Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

KHAOLO EA 111

Baapostola ba Kopa Pontšo

Baapostola ba Kopa Pontšo

MATHEU 24:​3-51 MAREKA 13:​3-37 LUKA 21:​7-38

  • BAAPOSTOLA BA BANÈ BA KOPA PONTŠO

  • PONTŠO E BONAHALA LEKHOLONG LA PELE LA LILELMO LE KA MOR’A TENG

  • RE TLAMEHA HO LULA RE FALIMEHILE

Ke motšehare oa mantsiboea Labobeli ’me letsatsi la la 11 Nisane le se le le haufi le ho fela. Esale Jesu a phathahane matsatsing a seng makae a fetileng, ’me nako ea hae a le lefatšeng e se e le haufi le ho fela. Motšehare o ne a ruta ka tempeleng ’me bosiu a ea Bethani. Batho “ba ne ba tla ho eena hoseng ka tempeleng ho tla mo utloa” ’me ba ne ba thabela ho mo mamela. (Luka 21:​37, 38) Tsena tsohle li fetile ’me Jesu o lutse Thabeng ea Mehloaare le baapostola ba hae ba banè e leng Petrose, Andrease, Jakobo le Johanne.

Banna bana ba banè ba tlile ho eena boinotšing. Ba amehile ka tempele hobane Jesu o qeta ho ba bolella hore ha ho lejoe le tla tloheloa holim’a le leng. Leha ho le joalo, ho na le ho hongata ka likelellong tsa bona. Pejana Jesu o ile a ba khothaletsa a re: “Le lule le lokile, hobane Mor’a motho o tla ka hora eo le sa nahaneng hore e ka ba eona.” (Luka 12:​40) O ile a bua le ka ‘letsatsi leo Mor’a motho a tla senoloa’ ka lona. (Luka 17:​30) Na lintho tsee tseo a li buileng li amana le seo a qetang ho se bua ka tempele? Baapostola ba na le tjantjello ea ho tseba. Ba re: “Re bolelle, lintho tsee li tla etsahala neng, ’me pontšo e tla ba efe ea ho ba teng ha hao le ea qetello ea tsamaiso ea lintho?”​—Matheu 24:3.

Mohlomong ba nahanne ka bofelo ba tempele ena eo ba e bonang ha ba le mona. Ba boetse ba botsa ka ho ba teng ha Mor’a Motho. Mohlomong ba hopola papiso ea “monna ea itseng oa tsoalo ea borena” ea ‘ileng a etela naheng e hole ho ea iphumanela matla a borena ’me a khutle.’ (Luka 19:​11, 12) Qetellong baa ipotsa hore na “qetello ea tsamaiso ea lintho” e tla akareletsa eng.

Jesu o araba ka tsela e qaqileng ’me o fana ka pontšo e tšoaeang ha tsamaiso ea Sejuda e fela, ho akarelletsa le tempele ea teng. O boetse o fana ka lintlha tse eketsehileng. Pontšo ena e tla thusa Bakreste nakong e tlang ho tseba ha ba se ba phela nakong ea “ho ba teng” ha hae le ha ba phela ho elella bofelong ba lefatše.

Ha lilemo li ntse li e-ea, baapostola ba ela hloko ha boprofeta ba Jesu bo phethahala. Ha e le hantle, lintho tse ngata tseo a ileng a bua ka tsona li qalile bo phethahala nakong eo baapostola ba ntseng ba phela. Kahoo, timetso ea tsamaiso ea Sejuda ha e hlahe Bakreste tsome ha e etsahala ka selemo sa 70, e leng lilemo tse 37 hamorao. Leha ho le joalo, ha se lintho tsohle tseo Jesu a li boletseng tse phethahalang ka selemo sa 70 kapa pele ho moo. Tse ling tsa lintho tseo li phethahala nakong ea ho ba teng ha hae, ha e se e le Morena oa ’Muso oa Molimo. Pontšo e tla ba efe ea ho ba teng ha hae? Jesu o bolella baapostola ba hae karabo ea potso eo.

Jesu o re ho tla ba le “lintoa le litlaleho tsa lintoa” le hore “sechaba se tla tsohela sechaba matla le ’muso o tla tsohela ’muso matla.” (Matheu 24:​6, 7) O boetse o re “ho tla ba le litšisinyeho tse kholo tsa lefatše, le mafu a seoa le likhaello tsa lijo sebakeng se seng ka mor’a se seng.” (Luka 21:​11) Jesu o eletsa barutuoa ba hae o re: “Batho ba tla le tšoara ba le hlorise.” (Luka 21:​12) Baprofeta ba bohata ba tla hlaha ’me ba khelose batho ba bangata. Tlolo ea molao e tla eketseha ’me lerato la ba bangata le tla fola. Ho phaella moo, Jesu o re: “Litaba tsena tse molemo tsa ’Muso li tla boleloa lefatšeng lohle leo ho ahiloeng ho lona hore e be bopaki ho lichaba tsohle, joale e ntan’o ba hona bofelo bo tla tla.”​—Matheu 24:14.

