Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

KHAOLO EA 128

Pilato le Heroda ba Fumana Jesu a se Molato

Pilato le Heroda ba Fumana Jesu a se Molato

Jesu ha a pate hore ke Morena ha a bua le Pilato. Leha ho le joalo, Roma ha ea lokela ho ba matsoalong ka lebaka la ’Muso oa hae. Jesu o re: “ ’Muso oa ka ha se karolo ea lefatše lena. Hoja ’Muso oa ka e ne e le karolo ea lefatše lena, bahlanka ba ka ba ka be ba loanne hore ho se ke ha nehelanoa ka ’na ho Bajuda. Empa, joale, ’Muso oa ka ha o tsoe mohloling ona.” (Johanne 18:​36) Ehlile Jesu o na le ’Muso empa ha se oa lefatše lena.

Pilato ha a felle moo. O botsa Jesu o re: “Joale, he, na u morena?” Jesu o bolella Pilato hore o nepile. O re: “Ke uena ea reng ke morena. Ke tsoaletsoe sena, ’me ke tletse sena lefatšeng, hore ke pakele ’nete. E mong le e mong ea leng ka lehlakoreng la ’nete o mamela lentsoe la ka.”​—Johanne 18:37.

Pejana, Jesu o ne a ile a re ho Thomase: “Ke ’na tsela le ’nete le bophelo.” Le hona joale o joetsa Pilato morero oo a rometsoeng lefatšeng ka oona e leng oa ho pakela “ ’nete,” ka ho khetheha, ’nete ka ’Muso oa hae. Jesu o ikemiselitse ho ema le ’nete eo leha seo se ka etsa hore a bolaoe. Pilato o botsa Jesu o re: “ ’Nete ke eng?” empa ha a emele karabo. O nka hore a ka liha kahlolo holim’a lintho tseo a li utloileng.​—Johanne 14:6; 18:38.

Joale Pilato o khutlela letšoeleng le emeng kantle ho ntlo ea hae ea borena. Kamoo ho bonahalang kateng, Jesu o eme ka lehlakoreng la hae nakong eo a joetsang baprista ba ka sehloohong le moifo oa bona a re: “Ha ke fumane molato ho monna enoa.” Letšoele lena lea bela ke khalefo ka lebaka la qeto ena, kahoo lea phehella le re: “O ferekanya batho ka ho ruta ho pholletsa le Judea eohle, esita le ho qala Galilea ho tla fihla mona.”​—Luka 23:​4, 5.

E tlameha ebe Pilato o akhile marama ha a bona cheseho ena e feteletseng e se nang motheo. Ha baprista ba ka sehloohong le banna ba baholo ba ntse ba hoeletsa, Pilato o botsa Jesu o re: “Na ha u utloe hore ke lintho tse ngata hakae tseo ba li pakang khahlanong le uena?” (Matheu 27:​13) Jesu ha a ikhathatse ka ho mo araba. Tsela eo a khobileng matšoafo ka eona nakong ena eo a ntseng a qosoa ke batho bana ba mabifi e makatsa Pilato.

Bajuda ba itse Jesu o ile a “qala Galilea.” Ho latela leselinyana leo, joale Pilato oa tseba hore Jesu ke Mogalilea. Sena se fa Pilato leqheka leo a ka le sebelisang ho qoba ho ahlola Jesu. Heroda Antipase (mora oa Heroda e Moholo) ke ’musisi Galilea ’me o tlile Jerusalema nakong ena ea Paseka. Kahoo Pilato o romela Jesu ho Heroda. Heroda Antipase ke eena ea ileng a laela hore Johanne Mokolobetsi a khaoloe hlooho. Hamorao ha a utloela hore Jesu o etsa mehlolo, o ne a tšoenyehile a nahana hore esebe Jesu ke Johanne ea tsositsoeng bafung.​—Luka 9:​7-9.

Heroda o nyakaletse hobane joale o na le monyetla oa ho bona Jesu. Ha se hore o batla ho thusa Jesu kapa hona hore o rerile ho etsa boiteko le bo bonyenyane feela ba ho tseba hore na liqoso tsena lia utloahala kapa che. O mpa a le bohelehele ’me o ‘tšepile ho bona pontšo e etsoang ke eena.’ (Luka 23:8) Leha ho le joalo, Jesu ha a etse ho ea kamoo Heroda a lebeletseng. Ha e le hantle, ha Heroda a ntse a hloma Jesu lipotso, Jesu ha a mo arabe. Kahobane ba soetsehile, Heroda le masole a hae ba “nyelisa” Jesu. (Luka 23:​11) Ba mo apesa seaparo se setle ’me baa mo soma. Ha ba qeta ba mo khutlisetsa ho Pilato. Heroda le Pilato ba ne ba sa okhelane mollo, empa joale ba fetoha metsoalle.

Ha Jesu a khutla, Pilato o bitsa baprista ba ka sehloohong, babusi ba Bajuda le batho ba bang ’me o re: “Ke mo hlahlobile ka pel’a lona empa ha kea fumana ho monna enoa lebaka la liqoso tseo le mo qosang ka tsona. Ha e le hantle, le Heroda ha aa ka a le fumana, kaha o ile a mo khutlisetsa ho rona, ’me, bonang! ha aa etsa letho le tšoaneloang ke lefu. Ka hona ke tla mo shapa ’me ke mo lokolle.”​—Luka 23:​14-16.

Pilato o batla ho lokolla Jesu hobane oa bona hore lebaka feela leo baprista ba mo qosang ka lona ke hobane ba le mona. O fumana mabaka a eketsehileng a ho etsa sona seo. Nakong eo a ntseng a lutse setulong sa hae sa boahloli, mosali oa hae o mo romella molaetsa o reng: “Se ke ua ikamahanya ka letho le monna eo ea lokileng, kaha ke utloile bohloko haholo kajeno torong ka lebaka la hae.”​—Matheu 27:19.

Ebe Pilato a ka lokolla monna eo ea se nang molato joang joalokaha a lokela ho etsa?