Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

KHAOLO EA 139

Jesu o Tlisa Paradeise ’me o Qetela Mosebetsi oa Hae

Jesu o Tlisa Paradeise ’me o Qetela Mosebetsi oa Hae

1 BAKORINTHE 15:​24-28

  • BOKAMOSO BA LINKU LE LIPOLI

  • BATHO BA BANGATA BA TLA PHELA PARADEISENG LEFATŠENG

  • JESU OA IPAKAHATSA HORE KE TSELA LE ’NETE LE BOPHELO

Nakoana ka mor’a hore Jesu a kolobetsoe, o ile a tobana le sera se neng se ikemiselitse ho mo sitisa le pele a ka qala tšebeletso ea hae. Satane o ile a itekella ka makhetlo-khetlo ho leka Jesu. Hamorao Jesu o ile a re ka Satane: “ ’Musi oa lefatše oa tla, ’me ha ho moo a ntšoarang teng.”​—Johanne 14:30.

Ponong, moapostola Johanne o ile a bona esale pele se neng se tla etsahalla ‘drakone e kholo, noha ea pele, e bitsoang Diabolose le Satane.’ Satane e leng sera seo se sehloho sa batho, o ne a tla lelekoa leholimong, “a halefile haholo, a tseba hore o na le nako e khutšoanyane.” (Tšenolo 12:​9, 12) Bakreste ba na le lebaka le utloahalang la ho lumela hore ba phela nakong eo “e khutšoanyane” le hore haufinyane “drakone, noha ea pele,” e tla koalloa mohohlong moo e ke keng ea khona ho etsa letho ka lilemo tse 1 000 ha Jesu a ntse a busa ’Musong oa Molimo.​—Tšenolo 20:​1, 2.

Ho tla etsahala’ng lefatšeng nakong eo? Ke bo-mang ba tla phela moo le hona ba phela tlas’a maemo afe? Jesu ka boeena o ile a fana ka karabo. Papisong ea hae ea linku le lipoli, o ile a bontša hore na bokamoso e tla ba bofe bakeng sa batho ba tšoanang le linku, ba sebelisanang hantle le bara ba bo Jesu le ba ba etsetsang lintho tse molemo. O ile a boela a hlakisa hore na ho tla etsahala’ng ka batho ba etsang se fapaneng, e leng ba kang lipoli. Jesu o ile a re: “Bana [bao e leng lipoli] ba tla ea phelisong e sa feleng, empa ba lokileng ba ee bophelong bo sa feleng.”​—Matheu 25:46.

Sena se re thusa ho utloisisa seo Jesu a se buileng ho senokoane se neng se fanyehuoe pel’a hae. Jesu ha aa ka a tšepisa monna eo ntho e tšoanang le eo a e tšepisitseng baapostola ba hae ba tšepahalang, e leng ea ho nka karolo ’Musong oa leholimo. Ho e-na le hoo, Jesu o ile a tšepisa moetsalibe eo ea bakileng a re: “Kannete kea u bolella kajeno, U tla ba le ’na Paradeiseng.” (Luka 23:​43) Ka mantsoe ao, monna eo o ile a ba le tšepo ea hore o tla phela serapeng se setle sa Paradeise. Hoa utloahala hore le kajeno batho ba tšoanang le linku ba eang “bophelong bo sa feleng” ba tla phela Paradeiseng eo.

Taba ena e lumellana le tlhaloso eo moapostola Johanne a ileng a fana ka eona ea maemo a tla ba teng lefatšeng ka nako eo. O ile a re: “Tente ea Molimo e ho moloko oa batho, o tla lula le bona, ’me e tla ba batho ba hae. Molimo o tla ba le bona. O tla hlakola meokho eohle mahlong a bona, lefu ha le sa tla hlola le e-ba teng, ’me ho siama kapa ho bokolla kapa bohloko ha li sa tla hlola li e-ba teng. Lintho tsa pele li fetile.”​—Tšenolo 21:​3, 4.

E le hore senokoane seo se tle se phele Paradeiseng, se tla lokela ho tsoha bafung. Leha ho le joalo, ha se sona feela se tla tsoha bafung. Jesu o ile a hlakisa taba ena ha a re: “Hora ea tla eo ka eona bohle ba mabitleng a khopotso ba tla utloa lentsoe la hae ’me ba tsoe, ba entseng lintho tse molemo ba ee tsohong ea bophelo, ba ileng ba tloaela ho etsa lintho tse mpe ba ee tsohong ea kahlolo.”​—Johanne 5:​28, 29.

Leha ho le joalo, ho tla etsahala’ng ka baapostola ba tšepahalang le ba bang ba itseng ba tla ba le Jesu leholimong? Bibele e re: “E tla ba baprista ba Molimo le ba Kreste, ’me ba tla busa le eena e le marena ka lilemo tseo tse sekete.” (Tšenolo 20:6) Batho bana ba tla busa le Kreste e tla be e le banna le basali ba ileng ba phela lefatšeng mona e le batho. Kahoo, ho hlakile hore ba tla khona ho ba le kutloelo-bohloko bakeng sa batho bao ba ba busang lefatšeng.​—Tšenolo 5:10.

Jesu o tla sebelisa sehlabelo sa hae ho batho ba phelang lefatšeng ’me a tlose nyeliso ea sebe se futsitsoeng. Eena le bo-mphato’a hae ba tla etsa hore batho ba tšepahalang ba phethahale. Ka nako eo, batho ba tla thabela ho phela ka tsela eo Molimo a neng a rerile hore ba phele ka eona ha a ne a bolella Adama le Eva hore ba ngatafale ba tlale lefatše. Esita le lefu le bang teng ka lebaka la sebe sa Adama le tla be le felile!

Joale Jesu o tla be a qetile mosebetsi oohle oo Jehova a mo fileng oona. Qetellong ea Puso ea Lilemo tse Sekete, Jesu o tla khutlisetsa marapo a puso ho Ntate oa hae a be a mo fe le lelapa le phethahetseng la batho. Moapostola Pauluse o ile a ngola ka boikokobetso bona bo ikhethang ba Jesu. O ile a re: “Ha lintho tsohle li tla be li behiloe tlas’a hae, joale Mora le eena o tla ipeha tlas’a Ea ileng a beha lintho tsohle tlas’a hae, e le hore Molimo e ka ba lintho tsohle ho e mong le e mong.”​—1 Bakorinthe 15:28.

Ho hlakile hore mosebetsi oo Jesu a o etsang ke oa bohlokoa haholo e le hore merero ea Molimo e hlollang e phethahale. Merero eo e tla ’ne e bonahale esita le ka ho sa feleng ’me ho tla hlaka hore kannete Jesu ke “tsela le ’nete le bophelo” joalokaha a boletse.​—Johanne 14:6.