Le hoja boprofeta ba Jesu bo phethahala ka tsela e itseng pele ho timetso ea Jerusalema le nakong eo e timetsoang ke Roma, na ho ka etsahala hore ebe boprofeta boo bo ne bo tla phethahala hape hamorao ka tsela e kholoanyane? Na u bona bopaki ba hore boprofeta ba Jesu ba bohlokoa bo ntse bo phethahala mehleng ee?

Ntho e ’ngoe eo Jesu a reng ke karolo ea pontšo ea ho ba teng ha hae ke ho hlaha ha “ntho e nyonyehang e bakang lesupi.” (Matheu 24:​15) Ka selemo sa 66, ntho ena e nyonyehang e hlaha e le mabotho a Roma a hlommeng liahelo, a e-na le lifolakha tsa melimo ea bohata. Masole a Roma a lika-liketsa Jerusalema ’me a cheka mekoti tlas’a a mang a marako. (Luka 21:​20) Ka tsela eo, “ntho e nyonyehang” e eme moo e sa lokelang ho ema, e leng moo Bajuda ba nkang e le “sebakeng se halalelang.”

Jesu o tsoela pele o re: “Ho tla ba le matšoenyeho a maholo ao a kang ’ona a e-s’o ka a e-ba teng ho tloha tšimolohong ea lefatše ho fihlela joale, che, leha e le hore a tla ba teng hape.” Ka selemo sa 70, masole a Roma a timetsa Jerusalema. Ho timetsoa ha ‘motse o halalelang’ oa Bajuda le tempele ea ’ona, ho ipaka e le matšoenyeho a maholo ’me batho ba likete baa bolaoa. (Matheu 4:5; 24:​21) Tsela eo Jerusalema e senyehang ka eona lekhetlong lena e feta hole makhetlo a mang ’ohle ao e kileng ea senngoa ka ’ona. Timetso ena e boetse e felisa tsela e hlophisehileng eo Bajuda ba ’nileng ba rapela ka eona ka lilemo tse ngata. Kahoo, ho hlakile hore ha boprofeta bona bo phethahala ka tsela e kholoanyane, e tla ba e tšosang.

HO BA LE TŠEPO EA HORE BOPROFETA BO TLA PHETHAHALA

Puisano ea Jesu le baapostola mabapi le pontšo ea ho ba teng ha hae e le Morena oa ’Muso oa Molimo le ea qetello ea tsamaiso ea lintho, e hole le ho fela. O ba lemosa ka ho lelekisa “bo-Kreste ba bohata le baprofeta ba bohata.” Jesu o re ba tla etsa boiteko ba ho ‘khelosa esita le bakhethoa, haeba ho khoneha.’ (Matheu 24:​24) Leha ho le joalo, bakhethoa ba ke ke ba khelosoa. Ntho feela eo bo-Kreste bana ba ka e etsang ke hore ba bonoe ke batho. Leha ho le joalo, ha Jesu a qala ho busa ’Musong oa hae, ha ho motho ea tla ho bona ka mahlo a hae.

Ha a bua ka matšoenyeho a maholo a tla qhoma qetellong ea tsamaiso ena ea lintho, Jesu o re: “Letsatsi le tla fifala, ’me khoeli e ke ke ea fana ka leseli la eona, le linaleli li tla oa leholimong, ’me matla a maholimo a tla sisinyeha.” (Matheu 24:​29) Ha baapostola ba utloa tlhaloso eo e tšosang, ha ba tsebe hantle hore na ho tl’o etsahala’ng empa ba kholisehile hore e tla be e le ntho e tšosang.

Liketsahalo tsee tse makatsang li tla ama batho joang? Jesu o re: “Batho ba ilibana ke tšabo le tebello ea lintho tse tlang holim’a lefatše leo ho ahiloeng ho lona, etsoe matla a maholimo a tla sisinyeha.” (Luka 21:​26) Ha e le hantle, Jesu o hlalosa nako e tla ba boima ka ho fetisisa bophelong esale batho ba e-ba teng.

Jesu o khothatsa baapostola ba hae ka ho ba hlakisetsa hore ha se lintho tsohle tse tla ba bohloko ha “Mor’a motho a tla ka maru a leholimo ka matla le khanya e kholo.” (Matheu 24:​30) O se a bontšitse hore Molimo o tla kenella “ka lebaka la bakhethoa.” (Matheu 24:​22) Kahoo, baapostola baa ba tšepahalang ba lokela ho etsa’ng ha ba utloa litaba tsee tse makatsang tseo Jesu a reng li tl’o etsahala? Jesu o khothalletsa balateli ba hae o re: “Ha lintho tsena li qala ho etsahala, le eme tsoee! ’me le phahamise lihlooho, hobane topollo ea lona ea atamela.”​—Luka 21:28.

