Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

KHAOLO EA 109

Jesu o Nyatsa Bahanyetsi ba Hae

Jesu o Nyatsa Bahanyetsi ba Hae

MATHEU 22:​41–23:​24 MAREKA 12:​35-40 LUKA 20:​41-47

  • KRESTE KE MOR’A MANG?

  • JESU O PEPESA BOIKAKETSI BA BAHANYETSI BA HAE

Bahanyetsi ba Jesu ba hloleha ho mo senya lebitso le ho mo tšoasa e le hore a qosoe ke Baroma. (Luka 20:​20) Hona joale maemo a fetohile. E se e le eena ea ba hlomang lipotso ’me oa senola hore na ha e le hantle ke mang. Oa ba botsa, o re: “Le nahana joang ka Kreste? Ke mora oa mang?” (Matheu 22:​42) Hoa tsebahala hore Kreste kapa Mesia o tla tsoa lesikeng la Davida. Ke eona karabo eo ba mo fang eona.​—Matheu 9:​27; 12:​23; Johanne 7:42.

Jesu oa ba botsa o re: “Joale, ho tla joang hore Davida ka pululelo a mo bitse ‘Morena,’ a re, ‘Jehova o itse ho Moren’a ka: “Lula ka letsohong la ka le letona ho fihlela ke beha lira tsa hao tlas’a maoto a hao” ’? Ka hona, haeba Davida a mo bitsa ‘Morena,’ ke mora oa hae joang?”​—Matheu 22:​43-45.

Bafarisi ha ba mo arabe kaha ba tšepile hore setloholo sa Davida se ka ’nang sa ba lokolla pusong ea Roma, ke motho oa nama le mali. Leha ho le joalo, Jesu o sebelisa mantsoe a Davida a hlahang ho Pesaleme ea 110:​1, 2 ho hlalosa hore Mesia e ke ke ea e-ba morena feela ea tloaelehileng oa nama le mali. Ke Morena oa Davida ’me ka mor’a hore a lule ka letsohong le letona la Molimo, o tla qala ho busa. Karabo ea Jesu e etsa hore bahanyetsi ba hae ba thole tu!

Esale barutuoa le batho ba bang ba mametse. Joale Jesu o bua le bona, a ba lemosa ka bangoli le Bafarisi. Banna bana “ba lutse setulong sa Moshe” e le ho ruta Molao oa Molimo. Jesu o laela bamameli ba hae o re: “Lintho tsohle tseo ba le bolellang tsona, le li etse ’me le li boloke, empa le se ke la etsa ho ea ka liketso tsa bona, kaha baa bua empa ha ba etse.”​—Matheu 23:​2, 3.

Joale Jesu o fana ka mehlala ea boikaketsi ba bona. O re: “Ba atolosa mabokosana [a tšetseng mangolo] ao ba a roalang e le litšireletso.” Bajuda ba bang ba ne ba fasa mabokose ana a manyenyane a tšetseng litemana tse khutšoanyane tsa Molao phatleng kapa sephakeng. Bafarisi ba etsa hore a bona a be maholoanyane e le hore ba fane ka maikutlo a hore ba chesehela Molao. Ba boetse ba lelefalitse “mephetho e litjellane ea liaparo tsa bona.” Baiseraele ba ne ba lokela ho etsa litjellane kapa litjobo liaparong tsa bona, empa Bafarisi bona ba etsa bonnete ba hore litjobo tsa bona li telele haholo. (Numere 15:​38-40) Tsena tsohle ba li etsa e le “hore ba bonoe ke batho.”​—Matheu 23:5.

Le barutuoa ba Jesu ba ka hahlameloa ke takatso ea ho batla ho phahamela ba bang. Kahoo, Jesu oa ba eletsa o re: “Le se ke la bitsoa Rabi, kaha mosuoe oa lona o mong, athe lona bohle le bara ba motho. Ho feta moo, le se ke la bitsa mang kapa mang ntat’a lona lefatšeng, kaha Ntat’a lona o mong, Oa leholimo. Leha e le hore le bitsoe ‘baeta-pele,’ kaha Moeta-pele oa lona o mong, Kreste.” Joale barutuoa ba lokela ho inka joang le ho itšoara joang? Jesu o re ho bona: “E moholo har’a lona e lokela ho ba mosebeletsi oa lona. Mang kapa mang ea iphahamisang o tla kokobetsoa, ’me mang kapa mang ea ikokobetsang o tla phahamisoa.”​—Matheu 23:​8-12.

Ka mor’a moo, Jesu o phatlalatsa kamoo bangoli le Bafarisi bana ba ikaketsang ba leng malimabe kateng. O re: “Ho malimabe lona, bangoli le Bafarisi, baikaketsi! hobane le koalla batho ’Muso oa maholimo kaha lona ha le kene, ’me ba tseleng ea hore ba kene ha le ba lumelle ho kena.”​—Matheu 23:13.

Jesu o nyatsa hore ebe Bafarisi ha ba tsotelle hore na ke eng eo e hlileng e leng ea bohlokoa mahlong a Jehova kaha ba amehile ka hore na bona ba nahana joang. Ka mohlala, ba re: “Haeba mang kapa mang a hlapanya ka tempele, ha se letho, empa haeba mang kapa mang a hlapanya ka khauta ea tempele, oa tlameha.” Sena se bontša hore ba lefifing la bo-nka-ntjana ha ho tluoa tabeng ea ho khetholla lintho tseo e hlileng e leng tsa bohlokoa. Ba nka khauta ea tempele e le ea bohlokoa ho feta tempele ka boeona, e leng sebaka seo batho ba rapellang Jehova ho sona. Hape, ba “hlokomolohile litaba tse toma haholo tsa Molao, e leng, toka le mohau le botšepehi.”​—Matheu 23:​16, 23; Luka 11:42.

Jesu o bitsa Bafarisi bana “batataisi ba foufetseng, ba sefang monoang empa ba koenya kamele!” (Matheu 23:​24) Ba okola monoang veineng ea bona hobane kokoanyana eo ha ea hloeka ho ea ka Molao. Leha ho le joalo, tsela eo ba hlokomolohang litaba tse kholo tsa Molao ka eona e tšoana le ha ba koenya kamele, e leng e ’ngoe ea liphoofolo tse sa hloekang ho ea ka Molao, empa eona e le kholo haholo.​—Levitike 11:​4, 21-24.