Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

KHAOLO EA 100

Papiso ea Jesu ea Limina Tse Leshome

Papiso ea Jesu ea Limina Tse Leshome

LUKA 19:​11-28

  • PAPISO EA JESU EA LIMINA TSE LESHOME

Le hoja Jesu a ea Jerusalema, e ka ’na eaba o ntse a le ntlong ea Zakiase le barutuoa ba hae. Ba lumela hore “ ’Muso oa Molimo” o tl’o thehoa haufinyane, ’me Jesu e tla ba Morena oa oona. (Luka 19:​11) Ha ba utloisise taba ena feela joalokaha ba sa utloisise hore Jesu o tlameha ho shoa. Kahoo o ba etsetsa papiso ho ba thusa hore ba bone hore ’Muso o sa le hole le ho ba teng.

O re: “Monna ea itseng oa tsoalo ea borena o ile a etela naheng e hole ho ea iphumanela matla a borena ’me a khutle.” (Luka 19:​12) Leeto le joalo le ne le tl’o nka nako e telele. Ho hlakile hore Jesu ke eena “Monna ea itseng oa tsoalo ea borena” ea etelang “naheng e hole,” leholimong, moo Ntate oa hae a tlang ho mo fa matla a borena.

Papisong ena, pele “monna ea itseng oa tsoalo ea borena” a tsamaea, o bitsa makhoba a leshome ho fa le leng le le leng mina ea silevera, ’me o re: “Hoebang ho fihlela ke tla.” (Luka 19:​13) Limina tsa silevera ke chelete ea boleng bo holimo. Mina ke chelete e lekanang le mokholo oa likhoeli tse fetang tse tharo oa mosebeletsi oa masimong.

E ka ’na eaba barutuoa ba se ba hlokometse hore ba tšoana le makhoba a leshome a hlahang papisong ena, hobane Jesu o ne a se a ile a ba tšoantša le basebetsi ba kotulang. (Matheu 9:​35-38) Ha a e-s’o ba kope hore ba tlise seo ba se kotutseng. Ho e-na le hoo, o batla hore ba bokelle barutuoa ba tla busa ’Musong oa Molimo. Barutuoa ba sebelisa lintho tseo ba nang le tsona e le ho phetha mosebetsi ona.

Ke eng hape eo Jesu a e hlakisang ka papiso ee? O re baahi ba ne ba “hloile [monna ea itseng oa tsoalo ea borena] eaba ba roma sehlopha sa manģosa ka mor’a hae, ho re, ‘Ha re batle hore monna enoa e be morena oa rona.’ ” (Luka 19:​14) Barutuoa baa tseba hore Bajuda ha ba amohele Jesu ebile ba bang ba batla ho mo bolaea. Ka mor’a hore Jesu a shoe ’me a nyolohele leholimong, Bajuda ka kakaretso ba bontša tsela eo ba ikutloang ka eona ka Jesu ka hore ba hlorise barutuoa ba hae. Bahanyetsi bana ba bontša ka ho hlaka hore ha ba batle hore Jesu e be Morena.​—Johanne 19:​15, 16; Liketso 4:​13-18; 5:40.

Makhoba a leshome a sebelisa limina tsa ’ona joang ho fihlela “monna ea itseng oa tsoalo ea borena” a fumana “matla a borena” ’me a khutla? Jesu o re: “Qetellong ha a khutla ka mor’a ho iphumanela matla a borena, a laela hore ho bitsetsoe makhoba ana ho eena ao a neng a a file chelete ea silevera, e le hore a fumane hantle hore na a ne a fumane phaello efe khoebong. Joale la pele la itlhahisa, le re, ‘Morena, mina ea hao e fumane phaello ea limina tse leshome.’ Kahoo a re ho eena, ‘U entse hantle, lekhoba le molemo! Ka lebaka la hore u tšepahetse tabeng e nyenyane haholo, e-ba le bolaoli metseng e leshome.’ Joale la bobeli la tla, le re, ‘Morena, mina ea hao e entse limina tse hlano.’ Le ho lona a re, ‘Le uena, laola metse e mehlano.’ ”​—Luka 19:​15-19.

Barutuoa ba ka kholiseha ka hore Jesu o tla ba putsa haeba ba hlokomela hore ba tšoana le makhoba ha ba sebelisa lintho tseo ba nang le tsona ka botlalo ho etsa barutuoa ba eketsehileng. Ke ’nete hore barutuoa ba Jesu ha ba maemong a tšoanang a bophelo ebile ha ba na menyetla le bokhoni bo tšoanang. Ho ntse ho le joalo, Jesu, e leng eena ea amohelang “matla a borena,” o tla hlokomela le ho hlohonolofatsa boiteko boo ba bo etsang ba ho etsa barutuoa.​—Matheu 28:​19, 20.

Hlokomela phapang ha Jesu a qetella papiso ea hae. O re: “Empa [lekhoba] le leng la tla le re, ‘Morena, mina ea hao ke ena, eo ke ileng ka e boloka ka har’a lesela. Ke ne ke u tšaba, hobane u motho ea sa utloeleng bohloko, u nka seo u sa kang ua se boloka ’me u kotula seo u sa kang ua se jala.’ A re ho lona, ‘Ke u ahlola ka se tsoang molomong oa hao, lekhoba le khopo. U tsebile hore ke motho ea sa utloeleng bohloko, ea nkang seo ke sa kang ka se boloka le ea kotulang seo ke sa kang ka se jala, na ha ho joalo? Kahoo ke hobane’ng ha u sa ka ua kenya chelete ea ka ea silevera bankeng? Joale ha ke fihla nka be ke e nkile le phaello.’ Eaba o re ho ba emeng haufi, ‘Mo amoheng mina ’me le e fe ea nang le limina tse leshome.’ ”​—Luka 19:​20-24.

Lekhoba lena lea lahleheloa kahobane le hlolehile ho atisa leruo la mong’a lona. Baapostola ba letetse nako eo Jesu a tla busa ’Musong oa Molimo. Kahoo ho ea ka seo a se buileng ka lekhoba lena la ho qetela, mohlomong baa hlokomela hore haeba ba sa sebetse ka thata, ba ke ke ba fumana sebaka ’Musong oo.

Mantsoe a Jesu a susumetsa barutuoa ba tšepahalang ho sebetsa ka thata le ho feta. O qetella ka ho re: “Ke re ho lona, e mong le e mong ea nang le letho, o tla fuoa ho eketsehileng, empa ea se nang letho, o tla amohuoa le seo a nang le sona.” O eketsa ka hore lira tsa hae tse sa batleng ‘hore e be morena oa tsona,’ li tla bolaoa. Joale Jesu o tsoela pele ka leeto la hae ho ea Jerusalema.​—Luka 19:​26-28.