Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

KHAOLO EA 108

Jesu o Nyopisa Matsapa a Hore ba mo Tšoase

Jesu o Nyopisa Matsapa a Hore ba mo Tšoase

MATHEU 22:​15-40 MAREKA 12:​13-34 LUKA 20:​20-40

  • LINTHO TSA CESARE HO CESARE

  • NA LENYALO LE TLA BA TENG KA MOR’A TSOHO EA BAFU?

  • LITAELO TSE KHOLO KA HO FETESISA MOLAONG

Lira tsa Jesu li pelo-bohloko. O qeta ho etsa lipapiso tse pepesang bokhopo ba tsona. Joale Bafarisi ba etsa ’momori oa ho mo chehela sefi. Ba leka ho etsa hore a bue ntho e ka etsang hore a iphumane a fahlile ’muso oa Roma ka lehlabathe, kahoo ba patala ba bang ba barutuoa ba bona hore ba mo chehele leraba.​—Luka 6:7.

Barutuoa ba bona ba re ho Jesu: “Mosuoe, rea tseba hore u bua le ho ruta ka nepo ’me ha u bontše leeme, empa u ruta tsela ea Molimo tumellanong le ’nete: Na ho lumelloa ke Molao hore re lefe lekhetho ho Cesare kapa che?” (Luka 20:​21, 22) Jesu ha a ee le khongoana holimo kaha oa bona hore maholi a patile maeba. Haeba a araba ka ho re ha baa tlameha ho lefa lekhetho, o tla qosoa ka ho hlohlelletsa bofetoheli khahlanong le Roma. Ha a ka re, ‘E, lefang lekhetho lena,’ batho ba sa batleng ho ba tlas’a puso ea Roma, ba ka ’na ba mo utloella ’me ba mo fetohela. Joale o araba joang?

Jesu o re: “Baikaketsi, le ntekela’ng? Mpontšeng chelete ea tšepe ea lekhetho la hlooho.” Ba mo tlisetsa denari, ’me o re ho bona: “Setšoantšo le mongolo oo ke tsa mang?” Ba re: “Ke tsa Cesare.” Kahoo, Jesu o araba ka boqhetseke o re: “Ka hona, le lefe Cesare lintho tsa Cesare, empa le lefe Molimo lintho tsa Molimo.”​—Matheu 22:​18-21.

Banna bana ba ne ba sa lebella karabo e tjena! Kaha karabo ea Jesu e ba koetse melomo, ba tloha ba hoshola. Leha ho le joalo, lira tsa Jesu li itekella hape letsatsing lona leo. Baeta-pele ba sehlopha se seng sa bolumeli e leng Basaduse, ba leka leoa le leng.

Basaduse, ba reng ha ho na tsoho ea bafu, ba hlaha ka potso e amanang le tsoho ea bafu le ho kenela motho ea hlokahetseng lenyalong. Baa botsa ba re: “Mosuoe, Moshe o ile a re, ‘Haeba monna leha e le ofe a shoa a se na bana, mor’abo o tla nyala mosali oa hae ’me a hlahisetse mor’abo bana.’ Joale ho ne ho e-na le bara ba motho ba supileng ba e-na le rona, oa pele a nyala eaba oa shoa, ’me, kahobane a se na bana, a siela mor’abo mosali oa hae. Ha e-ba ka tsela e tšoanang le ho oa bobeli le oa boraro, ho fihlela ba supileng ba feletse kaofela. Qetellong ho bohle mosali eo a shoa. Ka lebaka leo, tsohong, e tla ba mosali oa ofe ho baa ba supileng? Etsoe kaofela ba ile ba ba le eena.”​—Matheu 22:​24-28.

Jesu o ba araba ka ho sebelisa seo Moshe a ileng a se ngola, e leng seo Basaduse ba se lumelang. O re: “Na hase ka lebaka lee le fositseng, ho se tsebe ha lona Mangolo leha e le ’ona matla a Molimo? Etsoe ha ba tsoha bafung, banna ha ba nyale kapa hona hore basali baa nyalisoa, empa ba joaloka mangeloi maholimong. Empa malebana le bafu, hore baa tsosoa, na ha lea ka la bala bukeng ea Moshe, tlalehong e mabapi le sehlahla se meutloa, kamoo Molimo a ileng a re ho eena, ‘Ke ’na Molimo oa Abrahama le Molimo oa Isaka le Molimo oa Jakobo’? Eena ke Molimo oa ba phelang, eseng oa bafu. Le fositse haholo.” (Mareka 12:​24-27;Exoda 3:​1-6) Letsoele le hlolletsoe haholo ke karabo ea Jesu.

Jesu o koetse Bafarisi le Basaduse melomo, kahoo lihlopha tsena tse peli li iketsa khokanyan’a phiri ’me li leka Jesu ho ea pele. Mongoli e mong o botsa Jesu o re: “Mosuoe, taelo e kholo ke efe Molaong?”​—Matheu 22:36.

Jesu o araba ka ho re: “Ea pele ke ena, ‘Utloa, Uena Iseraele, Jehova Molimo oa rona ke Jehova a le mong, ’me u rate Jehova Molimo oa hao ka pelo ea hao eohle le ka moea oa hao oohle le ka kelello ea hao eohle le ka matla a hao ’ohle.’ Ea bobeli ke ena, ‘U rate moahelani oa hao joalokaha u ithata.’ Ha ho taelo e ’ngoe e kholo ho feta tsena.”​—Mareka 12:​29-31.

Ha mongoli a utloa karabo ea Jesu o re: “Mosuoe, u boletse hantle tumellanong le ’nete, ‘O Mong, ’me ha ho e mong ntle ho Eena,’ ’me ho mo rata ka pelo eohle ea motho le ka kutloisiso eohle ea motho le ka matla ’ohle a motho le ho rata moahelani oa motho joalokaha motho a ithata ke habohlokoa haholo ho feta linyehelo tsohle tse feletseng tsa secheso le mahlabelo ’ohle.” Ha Jesu a hlokomela hore mongoli eo o arabile ka bohlale, o re ho eena: “Ha u hole le ’Muso oa Molimo.”​—Mareka 12:​32-34.

Haesale Jesu a ruta ka tempeleng ka matsatsi a mararo kaofela (La 9 Nisane, 10 Nisane le 11 Nisane). Batho ba bang ba ile ba thabela ho mo mamela, ho akarelletsa le mongoli enoa, haese baeta-pele ba bolumeli, bao hona joale ba se nang “sebete sa ho mo botsa” ho ea pele.