Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

KHAOLO EA 119

Jesu ke Tsela le ’Nete le Bophelo

Jesu ke Tsela le ’Nete le Bophelo

JOHANNE 14:​1-31

  • JESU O IL’O LOKISA SEBAKA

  • O TŠEPISA HORE O TLA FA BALATELI BA HAE MOTHUSI

  • NTATE O MOHOLO HO JESU

Jesu o ntse a le ka kamoreng e mokatong o ka holimo le baapostola ba hae ka mor’a ho ja lijo tsa sehopotso. Joale oa ba khothatsa o re: “Le se ke la lumella lipelo tsa lona hore li khathatsehe. Bontšang tumelo ho Molimo, le bontše tumelo le ho ’na.”​—Johanne 13:​36; 14:1.

Jesu o fa baapostola ba hae ba tšepahalang lebaka la hore ba se ke ba tšoenyeha ha a ba siea. O re: “Ka tlung ea Ntate ho na le libaka tse ngata tsa bolulo. . . . Haeba ke il’o le lokisetsa sebaka, ke tla boela ke tle ’me ke tla le amohela lapeng ho ’na, e le hore moo ke leng teng le lona le ka ba teng.” Leha ho le joalo, baapostola ha ba utloisise hore o bua ka ho ea leholimong. Thomase oa botsa o re: “Morena, ha re tsebe moo u eang. Re tseba tsela joang?”​—Johanne 14:​2-5.

Jesu o mo araba tjena: “Ke ’na tsela le ’nete le bophelo.” O bolela hore ba ka kena ntlong ea Ntate oa hae e leholimong hafeela ba mo amohela, ba amohela lithuto tsa hae, ba bile ba mo etsisa. Jesu o boetse o re: “Ha ho ea tlang ho Ntate haese ka ’na.”​—Johanne 14:6.

Filipi o mametse Jesu ka hloko ’me o kopa Jesu o re: “Morena, re bontše Ntate, ’me ho lekane bakeng sa rona.” Kamoo ho bonahalang kateng, Filipi o batla hore Molimo a bonahatsoe ho bona ka tsela e tšoanang le eo a ileng a iponahatsa ho Moshe, Elia le Esaia. Leha ho le joalo, baapostola ba se ba ntse ba fumane ntho e molemo ho feta lipono tseo banna bana ba ileng ba li fumana. Jesu o re: “Na ke bile le lona ka nako e telele hakaale, ’me leha ho le joalo, Filipi, ha u ntsebe? Ea mponeng o bone le Ntate.” Jesu o futsitse Ntate oa hae ka ntho e ’ngoe le e ’ngoe, ka hona ho ka thoe ha motho a bone a bile a phetse le Jesu, ho tšoana le ha a bone Ntate. Leha ho le joalo, Ntate o phahametse Mora feela joalokaha Jesu a bolela. O re: “Lintho tseo ke le bolellang tsona ha ke li bue ka ho iqalla.” (Johanne 14:​8-10) Baapostola baa bona hore Jesu o isa tlotla eohle ea lithuto tsa hae ho Jehova.

Baapostola ba Jesu ba ’nile ba bona ha a etsa mehlolo ’me ba utloile ha a phatlalatsa litaba tse monate tsa ’Muso oa Molimo. Joale o re ho bona: “Ea bontšang tumelo ho ’na, eo ka ho tšoanang o tla etsa mesebetsi eo ke e etsang, ’me o tla etsa mesebetsi e meholo ho ena.” (Johanne 14:​12) Jesu ha a bolele hore ba tla etsa mehlolo e meholo ho feta ea hae. Leha ho le joalo, ba tla etsa mosebetsi ona oo a o qalileng ka nako e teletsana, ba koahele libaka tse ngata ho mo feta, ’me ba bue le batho ba bangata haholoanyane.

Jesu a ke ke a ba siea ba se na mang’oe kaha o re: “Haeba le kopa ntho leha e le efe ka lebitso la ka, ke tla e etsa. . . . Ke tla kopa Ntate ’me o tla le fa mothusi e mong hore a be le lona ka ho sa feleng, “moea oa ’nete.” (Johanne 14:​14, 16, 17) O ba tiisetsa hore ba tla fumana mothusi e leng moea o halalelang. Sena se etsahala ka letsatsi la Pentekonta.

Jesu o re: “E tla ba nakoana e seng kae ’me lefatše ha le sa tla hlola le mpona, empa lona le tla mpona, kahobane kea phela ’me le tla phela.” (Johanne 14:​19) Ha se feela hore Jesu o tla itlhahisa ho bona ka sebele ha a qeta ho tsosoa bafung empa ka mor’a nako o tla ba tsosetsa hore ba il’o phela le eena leholimong e se e le libopuoa tsa moea.

Joale Jesu o bua ntho e hlakileng o re: “Ea nang le litaelo tsa ka ’me a li boloka, eo ke eena ea nthatang. Ea nthatang le eena o tla ratoa ke Ntate, ’me ke tla mo rata ’me ke tla ipontša eena ka ho hlaka.” Sena se etsa hore moapostola Judase, ea boetseng a bitsoang Thadiase a botse a re: “Morena, ho etsahetse’ng ha u rera ho iponahatsa ho rona ka ho hlaka eseng ho lefatše?” Jesu o araba ka ho re: “Haeba leha e le mang a nthata, o tla boloka lentsoe la ka, Ntate o tla mo rata. . . . Ea sa nthateng ha a boloke mantsoe a ka.” (Johanne 14:​21-24) Ho fapana le barutuoa ba hae, lefatše ha le nke Jesu e le tsela le ’nete le bophelo.

Kaha Jesu o haufi le ho tsamaea, ke mang ea tla hopotsa barutuoa ba hae lintho tsohle tseo a ba rutileng tsona? Jesu o re: “Mothusi, moea o halalelang, oo Ntate a tla o romela ka lebitso la ka, o tla le ruta lintho tsohle ’me a le hopotse lintho tsohle tseo ke le boleletseng tsona.” Baapostola ba bone kamoo moea o halalelang o leng matla kateng, kahoo tšepiso ena ea ba khothatsa. Jesu o boetse o re: “Ke le siela khotso, ke le fa khotso ea ka. . . . Le se ke la lumella lipelo tsa lona hore li khathatsehe kapa la li lumella hore li ikhule ke tšabo.” (Johanne 14:​26, 27) Kahoo, barutuoa ha ba na lebaka la ho tšoenyeha kaha ba tla fumana tataiso le tšireletso ho tsoa ho Ntate oa Jesu.

Haufinyane ho tla hlaka hore Molimo o ba sirelelitse. Jesu o re: “ ’Musi oa lefatše oa tla. ’Me ha ho moo a ntšoarang teng.” (Johanne 14:​30) Diabolose o ile a khona ho kena ka ho Judase ’me a mo susumetsa. Leha ho le joalo, Jesu eena ha a na le ha e se e le moneketsela feela oa bofokoli ba sebe boo Satane a ka bo sebelisang ho etsa hore a fetohele Molimo. Ho feta moo, Diabolose a ke ke a etsa hore Jesu a felle lebitleng. Lebaka lea hlaka ha re utloa mantsoe a Jesu. O re: “Joalokaha Ntate a mphile taelo hore ke etse, ke etsa joalo.” O kholisehile hore Ntate oa hae o tla mo tsosa.​—Johanne 14:​31.