Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ke Hobane’ng ha Molimo a re Bopile?

Ke Hobane’ng ha Molimo a re Bopile?

HANGATA ha re bala kapa re mametse litaba, hohle mona ho buuoa ka lintho tse bohloko tse etsahalang tse kang tlolo ea molao, lintoa le botlokotsebe. Mohlomong hona joale u utloisoa bohloko ke hore oa kula kapa hore motho eo u mo ratang o hlokahetse.

Leka ho nahana ka lipotso tsena:

  • Na Molimo o batla hore ’na le batho bao ke ba ratang re phele tjee?

  • Ke’ng e ka nthusang ho rarolla mathata ao ke nang le oona?

  • Na ho tla ke ho be le khotso?

Bibele e na le likarabelo tsa lipotso tsena.

BIBELE E RUTA HORE MOLIMO O TLA ETSA HORE BOPHELO BO BE MONATE LEFATŠENG.

MOLAETSA OA BIBELE O KA U TSOELA MOLEMO

U ka ’na oa utloa eka litaba tse buuoang bukeng mona ke toro feela. Empa Molimo o tšepisa hore lintho tseo li tla phethahala, ebile Bibele ea hlalosa hore na li tla phethahala joang.

Ha e felle moo. E tsoela pele ho re hlalosetsa hore na re ka etsa’ng hore re thabe. Hona joale re hlaheloa ke lintho tse ngata tse bohloko tse kang ho hloka chelete, mathata a lelapa, ho kula le ho shoeloa. Empa Bibele e ka re thusa le mathateng ana. E ka ba ea boela ea re tšelisa ka ho hlalosa hore na:

Kaha joale u se u ikemiselitse ho ithuta seo Bibele e se rutang, buka ena e tla u thusa haholo. Serapa se seng le se seng se na le lipotso tse tla u thusa ho utloisisa Bibele. Batho ba bangata ba thabela ho ithuta Bibele le Lipaki Tsa Jehova. Re lakatsa eka le uena u ka thabela ho ithuta. Ebile re tšepa hore Molimo o tla u hlohonolofatsa ha u ntse u tsoela pele ho hlokomela hore na Bibele e ruta’ng.