Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

KHAOLO EA 138

Kreste o ka Letsohong le Letona la Molimo

Kreste o ka Letsohong le Letona la Molimo

LIKETSO 7:​56

  • JESU O LULA KA LETSOHONG LE LETONA LA MOLIMO

  • SAULE E E-BA MORUTUOA

  • RE NA LE MABAKA A HO THABA

Matsatsi a leshome ka mor’a hore Jesu a nyolohele leholimong, ho ile ha hlaka hore o fela a le leholimong ha ho ne ho tšolloa moea o halalelang ka letsatsi le Pentekonta. Ho ne ho boetse ho tla ba le bopaki bo eketsehileng ka mor’a nako e seng kae. Nakoana pele morutuoa Setefane a tlepetsoa ka majoe ka lebaka la ho fana ka bopaki ka botšepehi, o ile a re: “Bonang! Ke bona maholimo a bulehile le Mor’a motho a eme ka letsohong le letona la Molimo.”​—Liketso 7:56.

Ha Jesu a se a le leholimong ho Ntate oa hae, o ne a tla lokela ho letela taelo e itseng joalokaha ho profetiloe Lentsoeng la Molimo. Davida o ile a susumetsoa ke moea o halalelang hore a bua mantsoe ana: “Polelo ea Jehova ho Morena oa ka ke hore: ‘Lula ka letsohong la ka le letona ho fihlela ke beha lira tsa hao joaloka setuloana sa maoto a hao.’ ” Ha nako eo ea ho leta e fela, o ne a tla “qala ho busa har’a lira tsa [hae].” (Pesaleme ea 110:​1, 2) Leha ho le joalo, o ne a lokela ho etsa’ng ha a ntse a letetse ho nka bohato khahlanong le lira tsa hae?

Ka Pentekonta ea selemo sa 33, phutheho ea Bokreste e ile ea thehoa. Ka nako eo, Jesu o ile a qala ho busa barutuoa ba hae ba tlotsitsoeng ka moea a le leholimong. (Bakolose 1:​13) O ile a ba tataisa ha ba etsa mosebetsi oa ho ruta a ba a ba hlophela mosebetsi oo ba neng ba tla o etsa nakong e tlang. Ba neng ba tla tšepahala ho isa lefung, hamorao ba ne ba tla tsosetsoa ho tla sebeletsa e le marena le Jesu ’Musong.

Mohlala o ikhethang oa motho ea neng a tla busa e le morena ke Saule, ea neng a tsebahala ka lebitso la hae la Seroma la Pauluse. E ne e le Mojuda ea neng a chesehela Molao oa Molimo, empa o ne a khelositsoe ke baeta-pele ba bolumeli ba Sejuda hoo a ileng a chaella monoana polao ea Setefane. Joale, “a sa ntse a tletse tšokelo le polao khahlanong le barutuoa ba Morena,” Saule o ile a leba Damaseka. O ne a fuoe matla ke Moprista ea Phahameng Kaifase hore a tšoare barutuoa ba Jesu ebe o ba khutlisetsa Jerusalema. (Liketso 7:​58; 9:1) Leha ho le joalo, ha Saule a le tseleng, khanya e matla e ile ea tsekema eaba o oela fatše.

Lentsoe le itlhahelang moeeng feela le ile la mo hoeletsa la re: “Saule, Saule, u ntlhorisetsa’ng?” Joale Saule a botsa a re: “U mang, Morena?” Karabo e ile ea re: “Ke ’na Jesu, eo u mo hlorisang.”​—Liketso 9:​4, 5.

Jesu o ile a joetsa Saule hore a kene Damaseka ’me a letele litaelo tseo a tla li fumana. Leha ho le joalo, o ile a hloka ho tataisoa hore a kene motseng kaha khanya eo ea mohlolo e ile ea mo foufatsa. Ponong e fapaneng, Jesu o ile a hlaha ho e mong oa barutuoa ba hae ba lulang Damaseka ea bitsoang Ananiase. Jesu o ile a joetsa Ananiase hore na a ee kae e le hore a fumane Saule. Qalong Ananiase o ne a le lesisitheho empa Jesu o ile a mo khoba matšoafo ka ho re: “Monna enoa ke sejana se khethiloeng ho ’na hore se jare lebitso la ka ho ea lichabeng hammoho le ho marena le ho bara ba Iseraele.” Saule o ile a phekoloa bofofu ba hae ’me ka mor’a moo a tlola matjato eaba o “qala ho bolela Jesu, hore Enoa ke Mora oa Molimo” a le hona moo Damaseka.​—Liketso 9:​15, 20.

Ka thuso ea Jesu, Pauluse le baevangeli ba bang ba ile ba khona ho tsoela pele ka mosebetsi oa boboleli oo Jesu a o qalileng. Molimo o ile a ba hlohonolofatsa ka ho atlehisa mosebetsi oa bona ka tsela e tsotehang. Ka mor’a lilemo tse ka bang 25 Jesu a hlahile ho Pauluse tseleng e eang Damaseka, Pauluse o ile a ngola hore litaba tse molemo li boletsoe “popong eohle e tlas’a leholimo.”​—Bakolose 1:23.

Lilemo hamorao, Jesu o ile a fa moapostola eo a mo ratang e leng Johanne letoto la lipono tseo re li fumanang bukeng ea Bibele ea Tšenolo. Johanne o ile a phela nako e telele ho lekana hore a bone lipono tsa ha Jesu a khutla ka matla a ’Muso. (Johanne 21:​22) “Ka pululelo,” Johanne o ile a ba “letsatsing la Morena.” (Tšenolo 1:​10) Letsatsi leo le ne le tla fihla neng?

Ha re hlahloba boprofeta ba Bibele ka hloko, rea hlokomela hore ‘letsatsi la Morena’ le qalile mehleng ea morao tjena. Ka 1914, ho ile ha qhoma ntoa eo hona joale e tsebahalang ka hore ke Ntoa ea Pele ea Lefatše. Ho tloha ka nako eo, ho ile ha qhoma lintoa tse eketsehileng, mafu a seoa, tlala, litšisinyeho tsa lefatše le lintho tse ling tseo e leng karolo ea “pontšo” eo Jesu a e fileng baapostola ba hae e supang “ho ba teng” ha hae le ea “qetello.” (Matheu 24:​3, 7, 8, 14) Ho e-na le hore litaba tse molemo li boleloe linaheng tse busoang ke Roma feela, hona joale li boleloa lefatšeng lohle.

Johanne o ile a bululeloa ke moea o halalelang hore a bue tjena: “Joale ho hlahile poloko le matla le ’Muso oa Molimo oa rona le bolaoli ba Kreste oa hae.” (Tšenolo 12:​10) Kannete ’Muso oa Molimo o leholimong oo Jesu a neng a o phatlalatsa ha se tšomo!

Tseo ke litaba tse monate bakeng sa barutuoa bohle ba tšepahalang ba Jesu. Ba ka tebisetsa pelong mantsoe ana a Johanne a reng: “Ka lebaka lena thabang, lona maholimo le lona ba lulang ho ’ona! Ho malimabe lefatše le leoatle, hobane Diabolose o theohetse ho lona, a halefile haholo, a tseba hore o na le nako e khutšoanyane.”​—Tšenolo 12:12.

Sena se bolela hore Jesu ha a sa lutse a letile ka letsohong le letona la Ntate oa hae. O se a busa e le Morena ’me haufinyane o tla felisa lira tsohle tsa hae. (Baheberu 10:​12, 13) Ke lintho life tse thabisang tseo e leng hona re tla li bona li etsahala?