Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

KHAOLO EA 99

Jesu o Folisa banna ba Foufetseng Hape o Thusa Zakiase

Jesu o Folisa banna ba Foufetseng Hape o Thusa Zakiase

MATHEU 20:​29-34 MAREKA 10:​46-52 LUKA 18:​35–19:​10

  • JESU O PHEKOLA BANNA BA FOUFETSENG JERIKO

  • ’MOKELLI OA LEKHETHO EA BITSOANG ZAKIASE OA SOKOLOHA

Jesu le bao a tsamaeang le bona ba fihla Jeriko, e bohole ba leeto la letsatsi ho tloha Jerusalema. Ka tsela e itseng, Jeriko ke motse o likarolo li peli. Motse oa khale o ka ba bohole ba lik’hilomithara tse ka tlaasana ho tse peli ho motse o mocha o hahiloeng mehleng ea Roma. Ha Jesu le letšoele le mo setseng morao ba tsoa ho o mong oa metse ena ’me ba ea ho o mong, banna ba babeli ba foufetseng ba utloa lerata la batho. Lebitso la e mong oa bona ke Bartimiase.

Ha Bartimiase le mphato oa hae ba utloa hore Jesu oa feta, baa hoelehetsa ba re: “Morena, re hauhele, Mora oa Davida!” (Matheu 20:​30) Ba bang letšoeleng moo baa ba khalemela ba re ba khutse, empa ba hoelehetsa le ho fata. Jesu oa ema ha a utloa lerata la bona. O laela bao a nang le bona hore ba bitse batho bao ba entseng lerata. Ba ea ho banna bao ba mekopa-kopa ’me ba re ho e mong oa bona: “E-ba sebete, u eme, oa u bitsa.” (Mareka 10:​49) Monna eo oa sefofu o akhela seaparo sa hae sa ka holimo fatše ’me a re rao! o ea ho Jesu.

Jesu o re: “Le batla hore ke le etsetse’ng?” Banna bao ka bobeli ba mo araba ba re: “Morena, mahlo a rona a ke a bulehe.” (Matheu 20:​32, 33) A susumelitsoe ke khauho, Jesu o ba tšoara mahlong, ’me ka ho khetheha o re ho e mong oa bona: “Tsamaea, tumelo ea hao e u folisitse.” (Mareka 10:​52) Banna bao ba babeli ba foufetseng ba mekopa-kopa ba qala ho bona, ’me ba rorisa Molimo. Ha batho ba bona se etsahetseng le bona ba rorisa Molimo. Banna bao ba neng ba foufetse ba qala ho latela Jesu.

Jesu o feta Jeriko a pota-potiloe ke letšoele le leholo. Motho e mong le e mong o batla ho bona motho ea folisitseng banna ba neng ba sa bone. Batho ba petetsane pel’a Jesu ka mahlakoreng ’ohle, ke kahoo ba bang ba sa khoneng ho mo bona ho hang. E mong oa ba sa mo boneng ke Zakiase. Ke mookameli oa babokelli ba lekhetho motseng oa Jeriko le libakeng tse o potolohileng. Kaha o mokhutšoanyane, ha a khone ho bona se etsahalang. Kahoo Zakiase o mathela pele, o fihla a hloella sefateng sa sikamora (kapa, sa feiga) se haufi le moo Jesu a tl’o feta le teng. Ha Zakiase a le holimo moo, o khona ho bona ntho e ’ngoe le e ’ngoe hantle. Ha Jesu a atamela ’me a bona Zakiase a le holim’a sefate, o re: “Zakiase, potlaka ’me u theohe, etsoe kajeno ke tla lula ka tlung ea hao.” (Luka 19:5) Zakiase o theoha ka potlako ’me o ea ha hae ho ea itlhophela moeti oa bohlokoa.

Ha batho ba bona se etsahalang, ba qala ho korotla. Ba nka hore ho fosahetse hore Jesu e il’o ba moeti ntlong ea monna oa moetsalibe. Zakiase e bile morui ka lebaka la ho qhekella batho ha a ntse a bokella lekhetho.

Ha Jesu a kena lelapeng la Zakiase, batho baa tletleba ba re: “O kene ho ea lula le monna oa moetsalibe.” Leha ho le joalo, Jesu oa bona hore Zakiase a ka baka, ’me Jesu ha a soetsehe. Zakiase oa ema ’me o re ho Jesu: “Bona! Morena, halofo ea lintho tsa ka, ke e fa mafutsana, ’me eng kapa eng eo ke ileng ka e nka ho mang kapa mang ka ho hanyapetsa ka qoso ea bohata ke e busetsa hane.”​—Luka 19:​7, 8.

Zakiase o bontša ka tsela e babatsehang hakaakang hore o bakile e le kannete! Ho ka etsahala hore ha a kopanya litlaleho tsa hae tsa lekhetho a ka khona ho bona hore na o amohetse bokae ho tsoa ho Bajuda ba fapa-fapaneng ’me o itlama hore o tla ba buseletsa ka makhetlo a imenneng hane. Sena se feta seo Molao oa Molimo o se laetseng. (Exoda 22:1; Levitike 6:​2-5) Ho phaella moo, Zakiase o tšepisa hore o tla nka halofo ea maruo a hae a e fe mafutsana.

Jesu o thabetse ho bona bopaki ba hore ehlile Zakiase o bakile ’me o re ho eena: “Letsatsing lena poloko e tlile ntlong ena, hobane le eena ke mora oa Abrahama. Etsoe Mor’a motho o tletse ho batla le ho pholosa se neng se lahlehile.”​—Luka 19:​9, 10.

Jesu o sa tsoa bua ka boemo ba ba ‘lahlehileng’ papisong ea hae ea mora ea lehlasoa. (Luka 15:​11-24) Hona joale o fana ka mohlala o phelang oa motho ea neng a lahlehile empa joale a se a fumanoe. Baeta-pele ba bolumeli le balateli ba bona ba ka ’na ba tletleba ka Jesu le ho mo nyatsa ka hore o isa tlhokomelo ea hae ho ba tšoanang le Zakiase. Leha ho le joalo, Jesu o tsoela pele ho batla le ho khutlisa bara bana ba Abrahama ba lahlehileng.