Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

KHAOLO EA 113

Papiso ea Litalenta

Papiso ea Litalenta

MATHEU 25:​14-30

  • JESU O ETSA PAPISO EA LITALENTA

Jesu o bolella baapostola ba hae papiso e ’ngoe ha ba ntse ba le Thabeng ea Mehloaare. Matsatsi a seng makae pejana ha a ntse a le Jeriko, o ile a etsa papiso ea limina ho bontša hore ’Muso o ne o sa le hole le ho fihla. Papiso eo a e etsang hona joale e tšoana le eo ka lintho tse ’maloa. Ke karolo ea karabo ea potso e mabapi le ho ba teng ha hae le qetello ea tsamaiso ea lintho. E hatisa hore barutuoa ba hae ba lokela ho ba mafolofolo mabapi le seo a ba tšepetseng sona.

Jesu o qala ka ho re: “Ho joalokaha motho, ea mothating oa ho etela hole, a ile a bitsa makhoba a hae ’me a beha lintho tsa hae kalosong ea ’ona.” (Matheu 25:​14) Joalokaha Jesu a se a ile a itšoantša le monna ea etelang hole “ho ea iphumanela matla a borena,” ho bonolo ho baapostola ho bona hore Jesu ke eena monna eo ho buuoang ka eena hona joale.​—Luka 19:12.

Pele monna ea hlahang papisong a etela hole, o beha lintho tsa hae kalosong ea makhoba a hae. Nakong ea lilemo tse tharo le halofo tsa tšebeletso ea hae, Jesu o ne a amehile haholo ka ho bolela litaba tse monate tsa ’Muso oa Molimo ’me o ile a koetlisetsa barutuoa ba hae ho etsa mosebetsi oo. Hona joale oa tsamaea ’me o kholisehile hore ba tla tsoela pele ba etsa seo a ba koetliselitseng ho se etsa.​—Matheu 10:7; Luka 10:​1, 8, 9; bapisa le Johanne 4:​38; 14:12.

Papisong ea litalenta, monna eo o aba lintho tsa hae joang? Jesu o re: “Le leng a le fa litalenta tse hlano, le leng tse peli, le leng hape e le ’ngoe, le leng le le leng ho ea ka bokhoni ba lona, ’me a ea hole.” (Matheu 25:​15) Makhoba a tla etsa’ng ka litho tseo tse behiloeng tlhokomelong ea ’ona? Na a tla li sebelisa ka mafolofolo bakeng sa mong’a ’ona?

Jesu o re ho baapostola: “Kapele-pele le ileng la amohela litalenta tse hlano la tsamaea ’me la etsa khoebo ka tsona ’me la fumana tse eketsehileng tse hlano. Ka tsela e tšoanang le ileng la amohela tse peli la fumana tse eketsehileng tse peli. Empa le ileng la amohela e le ’ngoe feela la tloha, ’me la cheka fatše la pata chelete eo ea silevera ea mong’a lona.” (Matheu 25:​16-18) Ho tla etsahala’ng ha mong’a makhoba ao a khutla?

Jesu o tsoela pele o re: “Ka mor’a nako e telele mong’a makhoba ao a fihla ’me a lokisa litlaleho le ’ona.” (Matheu 25:​19) Makhoba a mabeli a pele a ile a etsa sohle seo a ka se khonang, “le leng le le leng ho ea ka bokhoni ba lona.” Makhoba ao ka bobeli a ne a le mafolofolo, a sebetsa ka thata hape a etsa hore se neng se behiloe tlhokomelong ea ’ona se ate. Le neng le fuoe litalenta tse hlano le ile la tlisa litalenta tse hlano tse eketsehileng, le le neng le fuoe tse peli la tlisa tse peli tse eketsehileng. (Mehleng eo, mosebeletsi o ne a lokela ho sebetsa lilemo tse ka bang 19 e le hore a fumane moputso o lekanang le talenta e le ’ngoe.) Mong’a bona o ba babatsa ka tsela e tšoanang o re: “U entse hantle, lekhoba le molemo le le tšepahalang! U ile ua tšepahala linthong tse seng kae. Ke tla u beha hore u okamele lintho tse ngata. Kena thabong ea mong’a hao.”​—Matheu 25:21.

Ka lehlakoreng le leng, lekhoba le fuoeng talenta e le ’ngoe lona le re: “Monghali, ke ile ka tseba hore u motho ea thata, ea kotulang moo u sa kang ua jala le ea bokellang moo u sa kang ua olosa. Kahoo ke ile ka tšoha ’me ka tloha eaba ke pata talenta ea hao fatše. Nka sa hao ke sena.” (Matheu 25:​24, 25) Lekhoba lena ha lea boloka chelete eo bankeng e le hore bonyane e etse tsoala bakeng sa mong’a lona. Ha e le hantle, ha lea etsa lintho tumellanong le lithahasello tsa mong’a lona.

Kahoo, ho loketse hore ebe mong’a lona o re ke “lekhoba le khopo le le noabolohang.” Le amohuoa seo le neng le e-na le sona ’me se fuoa lekhoba le ikemiselitseng ho ba mafolofolo. Mong’a makhoba o re: “E mong le e mong ea nang le letho, o tla fuoa ho eketsehileng ’me o tla ba le ho hongata haholo, empa ha e le ea se nang letho, o tla amohuoa le seo a nang le sona.”​—Matheu 25:​26, 29.

Barutuoa ba Jesu ba na le ho hongata hoo ba lokelang ho nahana ka hona, ho akarelletsa le lintho tseo ba li utloileng papisong ena. Baa hlokomela hore mosebetsi oo Jesu a o behang tlhokomelong ea bona ke oa bohlokoa, e leng boikarabelo ba ho etsa barutuoa. Jesu o lebelletse hore ba be mafolofolo ha ba phetha mosebetsi ona. Ha aa lebella hore kaofela ba sebetse ka ho lekana ha ba etsa mosebetsi oo a ba laetseng hore ba o etse oa ho bolela. Joalokaha ho bontšitsoe, e mong le e mong o lokela ho etsa ‘ho ea ka bokhoni ba hae.’ Ho hang sena ha se bolele hore Jesu o fana ka maikutlo a hore o tla thaba ha morutuoa oa hae a ‘noaboloha’ ’me a hloleha ho etsa sohle seo a ka se khonang ho etsa mosebetsi oo Jesu a mo fileng ’ona.

Leha ho le joalo, e tlameha ebe baapostola ba thabisoa ke tšepiso e reng: “E mong le e mong ea nang le letho, o tla fuoa ho eketsehileng”!