

Papiso ea Basebetsi ba Tšimo ea Morara

Papiso ea Basebetsi ba Tšimo ea Morara

MATHEU 20:​1-16

  • BASEBETSI BA HO “QETELA” TŠIMONG EA MORARA E-BA BA “PELE”

Jesu o sa tsoa bolella bamameli ba hae ba Perea hore ba “bangata ba pele e tla ba ba ho qetela ’me ba ho qetela e be ba pele.”​—Matheu 19:30.

Jesu o hatisa ntlha ena ka papiso ea basebetsi ba tšimong ea morara e reng: “ ’Muso oa maholimo o joaloka motho, mong’a ntlo, ea ileng a tsoa hoseng haholo ho ea hira basebetsi bakeng sa serapa sa hae sa morara. Ha a lumellane le basebetsi ka denari bakeng sa letsatsi, a ba romela serapeng sa hae sa morara. Ha a tsoa hape hoo e ka bang ka hora ea boraro, a bona ba bang ba eme ba hloka mosebetsi ’marakeng, le ho bao a re, ‘Le lona, e-eang serapeng sa morara, ’me ke tla le fa eng kapa eng e loketseng.’ Kahoo ba ea. A boela a tsoa hoo e ka bang ka hora ea botšelela le ka hora ea borobong ’me a etsa ka ho tšoanang. Qetellong, hoo e ka bang ka hora ea leshome le motso o mong a tsoa ’me a fumana ba bang ba eme, ’me a re ho bona, ‘Ke hobane’ng haesale le ema moo letsatsi lohle le hloka mosebetsi?’ Ba re ho eena, ‘Hobane ha ho ea re hirileng.’ A re ho bona, ‘Le lona e-eang serapeng sa morara.’ ”​—Matheu 20:​1-7.

Mohlomong bamameli ba Jesu ba nahana ka Jehova Molimo ha ba utloa ho buua ka “ ’Muso oa maholimo” le “mong’a ntlo.” Ka mangolong, Jehova o hlaha e le mong’a serapa sa morara se emelang sechaba sa Iseraele. (Pesaleme ea 80:​8, 9; Esaia 5:​3, 4) Ba leng selekaneng sa Molao, ba tšoantšoa le basebetsi ba serapeng sa morara. Leha ho le joalo, Jesu ha etse papiso e buang ka nako e fetileng. Ho e-na le hoo, o hlalosa boemo bo teng mehleng ea hae.

Baeta-pele ba bolumeli, joaloka Bafarisi ba sa tsoa leka Jesu ka taba ea tlhalo, ba bonahala eka ba lula ba sebetsa ka thata tšebeletsong ea Molimo. Ba tšoana le basebetsi ba sebetsang nako eohle, ba lebeletseng moputso o felletseng ’me moputso oo ke denari ka letsatsi.

Baprista le baeta-pele ba bang ba bolumeli ba nka hore Bajuda ba tloaelehileng ha ba sebeletse Molimo hakaalo, joaloka basebetsi ba nakoana ba Molimo ba serapeng sa morara. Papisong ea Jesu, Bajuda ba tloaelehileng ke banna ba hiriloeng “hoo e ka bang ka hora ea boraro” (9:​00 hoseng) kapa ha letsatsi le ntse le phahama ka bo hora ea botšelela, ea borobong, le qetellong ka hora ea 11 (5:​00 mantsiboea).

Banna la basali ba latelang Jesu ba nkuoa e le “batho ba rohakiloeng.” (Johanne 7:​49) Ba qetile karolo e kholo ea bophelo ba bona e le batšoasi ba litlhapi kapa batho ba etsang mesebetsi e meng. Ka hoetla selemong sa 29, “mong’a serapa sa morara” o roma Jesu hore a bitse batho bana ba boemo bo tlase hore ba tl’o sebeletsa Molimo e le barutuoa ba Kreste. Ke “ba ho qetela” bao Jesu a buileng ka bona, e leng basebetsi ba serapa sa morara ba hiriloeng ka hora ea 11.

Jesu o qetella papiso ea hae ka ho hlalosa se etsahalang qetellong ea letsatsi, o re: “Ha e e-ba shoalane, mong’a serapa sa morara a re ho monna oa hae ea ikarabellang, ‘Bitsa basebetsi ’me u ba lefe meputso ea bona, ho qala ka oa ho qetela ho isa ho oa pele.’ Ha banna ba hora ea leshome le motso o mong ba tla, e mong le e mong a amohela denari. Kahoo, ha ba pele ba tla, ba nahana hore ba ne ba tla amohela ho eketsehileng, empa le bona ba amohela tefo ka tekanyo ea denari. Ha ba e amohela ba qala ho korotlela mong’a ntlo ’me ba re, ‘Bana ba ho qetela ba entse mosebetsi oa hora e le ’ngoe, ho ntse ho le joalo u ba lekantse le rona ba jereng moroalo oa letsatsi lena le mocheso o bataolang!’ Empa ha a araba e mong oa bona a re, ‘Monn’a heso, ha ke u fosetse. U ile ua lumellana le ’na ka denari, na ha ho joalo? Nka sa hao ’me u tsamaee. Ke batla ho fa enoa oa ho qetela ho tšoanang le hoo ke u fileng hona. Na ha ho lumelloe ke molao hore ke etse seo ke se batlang ka lintho tsa ka? Kapa na leihlo la hao le khopo hobane ke le molemo?’ Ka tsela ena ba ho qetela e tla ba ba pele, ’me ba pele e be ba ho qetela.”​—Matheu 20:​8-16.

Barutuoa ba ka ’na ba makatsoa ke karolo eo e qetellang ea papiso ea hae. Ke joang baeta-pele ba bolumeli ba Sejuda, ba inkang e le bona “ba pele,” e bang ba ho “qetela”? Hona, ke joang barutuoa ba Jesu e bang “ba pele”?

Barutuoa ba Jesu bao Bafarisi le batho ba bang ba ba nkang e le ba ho “qetela,” e tla ba ba “pele” ba ho fumana moputso o felletseng oa letsatsi. Ka lefu la Jesu, sechaba sa Iseraele se tla lahloa e be Molimo o khetha sechaba se secha e leng “Iseraele ea Molimo.” (Bagalata 6:​16; Matheu 23:​38) Ha Johanne Mokolobetsi a ne a bua ka batho ba tla kolobetsoa ka moea o halalelang, o ne a bua ka batho bana bao e leng karolo ea sechaba se secha. Batho bao e neng e le ba ho “qetela” e tla ba bona ba pele ba ho amohela kolobetso eo, le ho nehoa tokelo ea ho ba lipaki tsa Jesu “ho isa karolong e hole-hole ea lefatše.” (Liketso 1:​5, 8; Matheu 3:​11) Ho ea ka hore na barutuoa ba utloisisa phetoho ena e kholo eo Jesu a buang ka eona hakae, ba ka ’na ba lemoha tšokelo e kholo e tlang e ba tobile ho tsoa ho baeta-pele ba bolumeli bao e seng e le ba ho “qetela.”