Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

KHAOLO EA 115

Paseka ea ho Qetela ea Jesu e Atametse

Paseka ea ho Qetela ea Jesu e Atametse

MATHEU 26:​1-5, 14-19 MAREKA 14:​1, 2, 10-16 LUKA 22:​1-13

  • JUDASE O PATALLOA HO EKA JESU

  • BAAPOSTOLA BA BABELI BA LOKISETSA PASEKA

Jesu o qetile ho ruta baapostola ba banè Thabeng ea Mehloaare ’me o arabile lipotso tsa bona mabapi le ho tla ha hae le qetello ea tsamaiso ea lintho.

La 11 Nisane e bile letsatsi le maphatha-phathe. Joale Jesu o re ho baapostola ba hae: “Lea tseba hore matsatsi a mabeli ho tloha joale Paseka e tla ba teng, ’me ho tla nehelanoa ka Mor’a motho hore a khokhotheloe thupeng.” (Matheu 26:2) Mohlomong o bua mantsoe ana ha ba le tseleng e khutlelang Bethani moo ba robaletsang teng.

Kamoo ho bonahalang kateng, Jesu o qeta letsatsi le hlahlamang, e leng Laboraro, a le boinotšing le baapostola ba hae. Ka Labobeli, o ile a khalemela baeta-pele ba bolumeli a ba a ba pepesa phatlalatsa. Joale ba batla ho mo bolaea. Ke ka lebaka leo a sa hlahelleng bathong ka la 12 Nisane e le hore ho se ke ha e-ba le ntho e mo sitisang ho keteka Paseka le baapostola ba hae ha letsatsi le likela ka shoalane e latelang ha letsatsi la la 14 Nisane le qala.

Leha ho le joalo, pele ho Paseka, baprista ba ka sehloohong le banna ba baholo ba sitoa ho iphapanya. Ba bokana lebaleng la moprista ea phahameng Kaifase. Hobane’ng? Ba koatile hobane Jesu o ba pepesitse. Joale ba etsa ’momori oa “hore ba tšoare Jesu ka leraba la bolotsana le ho mo bolaea.” Ba tla etsa see neng, hona joang? Ba re: “Eseng moketeng, e le hore ho se ke ha tsoha moferefere har’a batho.” (Matheu 26:​4, 5) Ntho eo ba e tšabang ke hore Jesu o ratoa ke batho ba bangata.

Ho sa le joalo, baeta-pele ba bolumeli ba fumana moeti. Ba makatsoa ke ho bona hore moeti oa bona ke e mong oa baapostola ba Jesu e leng Judase Iskariota. Satane o mo kentse maikutlo a hore a eke Monghali oa hae. Judase oa ba botsa o re: “Le tla mpha eng hore ke le ekele eena?” (Matheu 26:​15) Ba thabetse leano lena ’me ba “lumela ho mo fa chelete ea silevera.” (Luka 22:5) Ba mo fa bokae? Ba lumellana ka ho mo fa likotoana tse 30 tsa silevera. E ka ’na eaba chelete ena ke lishekele tse 30, e leng theko ea lekhoba. (Exoda 21:​32) Kahoo, baeta-pele ba bolumeli ba nyelisa Jesu ka hore ha se motho oa bohlokoa hakaalo. Judase o qala ho “batla monyetla o motle oa ho ba ekela eena ho se bongata bo mo potolohileng.”​—Luka 22:6.

Letsatsi la la 13 Nisane le qala ka Laboraro ha letsatsi le likela ’me lena ke letsatsi la botšelela ebile e le la ho qetela leo Jesu a le qetang a le Bethani. Ho tla hlokahala hore ho etsoe litlhophiso tsa ho qetela tsa Paseka letsatsing le hlahlamang. Ho lokela hore ho fumanoe konyana e le hore e hlajoe e be e besoe ka mor’a hore letsatsi la la 14 Nisane le qale. Ba tla tšoarela Paseka kae, hona ke mang ea tla e lokisetsa? Jesu ha a e-s’o fane ka lintlha tseo. Ke kahoo Judase a sa khoneng ho bolella baprista ba ka sehloohong.

Mohlomong Jesu o roma Petrose le Johanne ka Labone motšehare. O re ho bona: “E-eang ’me le lokise Paseka hore re e je.” Ba re: “Ke hokae moo u batlang hore re e lokisetse teng?” Jesu o re: “Ha le kena motseng le tla khahlanyetsoa ke monna ea jereng nkho ea letsopa ea metsi. Mo lateleng ho kena ka tlung eo a kenang ho eona. Le tla re ho mong’a ntlo eo, ‘Mosuoe o re ho uena: “E kae kamore ea baeti eo nka jelang Paseka ho eona le barutuoa ba ka?” ’ Monna eo o tla le bontša kamore e kholo e ka holimo e nang le thepa. E lokiseng moo.”​—Luka 22:​8-12.

Ha ho potang hore mong’a ntlo eo ke morutuoa oa Jesu. E ka ’na eaba o se a ntse a nahana hore Jesu o batla ho sebelisa ntlo ea hae bakeng sa mokete ona. Ha baapostola ba fihla Jerusalema, ba fumana lintho li le feela joalokaha Jesu a buile. Kahoo, ba etsa bonnete ba hore ba lokisa konyana le ho etsa tse ling tsa litlhophiso tsa lijo tsa Paseka bakeng sa Jesu le baapostola ba hae ba 12.