Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

KHAOLO EA 134

Jesu oa Phela!

Jesu oa Phela!

MATHEU 28:​3-15 MAREKA 16:​5-8 LUKA 24:​4-12 JOHANNE 20:​2-18

  • JESU O TSOSITSOE BAFUNG

  • SE ETSAHALANG LEBITLENG LA JESU

  • O BONAHALA HO BASALI BA ’MALOA

Basali ba tlileng lebitleng la Jesu ba eme le monna oa mateneng ha ba fumana le re u ‘n’u ’nehile’ng?’ Maria Magdalena oa le tipa-tipa o ea ho “Simone Petrose le ho morutuoa e mong, eo Jesu a neng a mo rata” e leng moapostola Johanne. (Johanne 20:2) Khabareng, basali ba setseng ba bona lengeloi. Ka har’a lebitla, ho boetse ho na le lengeloi le leng le apereng “seaparo se selelele sa ka holimo se sesoeu.”​—Mareka 16:5.

Le leng la mangeloi ana le re ho bona: “Le se ke la tšoha, kaha kea tseba hore le batla Jesu ea ileng a khokhotheloa thupeng. Ha a eo mona, kaha o tsositsoe, joalokaha a boletse. Tloong, le bone sebaka seo a neng a robetse ho sona. E-eang kapele ’me le bolelle barutuoa ba hae hore o tsositsoe bafung, ’me, bonang! o le etella pele ho kena Galilea.” (Matheu 28:​5-7) Kahoo, basali bana ba tloha ba matha ba thothomela ba bile ba maketse, ba ea ho barutuoa e le hore ba il’o ba tlalehela lintho tsena.​—Mareka 16:8.

Nakong ena, Maria o se a fumane Petrose le Johanne. A hemesela, o re ho bona: “Ba tlositse Morena ka lebitleng la khopotso, ’me ha re tsebe hore na ba mo behile hokae.” (Johanne 20:2.) Joale Petrose le Johanne ba tloha ba matha. Johanne o lebelo ho feta Petrose kahoo o mo fihlela pele. Leha ho le joalo, ha a kene ka har’a lebitla empa o nyarela feela ’me o bona feela masela a neng a thatetse Jesu.

Ha Petrose a fihla, o itšohlometsa ka hare. O bona masela a line le lesela le neng le thatetse hlooho ea Jesu. Joale Johanne le eena oa kena ’me o lumela seo Maria a se boletseng. Le hoja Jesu a ile a ba bolella hore o tla tsosoa bafung, ha ho le ea mong oa bona ea lemohang hore seo ke sona se etsahetseng. (Matheu 16:​21) Joale ba ea hae hlooho li eme ntsi! Maria eena o sala lebitleng.

Nakong ena, basali ba bang ba ntse ba le tseleng ba il’o bolella barutuoa hore Jesu o tsositsoe bafung. Ha ba le tseleng, ba kopana le Jesu ’me o re ho bona: “Lumelang!” Ba itihela maotong a hae ‘ ’me baa mo inamela.’ Joale Jesu o re ho bona: “Le se ke la tšaba! E-eang, le tlalehele barab’eso, e le hore ba ka tloha ho ea kena Galilea, ’me ba tla mpona moo.”​—Matheu 28:​9, 10.

Pejana ha lefatše le ne le reketla ’me mangeloi a hlaha, masole a neng a le lebitleng a ila a ‘thothomela ’me a e-ba joaloka batho ba shoeleng.’ Ha a hlaphoheloa, a ile a kena motseng ’me a “tlalehela baprista ba ka sehloohong lintho tsohle tse neng li etsahetse.” Joale baprista ba ile ba eletsana le baholo ba Bajuda. Qeto eo ba ileng ba e fihlela ke hore ba fe masole tjotjo e le hore a ka pata ’nete ea se etsahetseng ’me a re: “Barutuoa ba hae ba ile ba tla bosiu ’me ba mo utsoa ha re ntse re robetse.”​—Matheu 28:​4, 11, 13.

Masole a Roma a ka bolaoa haeba a ka robala a le mosebetsing, kahoo baprista ba a tšepisa sena: “Haeba sena [leshano la hore a ne a robetse] se fihla litsebeng tsa ’musisi, re tla mo susumetsa ’me re tla le lokolla matšoenyehong.” (Matheu 28:​14) Masole ana a nka tjotjo ’me a etsa seo baprista ba se kopileng. Kahoo, leshano lena la hore setopo sa Jesu se utsoitsoe lea pharalla har’a Bajuda.

Maria Magdalena o ntse a lla a le lebitleng. Ha a nyarela ka lebitleng, o bona mangeloi ane a mabeli a apereng liaparo tse tšoeu! Le leng la ’ona le lutse ka hloohong moo setopo sa Jesu se neng se robalitsoe, ha le leng le le ka maotong. Joale a botsa Maria a re: “Mosali, u llela’ng?” O araba ka ho re: “Ba tlositse Morena oa ka, ’me ha ke tsebe hore na ba mo behile hokae.” Ha Maria a reteleha, o bona motho e mong. Motho eo o pheta potso eo mangeloi a e botsitseng, o re: “U batla mang?” Maria o nahana hore ke mohlokomeli oa serapa, kahoo o re: “Mohlomphehi, haeba u mo nkile, mpolelle hore na u mo behile hokae, ’me ke tla mo tlosa.”​—Johanne 20:​13-15.

Maria ha a elelloe hore o ntse a bua le Jesu. Leha ho le joalo, ha Jesu a re ho eena, “Maria!” oa hlokomela hore ke Jesu hobane a tloaetse ho bua le eena ka tsela eo. Joale Maria o hoeletsa ka thabo o re: “Rabboni!” (e bolelang, “Mosuoe!”). Leha ho le joalo, kahobane a tšoha hore Jesu o mothating oa ho nyolohela leholimong, oa mo mamarela. Kahoo Jesu o re ho eena: “Khaotsa ho ’mamarela. Etsoe ha ke e-s’o nyolohele ho Ntate. Empa e-ea ho barab’eso ’me u re ho bona, ‘Ke nyolohela ho Ntate le Ntat’a lona le ho Molimo oa ka le Molimo oa lona.’ ”​—Johanne 20:​16, 17.

Maria o mathela moo baapostola le barutuoa ba bang ba leng teng. O re ho bona: “Ke bone Morena!” ’me tlaleho ena e tlatseletsa ho eo basali ba bang ba e phetileng. (Johanne 20:​18) Leha ho le joalo, litlaleho tsena li “bonahala li se na kelello ho bona.”​—Luka 24:​11.