Ke joang barutuoa ba Jesu ba phelang nakong ena e boletsoeng esale pele ba neng ba ka khona ho fumana hore na bofelo bo haufi hakae? Jesu o etsa papiso ka sefate sa feiga o re: “Hang feela ha lekala la sona le lenyenyane le nolofala ’me le hlahisa makhasi, lea tseba hore lehlabula le haufi. Ka ho tšoanang le lona, ha le bona lintho tsena tsohle, le tsebe hore o haufi, o menyako. Kannete ke re ho lona ho hang moloko ona o ke ke oa feta ho fihlela lintho tsena tsohle li etsahala.”​—Matheu 24:​32-34.

Kahoo, ha barutuoa ba bona likarolo tse fapa-fapaneng tsa pontšo ea mehla ea bofelo li phethahala, ba lokela ho elelloa hore bofelo bo atametse.

Jesu o laela barutuoa ba tla beng ba phela nakong eo ea bohlokoa o re: “Malebana le letsatsi leo le hora eo ha ho ea tsebang, leha e le mangeloi a maholimo kapa Mora, haese Ntate feela. Etsoe feela kamoo matsatsi a Noe a neng a le kateng, ho ba teng ha Mor’a motho ho tla ba joalo. Etsoe joalokaha matsatsing ao pele ho moroallo, ba ne ba ja ’me ba noa, banna ba nyala ’me basali ba nyalisoa, ho fihlela letsatsing leo Noe a ileng a kena ka arekeng ka lona, ’me ba se ke ba elelloa ho fihlela moroallo o tla ’me o ba hohola bohle, ho ba teng ha Mor’a motho ho tla ba joalo.” (Matheu 24:​36-39) Jesu o hopotsa barutuoa ba hae ka moroallo oa mehleng ea Noe o ileng oa ama lefatše kaofela.

Ha baapostola ba mametse ha Jesu a ntse a ruta Thabeng ea Mehloaare, e tlameha ebe ba hlokomela bohlokoa ba ho lula ba falimehile. Jesu o re: “Ikeleng hloko hore le ka mohla lipelo tsa lona li se ke tsa imeloa ke ho ja ho tlola le ho noa haholo le matšoenyeho a bophelo, ’me ka tšohanyetso letsatsi leo la e-ba holim’a lona hang-hang joaloka leraba. Etsoe le tla tla holim’a bohle ba lulang holim’a lefatše lohle. Joale, le lule le falimehile ka nako eohle le etsa thapeli e le hore le ka atleha ho phonyoha lintho tsena tsohle tse reretsoeng hore li etsahale, le ho ema ka pel’a Mor’a motho.”​—Luka 21:​34-36.

Jesu o boetse oa bontša hore seo a se buang se tl’o etsahala ka tsela e pharaletseng. Ha a profete ka liketsahalo tse tla etsahala ka lilemo tse mashome tse tlang le tse tla ama motse oa Jerusalema feela kapa Bajuda. O bua ka liketsahalo tse “tla tla holim’a bohle ba lulang holim’a lefatše lohle.”

Jesu o re barutuoa ba hae ba tla lokela ho lula ba falimehile, ba itebetse ba bile ba le malala-a-laotsoe. Jesu o hatisa temoso ena ka ho etsa mohlala o mong. O re: “Tsebang ntho e le ’ngoe, hore haeba mong’a ntlo a ne a tsebile hore na lesholu le tla ka tebelo efe, a ka be a ile a lula a falimehile ’me a se ke a lumella hore ntlo ea hae e thuhuoe. Ka lebaka lena le lona le itokise, hobane Mor’a motho o tla tla ka hora eo le sa e nahaneng.”​—Matheu 24:​43, 44.

Jesu o tsoela pele ho fa barutuoa ba hae lebaka la ho ba le tšepo. Oa ba tiisetsa hore ha boprofeta ba hae bo phethahala, ho tla ba le “lekhoba” le falimehileng le bileng le leng mafolofolo. Jesu o bua ka ketsahalo eo baapostola ba ka khonang ho inahanela eona ka likelellong tsa bona. O re: “Ha e le hantle ke mang eo e leng lekhoba le tšepahalang le le masene leo mong’a lona a le behileng hore le okamele bahlanka ba hae ba ntlo, ho ba fa lijo tsa bona ka nako e tšoanetseng? Ho thaba lekhoba leo haeba mong’a lona ha a fihla a le fumana le etsa joalo! Kannete ke re ho lona, O tla le beha hore le okamele lintho tsohle tsa hae.” Kahoo, haeba “lekhoba” le e-ba le maikutlo a khopo ’me le tšoara ba bang hampe, mong’a lona “o tla le fa kotlo e matla ka ho fetisisa.”​—Matheu 24:​45-51; bapisa le Luka 12:​45, 46.

Leha ho le joalo, Jesu ha a re sehlopha sa balateli ba hae se tla ba le maikutlo a khopo. Joale, ke thuto efe eo Jesu a batlang ho e hatisa ho barutuoa ba hae? O batla hore ba lule ba falimehile hape ba le mafolofolo, joalokaha a hlakisitse papisong e ’ngoe.