Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

KHAOLO EA 69

Na Ntat’a Bona ke Abrahama Kapa ke Diabolose?

Na Ntat’a Bona ke Abrahama Kapa ke Diabolose?

JOHANNE 8:​37-59

  • BAJUDA BA NKA ABRAHAMA E LE NTAT’A BONA

  • JESU O BILE TENG PELE HO ABRAHAMA

Jesu o Moketeng oa Litabernakele (kapa Mokete oa Maphephe) Jerusalema, ’me o ntse a tsoela-pele ho ruta linnete tsa bohlokoa. Bajuda ba leng mona ba sa tsoa re ho eena: “Re bana ba Abrahama ’me le ka mohla ha re e-s’o be makhoba.” Jesu oa ba araba o re: “Kea tseba hore le bana ba Abrahama, empa le batla ho mpolaea, hobane lentsoe la ka ha le hatele pele har’a lona. Lintho tseo ke li boneng ho Ntate kea li bua, ka hona, le lona le etsa lintho tseo le li utloileng ho ntat’a lona.”​—Johanne 8:​33, 37, 38.

Ntlha ea Jesu e bonolo: Ntate oa hae o fapane le oa bona. Kaha Bajuda bana ha ba utloisise seo Jesu a se bolelang, ba boetse ba pheta seo ba se buileng, ba re: “Ntat’a rona ke Abrahama.” (Johanne 8:​39; Esaia 41:8) Ehlile ke litloholo tsa hae. Kahoo, ba nka hore ba rapela Molimo ea tšoanang le eo Abrahama e neng a mo rapela.

Leha ho le joalo, Jesu o fana ka karabo e makatsang o re: ‘Haeba le bana ba Abrahama, le ka be le etsa mesebetsi ea Abrahama.’ Kannete mora o etsisa ntate oa hae. Jesu o tsoela pele ho re: “Empa joale le batla ho mpolaea, ’na motho ea le boleletseng ’nete eo ke e utloileng ho Molimo. Abrahama ha aa ka a etsa sena.” Joale Jesu o bua ntho e makatsang hape, o re: “Le etsa mesebetsi ea ntat’a lona.”​—Johanne 8:​39-41.

Bajuda ba ntse ba sa utloisise hore na Jesu o bua ka mang. Baa tiisa hore ha se bana ba matšeo, ba re: “Ha rea ka ra tsoaloa bohloleng, re na le Ntate a le mong, Molimo.” Leha ho le joalo, na ehlile Molimo ke ntat’a bona? Jesu o re: “Haeba Molimo e ne e le Ntat’a lona, le ka be le nthata, kaha ke tlile ke tsoa ho Molimo ’me ke mona. Hape ho hang ha kea tla e le ho itsoelang ho ’na, empa Eo o nthomile.” Jesu o botsa potso ebile oa ikaraba, o re: “Ke hobane’ng ha le sa tsebe seo ke se buang? Hobane le ke ke la mamela lentsoe la ka.”​—Johanne 8:​41-43.

Jesu o lekile ho ba bontša hore na liphello tsa ho mo latola ke life. A sa hlathe koana le koana o re ho bona: “Le tsoa ho ntat’a lona Diabolose, ’me le lakatsa ho phetha litakatso tsa ntat’a lona.” Ntat’a bona o joang? Jesu o mo hlalosa hantle ha a re: “E ne e le ’molai ha a qala, ’me ha aa ka a ema a tiile ’neteng.” Ho ekelletsa moo Jesu o re: “Ea tsoang ho Molimo o mamela lipolelo tsa Molimo. Ke ka lebaka lena le sa mameleng, hobane ha le tsoe ho Molimo.”​—Johanne 8:​44, 47.

Tsela eo Jesu a nyatsang Bajuda ka eona ea ba halefisa, ’me ba araba ka ho re: “Na ha rea nepa ha re re, ‘U Mosamaria ’me u na le modemona’?” Ba bontša hore ba hloile Jesu ka ho mo bitsa Mosamaria. Leha ho le joalo, Jesu o iphapanyetsa nyeliso eo, ’me o ba araba ka ho re: “Ha ke na modemona, empa ke hlompha Ntate, ’me lona lea ntlhompholla.” Hoa hlaka hore na taba ena e tebile hakae ha Jesu a re: “Haeba leha e le mang a boloka lentsoe la ka, ho hang a ke ke a bona lefu le ka mohla.” Ha a bolele hore baapostola ba hae le bohle ba mo latelang ba ke ke ba shoa. Leha ho le joalo, o bolela hore ba ke ke ba angoa ke “lefu la bobeli,” e leng ho shoa ka ho sa feleng ba se na tšepo ea tsoho.​—Johanne 8:​48-51; Tšenolo 21:8.

Bajuda ha ba utloisise seo Jesu a se bolelang, kahoo ba re: “Joale re hlile rea tseba hore u na le modemona. Abrahama o ile a shoa, le bona baprofeta, empa u re, ‘Haeba leha e le mang a boloka lentsoe la ka, ho hang a ke ke a latsoa lefu le ka mohla.’ Ha u moholo ho ntat’a rona Abrahama, ea ileng a shoa, na ha ho joalo? . . . Uena u ipolela hore u mang?”​—Johanne 8:​52, 53.

Ho hlakile hore Jesu o ne bontša hore ke eena Mesia. Ho e-na le hore a ba bolelle ka ho toba hore na ke mang, o re: “Haeba ke itlotlisa, thoriso ea ka ha se letho. Ke Ntate ea ntlotlisang, eena eo le reng ke Molimo oa lona, leha ho le joalo ha lea mo tseba. Empa ’na kea mo tseba. Hoja ke ile ka re ha ke mo tsebe, ke ne ke tla ba leshano joaloka lona.”​—Johanne 8:​54, 55.

Joale Jesu o bua ka mohlala oa ntat’a bona moholo ea tšepahalang o re: “Ntat’a lona Abrahama o ile a thaba haholo ka tebello ea ho bona letsatsi la ka, ’me o ile a le bona ’me a thaba.” Kaha Abrahama o ne a lumela tšepiso ea Molimo, o ne lebelletse ka tjantjello ho tla ha Mesia. Bajuda ha ba kholoe seo ba se utloang, kahoo ba re: “Ha u e-s’o be lilemo li mashome a mahlano, ’me ho ntse ho le joalo u bone Abrahama?” Jesu o ba araba ka ho re: “Kannete-nete ke re ho lona, ke bile teng pele Abrahama a e-ba teng.” O bua ka nako eo a neng a phela e le lengeloi pele a tla lefatšeng.​—Johanne 8:​56-58.

Bajuda ba rera ho tlepetsa Jesu ka majoe hobane ba halefisitsoe ke hore o re o phetse pele ho Abrahama. Leha ho le joalo, Jesu o tloha moo ba sa mo ntša kotsi.