Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

KHAOLO EA 106

Lipapiso Tse Peli Tsa Masimo a Morara

Lipapiso Tse Peli Tsa Masimo a Morara

MATHEU 21: 28-46 MAREKA 12:​1-12 LUKA 20:​9-19

  • PAPISO EA BARA BA BABELI

  • PAPISO EA BALEMI BA TŠIMO EA MORARA

Jesu o tempeleng ’me o sa tsoa tsietsa baprista ba ka sehloohong le banna ba baholo ha ba mo botsa hore na o fuoe matla ke mang. Karabo ea Jesu e ba koala melomo. Ka mor’a moo, o etsa papiso e pepesang hore na ha e le hantle ke batho ba mofuta ofe.

Jesu o re: “Monna e mong o ne a e-na le bana ba babeli. Ha a e-ea ho oa pele, a re, ‘Ngoana, e-ea u e’o sebetsa serapeng sa morara kajeno.’ Enoa ha a araba a re, ‘Ke tla ea, mohlomphehi,’ empa a se ke a ea. Ha a atamela oa bobeli, a bua se tšoanang. Enoa ha a araba a re, ‘Nke ke.’ Ka mor’a moo a ikutloa a soabile ’me a ea. Ke ofe ho ba babeli baa ea ileng a etsa thato ea ntat’ae?” (Matheu 21:​28-31) Ha ho potang hore mora oa bobeli ke eena eo qetellong a entseng thato ea ntate oa hae.

Joale Jesu o re ho bahanyetsi ba hae: “Kannete ke re ho lona babokelli ba lekhetho le liotsoa ba le etella pele ho kena ’Musong oa Molimo.” Qalong, babokelli ba lekhetho le liotsoa ba ne ba ke ke ba sebeletsa Molimo. Leha ho le joalo, joaloka mora oa bobeli, hamorao ba ile ba baka ’me ba se ba sebeletsa Molimo. Ka lehlakoreng le leng, baeta-pele ba bolumeli ba tšoana le mora oa pele, kaha ba ipolelisa ka hore ba sebeletsa Molimo empa ba hloleha ho etsa joalo. Jesu o tsoela pele ho re: “Johanne [Mokolobetsi] o ile a tla ho lona ka tsela ea ho loka, empa ha lea ka la mo lumela. Leha ho le joalo, babokelli ba lekhetho le liotsoa ba ile ba mo lumela, ’me lona, le hoja le ile la bona sena, ha lea ka la ikutloa le soabile ka mor’a moo e le hore le mo lumele.”​—Matheu 21:​31, 32.

Jesu o etsa papiso e ’ngoe ka mor’a eo. Lekhetlong lena, Jesu o bontša hore ho se natse ho sebeletsa Molimo ha baeta-pele ba bolumeli ho tebile ho feta kamoo ho bonahalang kateng. Ha e le hantle ba khopo. Jesu o re: “Motho e mong o ile a lema serapa sa morara, ’me a etsa motero ho se potoloha, eaba o cheka sekhakeletsi sa sehatelo sa veine ’me o emisa tora, eaba o se hirisetsa balemi, ’me o etela hole. Joale ka nako e loketseng a romela lekhoba ho balemi, e le hore a ka fumana tse ling tsa litholoana tsa serapa sa morara ho balemi. Empa ba le nka, ba le khakhatha ’me ba le khutlisa le se na letho. Eaba o boetse o roma lekhoba le leng ho bona, ’me lona ba le otla hloohong ’me ba le hlompholla. Eaba o roma le leng, ’me lona ba le bolaea, le a mang a mangata, ao a mang a ’ona ba ileng ba a khakhatha ’me a mang a ’ona ba a bolaea.”​—Mareka 12:​1-5.

Na batho ba mametseng papiso ea Jesu ba tla e utloisisa? Ba ka ’na ba hopola mantsoe a Esaia ha a ne a nyatsa a re: “Serapa sa morara sa Jehova oa mabotho ke ntlo ea Iseraele, ’me batho ba Juda ke sebaka se lenngoeng seo a neng a se rata. O ile a ’na a lebella kahlolo, empa, bonang! tlolo ea molao.” (Esaia 5:7) Papiso ea Jesu e tšoana le ena. Mong’a tšimo ke Jehova, ’me serapa sa morara ke sechaba sa Iseraele se kampetsoeng le ho sireletsoa ka Molao oa Molimo. Jehova o romme baprofeta hore ba rute batho ba hae le ho ba thusa ho hlahisa litholoana tse ntle.

Leha ho le joalo, “balemi” ba ile ba tšoara “makhoba” a romeletsoeng ho bona hampe ’me ba a bolaea. Jesu oa hlalosa o re: “[Mong’a tšimo ea morara] o ne a e-na le e mong hape, mora ea ratoang. A mo roma ho bona qetellong, a re, ‘Ba tla hlompha mora oa ka.’ Empa balemi bao ba buisana ba re, ‘Enoa ke eena mojalefa. Tloong, a re mo bolaeeng, ’me lefa e tla ba la rona.’ Kahoo ba mo nka ’me ba mo bolaea.”​—Mareka 12:​6-8.

Joale Jesu oa botsa o re: “Mong’a serapa sa morara o tla etsa’ng?” (Mareka 12:9) Baeta-pele ba bolumeli baa mo araba ba re: “Kahobane ba babe, o tla ba timetsa hampe ’me o tla hirisetsa balemi ba bang serapa seo sa morara, ba tla mo fa litholoana ha e e-ba nako ea tsona.”​—Matheu 21:41.

Kahoo, baeta-pele bao ba bolumeli ba ikahlola ba sa hlokomele, kaha ke karolo ea sechaba sa Iseraele e leng “balemi” ba “tšimo ea morara” ea Jehova. Litholoana tseo ka tšoanelo Jehova a li lebeletseng ho balemi bao, li akarelletsa hore ba lumele ho Mora oa hae, Mesia. Jesu o sheba baeta-pele ba bolumeli, ’me o re: “Na ha le e-s’o ka le bala lengolo lee, ‘Lejoe leo lihahi li ileng tsa le lahla, le fetohile lejoe la sekhutlo la sehlooho. Le bile teng le tsoa ho Jehova, ’me ke le hlollang mahlong a rona’?” (Mareka 12:​10, 11) Joale, Jesu o hlalosa ntlha ea hae o re: “Ke ka lebaka lena ke reng ho lona, ’Muso oa Molimo o tla nkuoa ho lona ’me o fuoe sechaba se hlahisang litholoana tsa oona.”​—Matheu 21:43.

Bangoli le baprista ba ka sehloohong baa elelloa hore Jesu “o ne a bolela papiso ena a hopotse bona.” (Luka 20:​19) Jesu ke eena “mojalefa” ea nepahetseng ’me hona joale ba batla ho mo bolaea ho feta leha e le neng pele. Leha ho le joalo, ba tšaba batho ba bangata ba lumelang hore Jesu ke moprofeta, kahoo ha ba leke ho mo bolaea ka eona nako eo.