Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

KHAOLO EA 121

“Le be Sebete! Ke Hlotse Lefatše”

“Le be Sebete! Ke Hlotse Lefatše”

JOHANNE 16:​1-33

  • KA MOR’A NAKO E SENG KAE BAAPOSTOLA HA BA SA TLA HLOLA BA BONA JESU

  • MESARELO EA BAAPOSTOLA E TLA FETOHA NYAKALLO

Jesu le baapostola ba hae ba se ba ntse ba itokisetsa ho tloha kamoreng e ka holimo moo ba neng ba ntse ba jela Paseka. Ka mor’a ho ba fa likeletso tse ’maloa, Jesu o re: “Ke le boleletse lintho tsena hore le se ke la khoptjoa.” Ke hobane’ng ha a ba file likeletso tseo? O re ho bona: “Batho ba tla le leleka synagogeng. Ha e le hantle, hora ea tla ea ha e mong le e mong ea le bolaeang a tla nahana hore o etselitse Molimo tšebeletso e halalelang.”​—Johanne 16:​1, 2.

Ho ka ’na ha etsahala hore ebe baapostola ba ikutloa ba tšoenyehile ke litaba tsena. Le hoja Jesu a ile a ba bolella hore lefatše le tla ba hloea, ha aa ka a ba bolella ka ho toba hore ba tla bolaoa. Ke hobane’ng ha a sa ba bolella? O re: “Lintho tsena ha kea ka ka le bolella tsona pele, hobane ke ne ke e-na le lona.” (Johanne 16:4) Hona joale o batla ho ba hlomella pele a tsamaea. Sena se ka ’na sa ba thusa hore ba se ke ba khoptjoa hamorao.

Jesu o boetse o re: “Ke ea ho Ea nthomileng, ’me leha ho le joalo ha ho le ea mong oa lona ea mpotsang, ‘U ea hokae?’ ” Nakoana pele ho mona, ba ne ba ile ba mo botsa hore na o ea hokae. (Johanne 13:​36; 14:5; 16:5) Leha ho le joalo, lekhetlong lena ba imetsoe likelellong ka lebaka la mahloriso ao a itseng ba tla tobana le ’ona. Kahoo, ba hloleha ho mo botsa ka khanya eo a tla ba le eona le hore na ho tla etsahala’ng ka barapeli ba ’nete. Jesu o re: “Kahobane ke le boleletse lintho tsena mesarelo e tletse ka lipelong tsa lona.”​—Johanne 16:6.

Jesu oa ba hlalosetsa o re: “Ke tsamaea molemong oa lona. Etsoe haeba ke sa tsamaee, ho hang mothusi a ke ke a tla ho lona, empa haeba ke fela ke tsamaea, ke tla mo romela ho lona.” (Johanne 16:7) Barutuoa ba Jesu ba tla fumana moea o halalelang hafeela Jesu a ka shoa ’me a tsosetsoa leholimong. Ha a le moo, a ka khona ho o romela hore o thuse balateli ba hae hohle moo ba leng teng lefatšeng.

Moea o halalelang “o tla fa lefatše bopaki bo kholisang malebana le sebe le malebana le ho loka le malebana le kahlolo.” (Johanne 16:8) Kannete ho tla bonahala hore lefatše le hlolehile ho bontša tumelo ho Mor’a Molimo. Ha Jesu a nyolohela leholimong, ho tla hlaka hore ke motho ea lokileng le hore “ ’musi oa lefatše” e leng Satane, o hloka ho ahloloa.​—Johanne 16:11.

Jesu o boetse o re ho bona: “Ke na le lintho tse ngata tseo ke sa ntseng ke tla le bolella tsona, empa ha le khone ho li jara hona joale.” Nakong eo a ba tšollelang moea o halalelang, ba tla khona ho utloisisa ‘ ’nete eohle’ ’me ba tla khona ho phela tumellanong le ’nete eo.​—Johanne 16:​12, 13.

Seo Jesu a se buang se makatsa baapostola le ho feta. O re: “Ka mor’a nakoana le ke ke la hlola le mpona, ’me, hape, ka mor’a nakoana le tla mpona.” Joale baa botsana hore na ekaba o bolela’ng. Jesu oa elelloa hore ba batla ho mo botsa ka taba ena. Kahoo oa ba hlalosetse o re: “Kannete-nete ke re ho lona, le tla lla ’me le bokolle, empa lefatše le tla thaba, le tla sareloa, empa mesarelo ea lona e tla fetoha thabo.” (Johanne 16:​16, 20) Mantsiboeeng a hlahlamang ha Jesu a bolaoa, baeta-pele ba bolumeli ba tla thaba empa balateli ba hae ba tla sareloa. Leha ho le joalo, ho sareloa ha bona ho tla fetoha thabo nakong eo Jesu a tsosoang bafung! Ba tla boela ba thabe ha a ba tšollela moea o halalelang oa Molimo.

Jesu o bapisa boemo ba baapostola ba hae le ba mosali ea nang le mahlaba a pelehi ka ho re: “Mosali, ha a beleha, o ba le mesarelo, hobane hora ea hae e fihlile, empa ha a hlahisitse ngoana e monyenyane, ha a sa hopola matšoenyeho ka lebaka la thabo ea hore motho o tsoetsoe lefatšeng.” Jesu o khothatsa baaposotla ba hae o re: “Le lona joale, le saretsoe, empa ke tla le bona hape ’me lipelo tsa lona li tla thaba, ’me ha ho ea tla le amoha thabo ea lona.”​—Johanne 16:​21, 22.

Ho fihlela nakong ena, baapostola ha ba e-s’o ka ba rapela ka lebitso la Jesu. Kahoo o re ho bona: “Letsatsing leo le tla kopa ka lebitso la ka.” Ke hobane’ng ha ba lokela ho etsa joalo? Lebaka ha se hobane Ntate a le leqe ho ba araba. Ho fapana le seo, Jesu o re: “Ntate oa le rata, hobane le nthatile . . . ke le moemeli oa Ntate.”​—Johanne 16:​26, 27.

Mantsoe ana a Jesu a khothatsang, a tiisa baapostola mangole hoo ba reng: “Rea lumela ka sena hore u tsoile ho Molimo.” Ho se hokae, kholiseho ea bona e tla behoa tekong. Ha e le hantle, Jesu oa ba hlalosetsa hore na ho tla etsahala’ng. O re: “Bonang! Hora ea tla, ka sebele, e fihlile, ea ha le tla hasana e mong le e mong ho ea tlung ea hae ’me le tla ntšiea ke le mong.” Leha ho le joalo, oa ba tiisetsa o re: “Ke le boleletse lintho tsena e le hore le ka ba le khotso ka ’na. Lefatšeng le ba le matšoenyeho, empa le be sebete! Ke hlotse lefatše.” (Johanne 16:​30-33) Jesu a ke ke a ba lahla. O kholisehile hore le bona ba ka hlola lefatše feela joalokaha a le hlotse. Ba ka etsa seo hafeela ba ka lula ba etsa thato ea Molimo ka botšepehi ho sa tsotellehe lintho tseo Satane a ba futuhelang ka tsona ho leka ho senya botšepehi ba bona.