Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

KHAOLO EA 112

Papiso ea Baroetsana ba Leshome

Papiso ea Baroetsana ba Leshome

MATHEU 25:​1-13

  • JESU O ETSA PAPISO EA BAROETSANA BA LESHOME

Jesu o ne a ntse a araba potso ea baapostola ba hae e mabapi le pontšo ea ho ba teng ha hae le ea qetello ea tsamaiso ea lintho. A sa le hona moo, o ba fa temoso e bohlale ka hore a ba etsetse papiso e ’ngoe. Ho phethahala ha papiso ena ho tla bonoa ke ba phelang nakong ea ho ba teng ha hae.

O lelekella papiso ena ka ho re: “ ’Muso oa maholimo o tla ba joaloka baroetsana ba leshome ba ileng ba nka mabone a bona ’me ba tsoa ho ea kopana le monyali. Ba bahlano ba bona e ne e le maoatla, ’me ba bahlano e le ba masene.”​—Matheu 25:​1, 2.

Jesu ha a bolele hore halofo ea barutuoa ba hae ba ruang ’Muso oa maholimo ke maoatla ’me halofo e ’ngoe e masene. Ho e-na le hoo, o hlakisa taba ea hore ha ho tluoa tabeng ea ’Muso, morutuoa e mong le e mong oa hae o na le bokhoni ba ho ikhethela hore na o tla lula a lebetse kapa che. Leha ho le joalo, Jesu ha a na pelaelo ea hore mohlanka e mong le e mong oa hae o tla lula a tšepahala ’me a fumane litlhohonolofatso tsa Ntate oa hae.

Papisong ena, baroetsana bana ba leshome ba il’o amohela monyali le ho kenella mokolokong oa mokete oa lenyalo. Ha a fihla, baroetsana ba tla khantša tsela ka mabone a bona e le ho hlompha monyali ha a tlisa monyaluoa ntlong eo a e lokiselitsoeng. Leha ho le joalo, lintho li tsamaea joang?

Jesu o re: “Maoatla a ile a nka mabone a ’ona empa a se ke a nka oli, ha ba masene ba ile ba nka oli ka lipitsaneng tsa bona hammoho le mabone a bona. Ha monyali a lieha, ba thibasela kaofela ’me ba robala.” (Matheu 25:​3-5) Monyali ha a fihle ka nako. Ho bonahala a liehile hoo baroetsana ba qetellang ba khaleha. Mohlomong baapostola ba hopola papiso ea Jesu ea monna oa tsoalo ea borena ea ileng a etela hole eaba ‘qetellong oa khutla ka mor’a ho iphumanela matla a borena.’​—Luka 19:​11-15.

Papisong ea baroetsana ba leshome, Jesu oa hlalosa hore na ho etsahala’ng ha monyali a fihla. O re: “Har’a bosiu ha tsoha mohoo, ‘Monyali ke enoa! Tsoang le kopane le eena.’ ” (Matheu 25:6) Na baroetsana baa ba itokisitse le hona ho falimeha?

Jesu o tsoela-pele o re: “Joale baroetsana bao kaofela ba tsoha ’me ba hlophisa mabone a bona. Maoatla a re ho ba masene: ‘Re feng oli e ’ngoe ea lona, hobane mabone a rona a haufi le ho tima.’ Ba masene ba araba ka mantsoe ana: ‘Mohlomong ho ke ke ha e-ba le e lekaneng bakeng sa rona le lona. Ho e-na le hoo, e-eang ho ba e rekisang ’me le ithekele.’ ”​—Matheu 25:​7-9.

Kahoo, baroetsana ba bahlano ba maoatla ha baa falimeha ebile ha baa itokisetsa ho fihla ha monyali. Ha ba na oli e lekaneng bakeng sa mabone a bona ’me ba lokela ho il’o batla e ’ngoe. Jesu o re: “Ha ba tloha ba il’o reka, monyali a fihla, ’me baroetsana ba neng ba itokisitse ba kena le eena moketeng oa lenyalo, ’me monyako oa koaloa. Ka mor’a moo baroetsana ba bang kaofela le bona ba tla, ba re, ‘Mohlomphehi, mohlomphehi, re bulele!’ Ha a araba a re, ‘Ke le bolella ’nete, ha ke le tsebe.’ ” (Matheu 25:​10-12) Tseo ke litla-morao tse bohloko tsa ho se falimehe le ho se itokise.

Baapostola baa hlokomela hore monyali papisong ena o emela Jesu. Pejana o ile a itšoantša le monyali. (Luka 5:​34, 35) Baroetsana ba masene bona ba emela bo-mang? Ha Jesu a bua ka “mohlatsoana,” e leng ba tla fuoa ’Muso, o ile a re: “Matheka a lona a ke a tlangoe ’me mabone a lona a ke a tuke.” (Luka 12:​32, 35) Kahoo, papisong ena e buang ka baroetsana, baapostola ba utloisisa hore Jesu o bua ka batho ba tšoanang le bona. Joale, ke molaetsa ofe oo Jesu a batlang ho o fetisa ka papiso ee?

Jesu ha a siee baapostola ba ntse ba ipotsa. O qetella papiso eo ka ho re: “Ka hona, le lule le lebetse, hobane ha le tsebe letsatsi kapa eona hora.”​—Matheu 25:13.

Ho hlakile hore Jesu o eletsa balateli ba hae ba tšepahalang hore ba tla tlameha hore ba ‘lule ba lebetse’ nakong ea ho tla ha hae. O tla tla ’me ba tlameha ho lula ba itokisitse ba bile ba falimehile joaloka baroetsana ba bahlano ba masene e le hore ba se ke ba lahleheloa ke tšepo ea bona e babatsehang ’me ba hloloa ke moputso oo o ba letetseng.