Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

KHAOLO EA 70

Jesu o Phekola Monna ea Tsoetsoeng a sa Bone

Jesu o Phekola Monna ea Tsoetsoeng a sa Bone

JOHANNE 9:​1-18

  • MONNA OA MOKOPA-KOPA EA TSOETSOENG E LE SEFOFU OA PHEKOLOA

Jesu o ntse a le Jerusalema ka letsatsi la Sabatha. Ha eena le barutuoa ba hae ba ntse ba tsamaea ka har’a motse, ba bona mokopa-kopa ea foufetseng. Barutuoa ba botsa Jesu ba re: “Rabi, ke mang ea entseng sebe, na ke monna enoa kapa batsoali ba hae, hoo a tsoetsoeng a foufetse?”​—Johanne 9:2.

E ka ’na eaba Barutuoa baa ipotsa hore na hoa khoneha hore motho a etse sebe a ntse a le popelong ea ’mè oa hae. Ha Jesu a araba o re: “Ha se monna enoa ea entseng sebe kapa batsoali ba hae, empa e ne e le hore mesebetsi ea Molimo e ka bonahatsoa ho eena.” (Johanne 9:3) Kahoo, ha se molato oa hae kapa oa batsoali ba hae hore ebe o tsoetsoe e le sefofu. Ho e-na le hoo, ka lebaka la sebe sa Adama, batho bohle ba tsoaloa ba sa phethahala ’me ba ka ba le mathata a kang bofofu. Leha ho le joalo, ho se bone hona ha monna enoa ho fa Jesu monyetla oa hore a tlotlise mesebetsi ea Molimo, joalokaha a ile a etsa ka linako tse ling ha a ne a folisa batho ba kulang.

Jesu o hlakisa taba ea hore ho potlakile hore a etse mesebetsi ena. O re: “Re tla etsa mesebetsi ea Ea nthomileng ha e sa ntse e le motšehare, bosiu boa tla ba ha ho se motho ea ka sebetsang. Hafeela ke ntse ke le lefatšeng, ke ’na leseli la lefatše.” (Johanne 9:​4, 5) Haufinyane Jesu o tla shoa, ’me ha a le le lebitleng, ha ho letho leo a tla khona ho le etsa. Leha ho le joalo, pele seo se etsahala, o tla tsoa e ntse e le eena ea chabisetsang batho leseli la ’nete.

Leha ho le joalo, na Jesu o tla folisa monna eo? Haeba ho joalo, o tla mo folisa joang? Jesu o tšoela mathe fatše ’me o etsa seretse ka ’ona. O tlotsa monna eo ka seretse mahlong ’me o re ho eena: “E-ea u itlhatsoe ka letamong la Siloame.” (Johanne 9:7) Monna eo o etsa feela joalo ’me ha a qeta oa bona! U se u ka inahanela feela hore na o ile a thaba hakae ha a khona ho bona ka lekhetlo la pele bophelong ba hae!

Baahisane le batho bohle ba neng ba mo tseba e le sefofu ba hlolletsoe. Baa botsa ba re: “Enoa ke monna ea neng a lula a kopa, na ha ho joalo?” Ha ba bang ba ba araba ba re: “Ke eena enoa.” Leha ho le joalo, ba bang ha ba lumele ’me ba re: “Le hanyenyane, empa [a] tšoana le eena.” Monna enoa ea phekotsoeng oa ba araba o re: “Ke eena.”​—Johanne 9:​8, 9.

Kahoo, baa mo botsa ba re: “Joale, mahlo a hao a bulehile joang?” Ha a ba araba o re: “Monna ea bitsoang Jesu o ile a etsa seretse ’me a se tlotsa mahlong a ka eaba o re ho ’na, ‘E-ea Siloame ’me u itlhatsoe.’ Ka hona ke ile ka ea ’me ka itlhatsoa eaba kea bona.” Baa mo botsa ba re: “Monna eo o hokae?” Ha a ba araba o re: “Ha ke tsebe.”​—Johanne 9:​10-12.

Batho bao ba isa monna enoa ho Bafarisi. Bafarisi ba batla ho tseba hore na ho tlile joang hore ebe o se a bona. Monna eo oa ba phetela o re: “O ile a beha seretse mahlong a ka, eaba kea itlhatsoa ’me kea bona.” U ne u ka ’na oa nahana hore Bafarisi bao ba tla thabela hore ebe monna eo o folisitsoe. Ho e-na le hoo, ba bang ba bona ba nyefola Jesu. Ba re: “Enoa ha se motho ea tsoang ho Molimo, hobane ha a boloke Sabatha.” Ba bang bona ba re: “Ke joang motho oa moetsalibe a ka etsang lipontšo tsa mofuta oo?” (Johanne 9:​15, 16) Ka lebaka leo, ha ba ntsoe-leng.

Kaha joale maikutlo a bona aa hohlana, ba batla hore monna enoa ea phekotsoeng a cho hore na eena o re’ng ka Jesu. Ba re: “U re’ng ka eena, kaha o butse mahlo a hao?” O ba araba ka kholiseho eohle, o re: “Ke moprofeta.”​—Johanne 9:17.

Leha ho le joalo, Bafarisi ha ba lumellane le taba ena. E ka ’na eaba ba nahana hore Jesu le monna enoa ba entse ’momori ka sepheo sa ho qhekella batho. Ba nka hore tsela feela ea ho rarolla qaka ena ke ka ho botsa batsoali ba monna enoa hore na ehlile ke ’nete hore mor’a bona e ne e le sefofu.