Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

KHAOLO EA 101

Jesu o Lijong Bethani ha Simone

Jesu o Lijong Bethani ha Simone

MATHEU 26:​6-13 MAREKA 14:​3-9 JOHANNE 11:​55–12:​11

  • JESU O KHUTLELA BETHANI, PEL’A JERUSALEMA

  • MARIA O TŠELA JESU KA OLI E MONKO O MONATE

Ha Jesu a tloha Jeriko, o fetela Bethani. O tlameha ho nyolosa sebaka se bolelele ba lik’hilomithara tse 20 se tsamaehang ka thata. Jeriko e ka ba limithara tse 250 ka tlaase ho bophahamo ba leoatle, ha Bethani e ka ba limithara tse 600 ka holimo ho bophahamo ba leoatle. Lazaro le likhaitseli tsa hae tse peli ba lula motsaneng oa Bethani, o ka bang bohole ba lik’hilomithara tse tharo ho tloha Jerusalema, ka bochabela ho letsoapo la Thaba ea Mehloaare.

Bajuda ba bangata ba se ba fihlile Jerusalema bakeng sa Paseka. Ba tsohelletse “e le hore ba itlhoekise ka mokhoa o laetsoeng” haeba mohlomong ba ile ba tšoara setopo kapa ba etsa ntho leha e le efe e etsang hore ba se ke ba hloeka. (Johanne 11:​55; Numere 9:​6-10) Ba bang ba batho ba itlhahanetseng ba bokana tempeleng. Baa ipotsa hore na Jesu o tla hle a tle Pasekeng.​—Johanne 11:56.

Ho na le batho ba phehileng khang e kholo ka Jesu. Baeta-pele ba bang ba bolumeli ba batla ho mo tšoara ba mo bolaee. Ha e le hantle ba fane ka taelo ea hore motho ea ka utloelang hore na Jesu o hokae, a ba tlalehele “e le hore ba ka mo tšoara.” (Johanne 11:​57) Baeta-pele bana ba se ba ile ba leka ho bolaea Jesu ka mor’a hore a tsose Lazaro. (Johanne 11:​49-53) Kahoo, e ka ’na eaba ba bang ha baa kholiseha hore Jesu o tla hle a hlahelle moo batho ba mo bonang.

Jesu o fihla Bethani ka Labohlano, “matsatsi a tšeletseng pele ho Paseka.” (Johanne 12:1) Letsatsi le lecha (Sabatha, la 8 Nisane) le qala ha letsatsi le likela. O phethile leeto la hae pele ho Sabatha. O ne a ke ke a tloha Jeriko ka Sabatha, e leng ha letsatsi le likela ka Labohlano ho ea ha letsatsi le likela ka Moqebelo, kaha ho etsa joalo ho khahlanong le molao oa Sejuda. E ka ’na eaba Jesu o ea lapeng la Lazaro joalokaha a se a kile a ea.

Ka moqebelo mantsiboea, Simone eo le eena a lulang Bethani, o memela Jesu le metsoalle ea hae ho akarelletsa le Lazaro lijong. Simone o bitsoa “molepera,” mohlomong hobane e ne e le molepera ’me Jesu a ile a mo phekola. Ho hlakile hore Maretha ke motho ea mahlahahlaha, kaha o hlokomela baeti bana.

Maria eena o ntse a etsa’ng? O bula botlolo ea alabastera e tšetseng hoo e ka bang “ponto ea oli e nkhang hamonate, nareda ea ’nete.” (Johanne 12:3) Oli ena ke ea bohlokoa haholo, boleng ba eona (lidenari tse 300) bo lekana le moputso oa selemo kaofela. Maria o tšela oli ena hloohong le maotong a Jesu ’me o hlakola maoto a Jesu ka moriri oa hae. Monko o monate o tlala ntlo kaofela.

Barutuoa ba halefile ’me baa botsa: “Ke hobane’ng ha ho bile le tšenyo ee ea oli e nkhang hamonate?” (Mareka 14:4) Judase Iskariota o re: “Ke hobane’ng ha oli ena e nkhang hamonate e ne e sa rekisoe ka lidenari tse makholo a mararo ’me li fuoe mafutsana?” (Johanne 12:5) Judase ha aa ameha le ka mafutsana hakaalo. Esale a ntse a utsoa chelete lebokoseng leo a le tšoarelang barutuoa.

Jesu o buella Maria o re: “Ke hobane’ng ha le leka ho khathatsa mosali eo? Etsoe o nketselitse ketso e ntle. Etsoe kamehla le na le mafutsana, empa le ke ke la ba le ’na kamehla. Etsoe ha mosali enoa a tšela oli ena e nkhang hamonate ’meleng oa ka, o ho entse ho ntokisetsa lepato. Kannete ke re ho lona, kae kapa kae moo litaba tsena tse molemo li boleloang teng lefatšeng lohle, seo mosali enoa a se entseng le sona se tla boleloa e le sehopotso sa hae.”​—Matheu 26:​10-13.

Jesu o se a e-na le nako e fetang letsatsi a le Bethani ’me ho se ho tsebahala hore o teng. Bajuda ba bangata ba tlile ha Simone, eseng ho tla bona “Jesu feela, empa le ho tla bona Lazaro, eo a mo tsositseng bafung.” (Johanne 12:9) Baprista ba ka sehloohong ba rerisana hore ba bolaee Jesu le Lazaro ka bobeli. Baeta-pele bana ba lumela hore taba ea hore ebe Lazaro oa phela, ke eona e etsang hore ba bangata ba be le tumelo ho Jesu. Baeta-pele baa ba bolumeli ke batho ba khopo hakaakang!