Feta

Mmuso wa Modimo ke Eng?

Mmuso wa Modimo ke Eng?

Na o ne o ka re ke . . .

  • boikutlo bo ka pelong ya hao?

  • mokgabopuo?

  • mmuso o lehodimong?

SEO BIBELE E SE RUTANG

“Modimo wa lehodimo o tla hloma mmuso o ke keng wa fediswa le ka mohla.”—Daniele 2:44, Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha.

‘Re filwe mora, mmuso o tla dula lehetleng la hae.’ —Esaia 9:6; naletsana.

SEE SE KA BOLELANG HO WENA

  • Mmuso o lokileng o ka o tswelang molemo.—Esaia 48:17, 18.

  • Lefatsheng le letjha le tlang, bophelo e tla ba bo phethahetseng le bo thabisang.—Tshenolo 21:3, 4.

NA RE KA TSHEPA SEO BIBELE E SE BUANG?

Ho jwalo, bonyane ka mabaka a mabedi:

  • Jesu o ile a bontsha hore na Mmuso wa Modimo o tla re etsetsang. Jesu o ile a ruta balatedi ba hae ho rapella Mmuso wa Modimo hore o tle le hore thato ya Modimo e etswe lefatsheng. (Matheu 6:9, 10) Jesu o ile a bontsha hore na thapelo eo e tla arajwa jwang.

    Ha Jesu a sa le lefatsheng, o ile a fepa ba lapileng, a fodisa ba kulang a ba a tsosa le bafu. (Matheu 15:29-38; Johanne 11:38-44) Jwalo ka Morena Mmusong wa Modimo, Jesu o ile a re bontsha selelekela sa seo Mmuso oo o tla se etsetsa batho ba buswang ke wona.—Tshenolo 11:15.

  • Maemo a lefatshe a netefatsa hore Mmuso wa Modimo o tla tla haufinyane. Jesu o ile a bolela esale pele hore nakwana pele Mmuso oo o tlisa kgotso, lefatshe le ne le tla aparelwa ke tlala, dintwa le ditshisinyeho tsa lefatshe.—Matheu 24:3, 7.

    Dintho tseo di a etsahala kajeno. Ka hoo re ka kgodiseha hore haufinyane Mmuso wa Modimo o tla fedisa mathata ao kaofela.

SEO O KA NAHANANG KA SONA

Bophelo bo tla ba jwang tlasa Mmuso wa Modimo?

Bibele e araba potso eo ho PESALEME YA 37:29 le ho ESAIA 65:21-23.