Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

Keng Seo Modimo a se Batlelang Batho?

Keng Seo Modimo a se Batlelang Batho?

HA O bala koranta, o shebella TV kapa o mamela ditaba radiong, o utlwa ho buuwa ka dintho tse mpe tse kang bonokwane, dintwa le bokgukguni. Mohlomong le wena o na le mathata a kang ho kula kapa ho shwelwa ke motho eo o mo ratang.

O ka nna wa ipotsa:

  • Na ke seo Modimo a se batlelang nna le ba lelapa la ka?

  • Keng e ka nthusang ho rarolla mathata a ka?

  • Na ka le leng ho tla ba le kgotso lefatsheng?

Bibele e araba dipotso tseo ka tsela e kgotsofatsang.

BIBELE E RE MODIMO O TLA RE ETSETSA DINTHO TSE NTLE MONA LEFATSHENG.

RUA MOLEMO HO SEO BIBELE E SE RUTANG

O ka nna wa nahana hore dintho tsena tseo o sa tswa di bala maqepheng a qalang a buka ena ke ditoro. Empa Modimo o tshepisitse hore haufinyane o tla etsa diphetoho mona lefatsheng, ebile Bibele e ya hlalosa hore na o tla di etsa jwang.

Bibele e re bolella seo re lokelang ho se tseba e le hore re thabele bophelo hona jwale. A ko nahane ka dintho tse o tshwenyang. Mohlomong o tshwenyehile ka tjhelete, mathata a lelapa, ho kula kapa ho shwelwa ke motho eo o mo ratang. Bibele e ka o thusa ho sebetsana le mathata ana ebile e ka o thusa ho utlwisisa dikarabo tsa dipotso tse latelang:

Taba ya hore o bala buka ena e bontsha hore o batla ho tseba hore na keng seo Bibele e se rutang. Buka ena e tla o thusa. Dirapa tsa buka ena di na le dipotso tse ka o thusang hore o utlwisise Bibele haholwanyane. Batho ba bangata ba ile ba thabela ho ithuta Bibele le Dipaki Tsa Jehova. Re tshepa hore le wena o tla thabela ho etsa jwalo. E se e ka Modimo a ka o hlohonolofatsa ha o ntse o etsa boiteko ba ho tseba hore na Bibele e re rutang!